Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 19B

Nokana e ba Noka e Kholo!

Nokana e ba Noka e Kholo!

Ezekiele o bona nokana e tsoa ntlong ea Jehova ’me ka mohlolo ha e ntse e ea pele e ba noka e tebileng. Lebopong la noka, o bona sefate se seholo se nang le litholoana tse nang le phepo e ntle le tse folisang. Lintho tsee kaofela li bolela’ng?

Noka Ena e Tlisa Litlhohonolofatso

MEHLENG EA KHALE: Ha Bajuda ba neng ba le botlamuoeng ba khutlela naheng ea bona, Molimo o ile a ba hlohonolofatsa hobane ba ile ba nka karolo ho tsosolosa borapeli ba ’nete tempeleng

MEHLENG ENA: Ka selemo sa 1919 borapeli ba ’nete bo ile ba tsosolosoa ’me Molimo o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka hore a ba fe lintho tseo ba li hlokang e le hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang

NAKONG E TLANG: Ka mor’a Armagedone, Jehova o tla re hlohonolofatsa ka litsela tse ngata, joaloka ho re thusa hore re be batho ba phethahetseng le ho re ruta lintho tse ncha

Metsi a Fanang ka Bophelo

MEHLENG EA KHALE: Ha batho ba Jehova ba mo mamelang ba ntse ba eketseha, o ile a ’na a ba hlohonolofatsa, a ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang

MEHLENG ENA: Ha batho ba sebeletsang Jehova ba ntse ba eketseha, lithuto tse ka Bibeleng tse ba rutang ka Jehova li ba thusa hore ba mo sebeletse ka tsela eo a e amohelang hammoho le bahlanka ba hae ba bang

NAKONG E TLANG: Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba tla pholoha Armagedone le ba limilione ba tla tsosoa

Lifate Tse Nang le Litholoana le Tse Folisang

MEHLENG EA KHALE: Jehova o ile a ruta batho ba hae lithuto tsa ’nete a ba a etsa hore ba khone ho mo sebeletsa ka tsela eo a e amohelang. O ile a boela a ba thusa hore ba tlohele ho rapela litšoantšo kapa ntho leha e le efe e amanang le borapeli ba bohata

MEHLENG ENA: Lithuto tsa Bibele li thusa batho ba Molimo hore ba lule ba tšepahala, ba qobe ho etsa libe tse tebileng le hore ba se ke ba nahana joaloka batho ba sa sebeletseng Jehova

NAKONG E TLANG: Kreste le batlotsuoa ba 144 000 ba tl’o busa le eena ba tl’o thusa batho bohle ba mamelang hore ba phethahale le hore ba phele hantle ’meleng ka ho sa feleng!