Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 7B

Lipoleloana Tse Sebelisitsoeng Haholo Bukeng ea Ezekiele

Lipoleloana Tse Sebelisitsoeng Haholo Bukeng ea Ezekiele

“Mor’a Motho”

E HLAHA KA MAKHETLO A FETANG 90

Ezekiele o bitsoa “mor’a motho” ka makhetlo a fetang 90. (Ezek. 2:1) E ne e le tsela eo Jehova a mo hopotsang ka eona hore le hoja a fuoe mesebetsi e meholo, e ntse e le motho feela joaloka ba bang. Ka tsela e tšoanang, ka likosepeleng Jesu o bitsoa “Mor’a motho” ka makhetlo a 80 e le ho bontša hore e ne e se lengeloi le ikentseng motho empa e ne e hlile e le motho.—Mat. 8:20.

“. . . Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”

E HLAHA KA MAKHETLO A FETANG 50

Mantsoe a buuoang ke Molimo a reng batho ba “tla tseba hore ke ’na Jehova” a hlaha ka makhetlo a fetang 50 bukeng ea Ezekiele. Mantsoe ao aa bontša hore Jehova ke eena feela ea lokelang ho rapeloa.—Ezek. 6:7.

“Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle”

E HLAHA KA MAKHETLO A 210

Poleloana e reng “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle” e hlaha ka makhetlo a 210 bukeng ea Ezekiele e le ho etsa hore lebitso la Jehova le tsebahale le ho bontša hore Jehova o phahametse lintho tsohle.—Ezek. 2:4.