Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA  15A

Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

Matekatse ao e Leng Bana ba Motho

Ho Ezekiele khaolo ea 23, ho buuoa ka kahlolo e bohloko eo batho ba Molimo ba e fumanang ka lebaka la ho se tšepahale. Khaolo ena e tšoana haholo le khaolo ea 16. Le ho khaolo ea 23 Jehova o etsa mohlala ka basali ba matekatse bao e leng bana ba motho. Jerusalema ho thoe ke mosali e monyenyane ’me Samaria ke mosali e moholo. Likhaolo tseo ka bobeli li bontša kamoo mosali e monyenyane a ileng a latela ausi oa hae ka ho etsa botekatse a ba a etsa lintho tse mpe le boitšoaro bo bobe ho feta ausi oa hae. Khaolong ea 23, Jehova o reha basali bana ba babeli mabitso: Lebitso la mosali e moholo ke Ohola e leng Samaria motse-moholo oa ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome. Lebitso la mosali e monyenyane ke Oholiba e leng Jerusalema motse-moholo oa Juda. aEzek. 23:1-4.

Likhaolo tsena tse peli li na le lintho tse ling tseo li tšoanang ka tsona. Tse ka sehloohong ke tsena: Matekatse ao a qala e le basali ba Jehova ebe hamorao aa mo fetohela. Empa ho na le tšepo. Khaolo ea 23 ha e bue hakaalo ka tšepo ea hore a tla fetoha empa e tšoana le khaolo ea 16 ha Jehova a re: “Ke tla felisa boitšoaro ba hao bo bobe le botekatse ba hao.”—Ezek. 16:16, 20, 21, 37, 38, 41, 42; 23:4, 11, 22, 23, 27, 37.

Na ba Tšoantšetsa Bolumeli ba Bohata?

Nakong e fetileng, lingoloa tsa rona li ne li re Ohola le Oholiba ba tšoantšetsa bolumeli ba bohata e leng kereke ea K’hatholike le ea Maprostanta. Leha ho le joalo, ka mor’a hore re rapele le ho etsa lipatlisiso, re ile ra ipotsa lipotso tse ngata. Na bolumeli ba bohata e kile ea e-ba mosali oa Jehova oa tšoantšetso? Na o kile a etsa selekane le eena? Ho hang. Bolumeli ba bohata bo ne bo e-s’o ka bo e-ba teng ha Jesu a etsa “selekane se secha” le Bakreste ba batlotsuoa ebile bolumeli ba bohata ha e e-s’o ka e e-ba karolo ea batlotsuoa bao. (Jer. 31:31; Luka 22:20) Bolumeli ba bohata bo bile teng ka mor’a hore baapostola ba hlokahale. Bolumeli ba bohata bo bile teng lilemong tsa bo-300 e le bakoenehi ba tšoantšetsoang ke “mofoka” boprofeteng ba Jesu bo buang ka koro le mofoka.—Mat. 13:24-30.

Phapang e ’ngoe e teng pakeng tsa Ohola le Oholiba le bolumeli ba bohata ke ena: Jehova o ne a e-na le tšepo ea hore batho ba Jerusalema le ba Samaria ba sa tšepahaleng ba tla fetoha. (Ezek. 16:41, 42, 53-55) Na Bibele e re Molimo o na le tšepo e tšoanang ka bolumeli ba bohata? Che! Bolumeli bona ba bohata e leng Babilona e Moholo ha bo na tšepo ho hang.

Kahoo, Ohola le Oholiba ha ba tšoantšetse bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, basali bana ba re thusa ho utloisisa ntho e ’ngoe ea bohlokoa: E leng hore na Jehova o ikutloa joang ka batho ba senyang lebitso la hae le halalelang le ba sa mo rapeleng ka tsela eo a e amohelang. Bolumeli ba bohata bo na le molato o moholo tabeng ena hobane likereke tsa bona tse ngata li re li emela Molimo oa ’nete. Hape li re Jesu Kreste Mora oa Jehova eo a mo ratang ke moeta-pele oa tsona. Empa batho ba likereke baa bontša hore taba eo ha se ’nete ka hore ba re Jesu ke karolo ea boraro bo teroneng le ka ho se mamele taelo ea hae e hlakileng ea hore ba se ke ba e-ba “ba lefatše.” (Joh. 15:19) Kaha bolumeli ba bohata bo tsoela pele ho rapela litšoantšo le ho kenella lipolotiking boa bontša hore ke karolo ea “letekatse le leholo.” (Tšen. 17:1) Joang kapa joang bolumeli ba bohata bo lokela ho felisoa.

a Mabitso ana ke a bohlokoa. Ohola e bolela “Tente ea Hae [ea Borapeli].” Ho hlakile hore mona ho buuoa ka tsela eo Iseraele e ileng ea iketsetsa libaka tsa eona tsa borapeli ho e-na le ho sebelisa tempele ea Jehova e Jerusalema. Oholiba eona e bolela “Tente ea ka [ea Borapeli] e ho Eena.” Tempele ea Jehova e ne e le Jerusalema.