Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 10B

Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Lipaki Tse Peli’ bo Amana Joang?

Boprofeta ba “Masapo a Omeletseng” le ‘Lipaki Tse Peli’ bo Amana Joang?

KA SELEMO sa 1919, ho ile ha phethahala boprofeta ba “masapo a omeletseng” le ba ‘lipaki tse peli.’ Boprofeta ba “masapo a omeletseng” bo bua ka nako e telele (e ileng ea e-ba lilemo tse makholo) e neng e tla fela ha sehlopha se seholo sa batho ba Molimo se phela. (Ezek. 37:2-4; Tšen. 11:1-3, 7-13) Boprofeta bo buang ka ‘lipaki tse peli’ bona bo hlalosa nako e khutšoanyane e ileng ea fela ha sehlopha se senyenyane sa bahlanka ba Molimo se phela (boprofeta bona bo ile ba phethahala qetellong ea selemo sa 1914 ho fihlela maqalong a 1919). Boprofeta bona ka bobeli bo tšoantšetsa tsoho ’me bo ile ba phethahala mehleng ena ea rona ka 1919 ha Jehova a etsa hore bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ‘ba eme ka maoto,’ ba tsoe botlamuoeng Babilona e Moholo le hore ba bokelloe phuthehong e tsosolositsoeng.—Ezek. 37:10.

Hlokomela hore ho na le ntho ea bohlokoa e etsang hore boprofeta ba “masapo a omeletseng” le ba ‘lipaki tse peli’ bo fapane. Boprofeta ba “masapo a omeletseng” bo bua ka ho phela ha Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ntseng ba le lefatšeng. Boprofeta ba ‘lipaki tse peli’ bona bo bua ka ho phela ha Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba neng ba le lefatšeng ba etella pele mokhatlo e le “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale.”—Mat. 24:45; Tšen. 11:6. a

‘Thota . . . e Tletseng Masapo’—Ezek. 37:1

  1. KA MOR’A 100 C.E.

    Ho tloha ka selemo sa 100 C.E. ho ea pele ha phutheho ea Bokreste e ne e bolailoe ka tsela ea tšoantšetso, ‘thota’ e ile ea tlala “masapo”

  2. MAQALONG A 1919

    1919: “Masapo a omeletseng” a ile a phela ha Jehova a etsa hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoe Babilona e Moholo ’me ba bokelloe phuthehong e tsosolositsoeng

‘Lipaki Tse Peli’—Tšen. 11:3

  1. QETELLONG EA 1914

    ba ruta ba “tenne lesela le hoashang”

    1914: ‘Lipaki tse peli’ li ile tsa ruta batho Bibele lilemo tse tharo le halofo li “tenne lesela le hoashang.” Ha nako eo e fela, li ile tsa bolaoa ka tsela ea tšoantšetso

  2. lefu la tšoantšetso

  3. MAQALONG A 1919

    1919: ‘Lipaki tse peli’ li ile tsa phela ha sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng se khethoa hore se etelle pele mokhatlo e le “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale”

a Sheba Molula-Qhooa oa March 2016 sehloohong se reng “Lipotso Tse Tsoang ho Babali.”