Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kopano e ikhethang e ileng ea tšoaroa ka 1919 e ile ea fana ka bopaki ba hore batho ba Molimo ba fela ba lokolotsoe Babilona e Moholo

LEBOKOSE LA 9B

Hobane’ng re re 1919?

Hobane’ng re re 1919?

Ke hobane’ng ha re re batho ba Molimo ba ile ba lokolloa Babilona e Moholo ka 1919? Boprofeta ba Bibele le histori li re thusa hore re fihlele qeto eo.

Boprofeta ba Bibele le histori lia bontša hore Jesu e bile Morena leholimong ka 1914, e leng ntho e neng e bontša hore bofelo ba lefatše lena la Satane bo qalile. Jesu o ile a etsa’ng ha e se e le Morena? Na o ile a lokolla balateli ba hae Babilona e Moholo hang-hang? Na o ile a khetha “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” ka 1914 le ho qala mosebetsi o moholo oa kotulo?—Mat. 24:45.

Che. U hopole hore moea o halalelang o ile oa susumelletsa moapostola Petrose hore a ngole hore kahlolo “e tla qala ka ba ntlo ea Molimo.” (1 Pet. 4:17) Ka tsela e tšoanang, moprofeta Malakia o ile a profeta hore ho na le nako eo ka eona Jehova a tla tla tempeleng ea hae a felehelitsoe ke “moromuoa oa selekane,” e leng Mora oa Molimo. (Mal. 3:1-5) E ne e le nako eo ka eona balateli ba Kreste ba neng ba tla hlaheloa ke maemo a boima hape ba ne ba tla hloekisoa. Na histori e lumellana le boprofeta boo?

Ho joalo. Ho tloha ka 1914 ho ea maqalong a 1919, Liithuti Tsa Bibele e leng tsela eo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa ka eona ka nako eo, li ile tsa thulana le maemo a boima hape li ile tsa hloekisoa. Batho ba Molimo ba bangata ba ile ba soetseha ha ba bona bofelo bo sa fihle ka 1914 joalokaha ba ne ba lebeletse. Ba ile ba soetseha le ho feta ka 1916 ha Mor’abo rona Charles T. Russell ea neng a etella batho ba Molimo pele ka nako eo a hlokahala. Batho ba bang ba neng ba rata Mor’abo rona  Russell ho feta tekano ba ile ba hana ho mamela mor’abo rona Joseph F. Rutherford ea ileng a etella batho ba Molimo pele ka mor’a hore mor’abo rona Russell a hlokahale. Ho ile ha e-ba le maquloana hoo mokhatlo o ileng oa batla o aroha ka 1917. Ka 1918, Mor’abo rona  Rutherford le metsoalle ea hae e supileng ba ile ba qosoa, ba ahloloa le ho isoa teronkong empa ba ne ba se molato ’me ho bonahala eka e ne e le ka tšusumetso ea baruti. Ntlo-kholo e neng e le Brooklyn e ile ea koaloa. Ho hlakile hore batho ba Molimo ba ne ba e-s’o ka ba lokolloa Babilona e Moholo.

Leha ho le joalo, ho ile ha etsahala’ng ka 1919? Lintho li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo. Maqalong a selemo seo, Mor’abo rona Rutherford le metsoalle ea hae ba ile ba lokolloa teronkong eaba ba qalella mosebetsi hang-hang. Ka mor’a nako e sa feliseng pelo, ba ile ba rera ho tšoara kopano e ikhethang ’me sengoloa sa The Golden Age, (seo hona joale se tsejoang e le Tsoha!) se ne se tl’o lokolloa. Sengoloa sena se ne se tla sebelisoa matšolong a ho ruta batho Bibele a neng a tla etsoa phatlalatsa. Ho ekelletsa moo, phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ho ile ha khethoa molebeli ea neng a tla hlophisa le ho etella phutheho pele mosebetsing oo. Selemong sona seo, ho ile ha lokolloa sengoloa se bitsoang Bulletin (eo hona joale e tsejoang e le Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona) e neng e tla thusa ho hlophisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele.

Lintho tsee li bontša’ng? Ho hlakile hore Kreste o ne a lokolotse batho ba hae ho Babilona e Moholo. O ne a khethile mohlanka oa hae ea tšepahalang le ea bohlale. Mosebetsi oa ho kotula o ne o se o ntse o qalile. Esale mosebetsi oo o etsoa ka sekhahla ho tloha ka selemo seo sa bohlokoa sa 1919.