Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 9D

Boprofeta ba ho Isoa Botlamuoeng le ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete

Boprofeta ba ho Isoa Botlamuoeng le ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete

Boholo ba boprofeta bo buang ka hore Baiseraele ba tla ea botlamuoeng bo ile ba phethahala ka tsela e kholo ha phutheho ea Bokreste e e-ba botlamuoeng Babilona e Moholo. Nahana ka mehlala ena.

1. LITEMOSO

2. BA ISOA BOTLAMUOENG

3. BORAPELI BA ’NETE BOA TSOSOLOSOA

LEKHETLO LA PELE

Pele ho 607 B.C.E.—Esaia, Jeremia le Ezekiele ba ile ba lemosa batho ba Jehova empa bokoenehi bo ile ba ’na ba e-ba teng

Ka 607 B.C.E.—Jerusalema ea felisoa ’me batho ba Molimo ba isoa botlamuoeng Babilona

Ka 537 B.C.E. ho ea pele—Batho ba seng bakae ba tšepahalang ba khutlela Jerusalema, ba tsosolosa tempele le borapeli ba ’nete

BO PHETHAHALA KA TSELA E KHOLO

Mehleng ea baapostola—Jesu, Pauluse le Johanne ba ile ba lemosa phutheho empa bokoenehi bo ile ba ’na ba e-ba teng

Ho tloha ka 100 C.E.—Bakreste ba ’nete ba isoa botlamuoeng Babilona e Moholo

Ka 1919 C.E. ho ea pele—Pusong ea Jesu, batlotsuoa ba tšepahalang ba ile ba bona ha ho lokolloa batho ba Molimo botlamuoeng Babilona e Moholo le ha ho tsosolosoa borapeli ba ’nete