LEBOKOSE LA 2A
Utloisisa Boprofeta ba Ezekiele
BOPROFETA KE ENG?
Ka Bibeleng, lentsoe la Seheberu na·vaʼʹ, le bolelang “ho profeta” le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka molaetsa, kahlolo, thuto kapa taelo e tsoang ho Molimo. Le ka boela la bolela ho phatlalatsa ntho eo e leng hona e tla etsahala. Boprofeta ba Ezekiele bo akarelelitse lintho tsohle tse hlalositsoeng ka holimo.—Ezek. 3:10, 11; 11:4-8; 14:6, 7; 37:9, 10; 38:1-4.
MEKHOA EA HO FETISA BOPROFETA
-
LIPONO
-
MEHLALA
-
LITŠOANTŠISO
Ka bukeng ea Ezekiele ho na le lipono, mehlala, lipapiso le litšoantšiso tsa melaetsa ea boprofeta.
PHETHAHATSO
Ka linako tse ling boprofeta ba Ezekiele ha bo phethahale hanngoe feela. Ka mohlala, boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo ile ba phethahala ha batho ba Molimo ba khutlela Naheng e Tšepisitsoeng. Empa Khaolong ea 9 ea buka ena, re tla ithuta hore boprofeta boo bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boa phethahala mehleng ena ebile bo tla boela bo phethahale hape le ka moso.
Nakong e fetileng, re ne re nka hore likarolo tse ’maloa tsa boprofeta ba Ezekiele li emela ntho e ’ngoe e kholoanyane e tla phethahala le ka moso. Leha ho le joalo, bukeng ena ha ho na moo ho thoeng motho, ntho, sebaka kapa ketsahalo e hlahang boprofeteng e emela ntho e itseng e etsahalang hona joale kapa e tla etsahala ka tsela e kholoanyane nakong e tlang ntle le haeba ho e-na le lebaka le utloahalang le hlahang ka Mangolong la hore re lumele seo. a Ho e-na le hoo, buka ena e tl’o bua haholo ka ho phethahala ha litaba tse ngata tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele. Hape e tl’o bua ka hore na re ithuta’ng melaetseng ea Ezekiele le hore na re ithuta’ng ka batho, libaka le liketsahalo tseo a buileng ka tsona.
a Bala Molula-Qhooa oa March 15, 2015, leq. 9-10, ser. 7-12 le “Lipotso Tse Tsoang ho Babali,” leq. 17-18 la Molula-Qhooa o tšoanang e le hore u ithute ka boprofeta bo tla phethahala ka tsela e kholoanyane.