Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LEBOKOSE LA 14A

Re Ithuta’ng Ponong ea Ezekiele ea Tempele?

Re Ithuta’ng Ponong ea Ezekiele ea Tempele?

Borapeli ba ’Nete Boa Hlomphuoa Ebile bo Sirelelitsoe

Tempele e ponong ea Ezekiele e “thabeng e phahameng haholo” (1). Na borapeli ba ’nete re bo nka e le ba bohlokoa ka ho etsa hore e be bona bo tlang pele bophelong ba rona?

Lerako (2) le pota-potileng tempele e bohareng ba lebala le leholo (3) le re hopotsa hore ha rea lokela ho etsa lintho tse mpe tse tla etsa hore Jehova a se ke a amohela borapeli ba rona. Haeba lintho tse “sa halaleleng” li ne li lokela ho ba hole le borapeli ba ’nete, seo se bolela hore ke habohlokoa le ho feta hore motho ea rapelang Jehova a qobe boitšoaro bo bobe.—Ezek. 42:20.

Litlhohonolofatso Tse ke Keng Tsa Fela

Nokana e tsoa sehalalelong sa tempele. E ba kholo ha e ntse e phalla ebile e fana ka bophelo ’me e etsa hore naha e be le mobu o nonneng (4). Re tla ithuta ka litlhohonolofatso tsena Khaolong ea 19 ea buka ena.

Kaofela ha Rona re Mamela Melao e Tšoanang

Likeiti tse phahameng tse ka ntle (5) le tse ka hare (9) li re hopotsa hore Jehova o batla hore batho bohle ba mo rapelang ba mamele melao ea hae e phahameng ea boitšoaro. Hlokomela hore likeiti tse ka ntle le tse ka hare lia tšoana ebile lia lekana. Taba ena ea utloahala hobane Jehova o file bahlanka bohle ba hae melao e tšoanang, ho sa tsotellehe hore na ba etsa mosebetsi ofe mokhatlong oa hae.

Ho Jella Tafoleng ea Jehova

Likamore tseo ho jelloang ho tsona (8) li re hopotsa hore mehleng ea khale batho ba ne ba lula hammoho ’me ba ja tse ling tsa lijo tseo ba entseng mahlabelo ka tsona tempeleng. Ha ba etsa joalo e ne eka ba ja le Jehova. Tsela eo Bakreste ba rapelang ka eona tempeleng ea tšoantšetso kajeno e fapane hobane ho se ho fanoe ka “sehlabelo se le seng.” (Baheb. 10:12) Leha ho le joalo, re ntse re fana ka mahlabelo a rorisang Molimo.—Baheb. 13:15.

Morero oa Molimo o Tla Phethahala

Litekanyo tsohle tse hlahang ponong ena li ka ’na tsa bonahala li le ngata haholo empa li re ruta ntho ena ea bohlokoa: Lia re kholisa hore morero oa Jehova oa ho tsosolosa borapeli ba ’nete o ke ke oa fetoha feela joalokaha litekanyo tsa tempele li ne li nepahetse ebile li sa fetohe. Le hoja ho se na moo Ezekiele a reng o bone batho ponong ea hae, o ngotse mantsoe a Jehova a khalemelang baprista, likhosana le sechaba. Bahlanka bohle ba Molimo ba lokela ho mamela melao ea hae e lokileng.