Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 19A

Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova

Linoka Tse Tlisang Litlhohonolofatso Tse Tsoang ho Jehova

A re bueng ka litemana tsa Bibele tse sebelisang mantsoe “noka” le “metsi” ha li bua ka litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova. Ha re bala litemana tsena kaofela, rea khothala ha re hlokomela kamoo Jehova a re hlohonolofatsang kateng. Joang?

JOELE 3:18 Boprofeta bona bo re ho tla ba le seliba tempeleng. Se tla nosetsa “Khohlo ea Lifate Tsa Leoka” e omeletseng. Kahoo, Joele le Ezekiele ka bobeli ba bona noka e tlisang bophelo sebakeng se omeletseng. Boprofeteng ba Joele le ba Ezekiele, noka e hlaha e tsoa ntlong ea Jehova kapa tempeleng.

ZAKARIA 14:8 Moprofeta Zakaria o bona “metsi a phelisang” a phallang a tsoa motseng oa Jerusalema. Halofo e ’ngoe ea metsi e ea leoatleng le ka bochabela kapa Leoatleng le Shoeleng ’me halofo e ’ngoe e ea leoatleng le ka bophirimela kapa Leoatleng la Mediterranean. Jerusalema e ne e le “motse oa Morena e moholo” e leng Jehova Molimo. (Mat. 5:35) Ha Zakaria a bua ka motse oo o re hopotsa hore Jehova ke eena ea tl’o busa lefatše lohle nakong e tlang. Pele re ne re utloisisa hore metsi ao ho buuoang ka oona boprofeteng bona a bolela hore Jehova o tla hlohonolofatsa lihlopha tse peli tsa batho ba tšepahalang Paradeiseng, e leng batho ba tla pholoha mahlomola a maholo le ba tla tsosoa ka mor’a moo.

TŠENOLO 22:1, 2 Moapostola Johanne o bona noka ea tšoantšetso e batlileng e tšoana le eo Ezekiele a e boneng. Empa eona e tsoa teroneng ea Jehova eseng tempeleng. Joaloka ponong ea Zakaria, pono ena le eona e hatisa ntlha ea hore Jehova o tl’o hlohonolofatsa batho ha ’Muso oa hae o se o busa nakong ea Lilemo Tse Sekete.

Ho na le phapang e nyenyane pakeng tsa litlhohonolofatso tse tlisoang ke puso ea Jehova le tse tšoantšetsoang ke noka eo Ezekiele a e boneng ponong. Litlhohonolofatso tsena kaofela li tsoa ho Jehova ’me o li fa batho bohle ba tšepahalang.

PESALEME EA 46:4 Hlokomela hore temana ena e bua ka lintho tse peli e leng borapeli le puso. Mona ho buuoa ka noka e thabisang “motse oa Molimo” e bolelang ’Muso le puso hammoho le “tabernakele e kholo e halalelang ea ea Phahameng ka ho Fetisisa,” e leng borapeli ba ’nete.

Mangolo ana kaofela a etsa hore re kholisehe hore Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tšepahalang ka litsela tse peli. ’Muso oa Molimo le lintho tseo a re etselitseng tsona tse re thusang hore re mo rapele ka tsela eo a e amohelang li tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. A re ikemisetseng ho lula re batla “metsi a bophelo” e leng lintho tseo Jehova Molimo le Mora oa hae ba re fang tsona, tse re thusang hore re tle re fumane bophelo bo sa feleng.—Jer. 2:13; Joh. 4:10.