Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 16B

Ho Tšoenyeha le ho Utloa Bohloko, ho Tšoauoa le ho Loana ho Tla Etsahala Neng Hona Joang?

Ho Tšoenyeha le ho Utloa Bohloko, ho Tšoauoa le ho Loana ho Tla Etsahala Neng Hona Joang?

Pono e hlahang khaolong ea 9 ea Ezekiele e phethahala mehleng ena ea rona. Ha re utloisisa hore na lintho li tl’o etsahala joang, ntho eo e tla re thusa hore re se ke ra tšoha ha lefatše lena le felisoa

“Ho tšoenyeha le ho utloa bohloko”

NENG? Mehleng ea bofelo, pele ho mahlomola a maholo

JOANG? Batho ba lokileng ba bontša ka mantsoe le ka liketso hore ba hloile lintho tse mpe tse etsahalang mona lefatšeng. Batho bana ba tšehetsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele, ba sebetsa ka thata hore ba be le botho bo tšoanang le ba Kreste, baa kolobetsoa ho bontša hore ba inehetse ho Jehova ebile ba tšehetsa batlotsuoa

“Ho tšoauoa”

NENG? Nakong ea mahlomola a maholo

JOANG? Monna ea tšoereng lenaka la enke la mongoli o emela Jesu Kreste ha a tla e le Moahloli oa lichaba tsohle. Batho ba bongata bo boholo ba tla tšoauoa e le linku, e leng se bontšang hore ba tla pholoha Armagedone

“Ho loana”

NENG? Ka Armagedone

JOANG? Jesu Kreste le mangeloi a hae a leholimong, a akareletsang babusi-’moho le eena ba 144 000, ba tla felisa lefatše lena le khopo ’me ba pholose barapeli ba ’nete hore ba kene lefatšeng le lecha