Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 20A

Naha ea Aroloa

Naha ea Aroloa

Tsela e hlakileng eo meeli e neng e tl’o aroloa ka eona e ile ea kholisa Bajuda ba botlamuoeng hore ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. Kajeno re ka ithuta’ng ponong ee? Nahana ka likarolo tse peli tsa pono ena:

Sebaka le mosebetsi oa bohlokoa

Batho bohle ba khutlileng botlamuoeng ba ne ba tla fumana lefa la naha Naheng e Tšepisitsoeng. Le kajeno, bahlanka bohle ba Jehova ba na le sebaka ka mokhatlong oa hae. Ho sa tsotellehe hore na u etsa mosebetsi ofe ka mokhatlong oa Molimo, u ka kholiseha hore Molimo oa u bona ebile o ananela mosebetsi oa hao haholo. Jehova o nka bahlanka bohle ba hae e le ba bohlokoa.

Naha e aroloa ka ho lekana

Ponong ea Ezekiele, motho e mong le e mong ea neng a tla phela Naheng e Tšepisitsoeng o ne a tla fuoa sebaka se mo lekaneng. Le kajeno, Jehova o file bahlanka bohle ba hae lintho tse ba thusang ho matlafatsa tumelo ea bona le hore ba thabele litlhohonolofatso tseo a ba fang tsona ha ba ntse ba mo sebeletsa.