Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 4

‘Mangeloi a Nang le Lifahleho Tse ’nè’ ke Bo-mang?

‘Mangeloi a Nang le Lifahleho Tse ’nè’ ke Bo-mang?

EZEKIELE 1:15

NTLHA-KHOLO: Seo pono ea mangeloi a mane e re rutang sona

1, 2. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a ne a sebelisa lipono le litoro ho bolella bahlanka ba hae ba lefatšeng lintho tse ling?

 NAHANA ka lelapa le nang le bana ba banyenyane le lutse tafoleng le ntse le ithuta Bibele. Ntate oa bona o ba bontša litšoantšo tse ba thusang ho utloisisa lengolo leo ba ntseng ba ithuta lona. Bana bana baa thaba hobane ba utloisisa seo ntate oa bona a ntseng a ba ruta sona. Litšoantšo tsena li thusa bana ho utloisisa lithuto tsa Jehova tseo ba neng ba ke ke ba li utloisisa ho latela lilemo tsa bona.

2 a tsela e tšoanang, ntate oa rona Jehova o sebelisitse lipono le litoro ho re thusa ho utloisisa lintho tse leholimong tseo re neng re ke ke ra khona ho li utloisisa. Ka mohlala, Jehova o ile a bontša Ezekiele pono e nang le litšoantšo tse re thusang ho utloisisa hore na Jehova o joang. Re se re ithutile ka setšoantšo se seng khaolong e fetileng. Hona joale a re bueng ka setšoantšo se seng se hlahileng ponong eo, re bone hore na ho se utloisisa ho tla re thusa joang hore re be metsoalle ea Jehova.

“Ka Bona . . . Lintho Tse Kang Mangeloi a Mane”

3. (a) Ho ea ka lengolo la Ezekiele 1:4, 5, Ezekiele o ile a bona’ng ponong? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Ezekiele o sebelisitse lipoleloana tse kang life ho hlalosa lintho tseo a li boneng ponong?

3 Bala Ezekiele 1:4, 5. Ezekiele o hlalosa “lintho tse kang mangeloi” tse nang le litšobotsi tsa mangeloi, batho le liphoofolo. Hlokomela hore na Ezekiele o hlalosa seo a se boneng ka tsela e hlakileng joang. O re o bone “lintho tse kang” mangeloi. Ha u ntse u bala ka pono e khaolong ea pele ea Ezekiele, u tla hlokomela hore hangata moprofeta enoa o sebelisa lipoleloana tse kang “lintho tse kang,” “e ne eka” le “e shebahalang joaloka.” (Ezek. 1:13, 24, 26) Ho hlakile hore Ezekiele o ile a hlokomela hore lintho tseo a li bonang ke litšoantšo tsa lintho tse sa bonahaleng tse leholimong.

4. (a) Pono ee e ile ea etsa hore Ezekiele a ikutloe joang? (b) E ka ’na eaba Ezekiele o ne a tseba’ng ka likerubime?

4 E tlameha ebe Ezekiele o ile a utloa a hloletsoe ke lintho tseo a ileng a li bona le ho li utloa ponong eo. Mangeloi ao a ne a tšoana le “mashala a hlenneng a mollo.” A ne a fofa ka lebelo hoo e neng eka “ho hlaha lehalima.” “Mapheo a ’ona a ne a etsa molumo o kang oa metsi a phallang ka matla.” “Ha a tsamaea, e ne eka molumo oa lebotho.” (Ezek. 1:13, 14, 24-28; sheba lebokose le reng “Ke ne ke ‘Shebile Mangeloi.’”) Ponong e ’ngoe, Ezekiele o ile a hlokomela hore mangeloi ane a mane ke “likerubime” kapa mangeloi a matla. (Ezek. 10:2) Ho ka etsahala hore ebe Ezekiele o ne a tseba hore likerubime li amana le hore Molimo o teng le hore lia mo sebeletsa hobane o holetse lelapeng la boprista.—1 Likron. 28:18; Pes. 18:10.

“Le Leng le le Leng le ne le E-na le Lifahleho Tse ’Nè”

5. (a) Likerubime le lifahleho tsa tsona tse ’nè li bontša joang hore Jehova o matla haholo ebile o hlompheha haholo? (b) Ke hobane’ng ha likerubime tse ’nè li re hopotsa moelelo oa lebitso la Molimo? (Sheba naletsana.)

5 Bala Ezekiele 1:6, 10. Ezekiele o ile a boela a hlokomela hore kerubime ka ’ngoe e na le lifahleho tse ’nè. E ne e e-na le sefahleho sa motho, sa tau, sa poho le sa ntsu. Ha Ezekiele a bona lifahleho tseo tse ’nè, e tlameha ebe o ile a hlokomela hore Jehova o matla haholo ebile o hlompheha haholo ho feta kamoo a neng a nahanne kateng. Re cho joalo hobane sefahleho ka seng e ne e le sa sebopuoa se emelang boholo le matla. Tau ke phoofolo e kholo, poho le eona e kholo ebile e matla athe motho eena o hlompheha ho feta lintho tsohle tseo Molimo a li bopileng lefatšeng ebile o fuoe matla a ho li laola. (Pes. 8:4-6) Leha ho le joalo, ponong ena, Ezekiele o ile a bona hore likerubime tsena tse nang le lifahleho tse ’nè li ka tlas’a terone ea Jehova e leng eena ea nang le matla a ho busa lintho tsohle. Taba ena e bontša hantle hore Jehova a ka sebelisa lintho tseo a li bopileng ho phetha morero oa hae. a Efela mopesaleme o ne a bua ’nete ha a re ka Jehova: “Ke eena ea hlomphehang ka ho fetisisa lefatšeng le leholimong.”—Pes. 148:13.

Likerubime le lifahleho tsa tsona tse ’nè li re ruta’ng ka matla a Jehova, ho hlompheha ha hae le makhabane a hae? (Sheba serapa sa 5 le 13)

6. E ka ’na eaba ke’ng e thusitseng Ezekiele ho utloisisa hore na lifahleho tsena tsa likerubime li emela’ng?

6 Ka mor’a nako ha Ezekiele a se a nahanisisitse ka pono eo a e boneng, e ka ’na eaba o ile a hopola hore bahlanka ba Molimo ba phetseng pele ho eena ba ile ba sebelisa lipapiso tsa liphoofolo. Ka mohlala, Jakobo o ne a ile a tšoantša mora oa hae Juda le tau, Benjamine eena a mo tšoantša le phiri. (Gen. 49:9, 27) Hobane’ng? Hobane tau le phiri li na le makhabane ao Benjamine le Juda ba neng ba tla tsebahala ka ’ona. Kahoo, ha Ezekiele a nahana ka mehlala ena e hlahang mangolong a halalelang ao Moshe a a ngotseng, e ka ’na eaba o ile a nka hore lifahleho tsa likerubime tsane le tsona li emela makhabane a itseng a ikhethang. Ke makhabane afe ao?

Makhabane a Jehova le a Lelapa la Hae le Leholimong

7, 8. Lifahleho tse ’nè tsa likerubime li emela makhabane afe a mane?

7 Bangoli ba Bibele ba phetseng pele ho Ezekiele ba bapisitse tau, ntsu le poho le makhabane afe? Utloa hore na ba itse’ng litemaneng tsena: “Monna ea sebete sa tau.” (2 Sam. 17:10; Liprov. 28:1) ‘Ntsu e fofela holimo’ le “mahlo a eona a khona ho bona hole.” (Jobo 39:27, 29) “Matla a poho a etsa hore ho be le lijo tse ngata.” (Liprov. 14:4) Ho ea ka mangolo ana, sefahleho sa tau e sebete se tšoantšetsa toka, sefahleho sa ntsu se tšoantšetsa bohlale bo bongata ebe sefahleho sa poho sona se tšoantšetsa matla a maholo joalokaha re ee re bone ho ngotsoe lingoloeng tsa rona.

8 Sefahleho “sa motho” sona se emela’ng? (Ezek. 10:14) Se emela ntho eo liphoofolo li ke keng tsa khona ho ba le eona, ke batho feela ba ka bang le eona hobane ba bopiloe ba tšoana le Molimo. (Gen. 1:27) Ntho ena e ikhethang e hlakisitsoe taelong ena ea Molimo e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle” le e reng “u rate motho e mong joalokaha u ithata.” (Deut. 6:5; Lev. 19:18) Ha re mamela litaelo tsena ka hore re rate batho ba bang ka sohle seo re nang le sona, rea bontša hore Jehova le eena o lerato. Le moapostola Johanne o ile a re: “Re bontša lerato hobane Molimo o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:8, 19) Ke kahoo sefahleho “sa motho” se emelang lerato.

9. Makhabane a emeloang ke lifahleho tsa likerubime ke a mang?

9 Makhabane aa ke a mang? Kaha lifahleho tsena ke tsa likerubime, ho hlakile hore makhabane ana ke a lelapa la Jehova le leholimong la mangeloi le emeloang ke likerubime tsena tse ponong. (Tšen. 5:11) Ho feta moo, Jehova ke eena ea bopileng likerubime tsena, e leng hore ke eena mohloli oa makhabane ana. (Pes. 36:9) Ka hona, makhabane a emeloang ke lifahleho tsa likerubime ke a Jehova ka boeena. (Jobo 37:23; Pes. 99:4; Liprov. 2:6; Mik. 7:18) Jehova eena o bontša makhabane aa ka litsela life?

10, 11. Ke melemo efe eo re e fumanang ka lebaka la makhabane a mane a Jehova a maholo?

10 Toka. Kaha Jehova ke Molimo ea ‘ratang toka,’ ha a ‘tšoare motho leha e le ofe ka leeme.’ (Pes. 37:28; Deut. 10:17) Ka lebaka leo, kaofela ha rona re na le monyetla oa ho lula re le bahlanka ba Jehova le ho fumana litlhohonolofatso tse sa feleng ho sa tsotellehe hore na maemo a rona ke afe kapa hore na re tsoa litsong life. Bohlale. Kaha Jehova “o bohlale,” o re file buka e nang le likeletso tse ngata tse “bohlale.” (Jobo 9:4; Liprov. 2:7) Ha re li mamela, re khona ho sebetsana le mathata a re hlahelang letsatsi le letsatsi le ho phela bophelo bo monate. Matla. Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho re fa “matla a sa tloaelehang” hobane ke Molimo ea “matla haholo.” Matla ao a sa tloaelehang a re thusa ho mamella mathata leha e le afe a boima a ka re hlahelang.—Nah. 1:3; 2 Bakor. 4:7; Pes. 46:1.

11 Lerato. Ha ho mohla Jehova a lahlang bahlanka ba hae hobane o “lerato.” (Pes. 103:8; 2 Sam. 22:26) Kahoo, le haeba re se re sa khone ho sebeletsa Jehova haholo joaloka pele hobane re kula kapa re holile, re tšelisoa ke taba ea hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oo re mo etselitseng oona ka lerato. (Baheb. 6:10) Ho hlakile hore ho na le melemo eo re e fumanang hobane Jehova a na le toka, a le bohlale, a le matla ebile a le lerato. Makhabane ana a Jehova a mane a maholo a tla lula a re tsoela molemo le nakong e tlang.

12. Ke’ng eo re lokelang ho lula re e hopola ka lintho tseo re li utloisisang ka makhabane a Jehova?

12 Re lokela ho hopola hore lintho tseo rona batho re li utloisisang ka makhabane a Jehova “ke linyane feela tsa litsela tsa hae.” (Jobo 26:14) “Ha ho motho ea ka utloisisang Ea Matla ’Ohle.” “O moholo ka tsela eo re ke keng ra e utloisisa.” (Jobo 37:23; Pes. 145:3) Makhabane a Jehova a mangata haholo hoo re ke keng ra khona ho a bala kapa ho a beha ka mekhahlelo. (Bala Baroma 11:33, 34.) Pono ena ea Ezekiele ea re bontša hore makhabane a Jehova a mangata hoo re ke keng ra khona ho a bala kapa ho a lekanya. (Pes. 139:17, 18) Ke karolo efe ea pono ea Ezekiele e tiisang taba ee ea bohlokoa?

“Lifahleho Tse ’nè . . . Mapheo a Mane

13, 14. Lifahleho tse ’nè tsa likerubime li emela’ng, hona ke hobane’ng ha re cho joalo?

13 Ponong, Ezekiele o ile a bona hore kerubime ka ’ngoe e na le lifahleho tse ’nè. Taba ee e bontša’ng? Hopola hore ka Lentsoeng la Molimo, palo ’nè e sebelisoa hangata bakeng sa ntho e koetseng kapa e feletseng. (Esa. 11:12; Mat. 24:31; Tšen. 7:1) Ponong ena ka ho khetheha, Ezekiele o sebelisitse palo ’nè ka makhetlo a ka holimo ho 11. (Ezek. 1:5-18) Joale re ka etsa qeto efe? Joalokaha re ithutile hore likerubime tse ’nè li emela mangeloi ’ohle, lifahleho tse ’nè tsa likerubime le tsona ha li kopane kaofela li emela makhabane ’ohle a Jehova. b

14 E le hore u tle u utloisise hore lifahleho tse ’nè tsa likerubime ha li emele makhabane a mane feela a Jehova, e-re re bapise lifahleho tsena le mabili a mane a hlahang ponong ena. Lebili ka leng le leholo empa ha mabili ao a mane a nkoa e le ntho e le ’ngoe, e ba karolo ea bohlokoa ea koloi ea Jehova hobane a e jere. Ha e sa ba mabili a mane a ikemetseng. Ka tsela e tšoanang, ha lifahleho tsena tse ’nè li kopane kaofela, ha li emele makhabane a mane feela a Jehova a ikemetseng. Li emela makhabane ’ohle a Jehova ’me makhabane ao ke karolo ea bohlokoa ea botho ba hae.

Jehova o Rata Bahlanka ba Hae

15. Pono ea pele ea Ezekiele e ile ea mo ruta thuto efe ea bohlokoa?

15 Ponong ena ea pele, Ezekiele o ile a ithuta thuto ea bohlokoa le e khothatsang ka kamano ea hae le Jehova. Thuto ena e hlaha mantsoeng a qalang a ngotsoeng ke moprofeta enoa. Ka mor’a hore Ezekiele a bolele hore o ne a le “naheng ea Bakalde,” o ile a bua ka ntho eo a ileng a e utloa a re: “Ha ke le moo, ka utloa matla a Jehova a le holim’a ka.” (Ezek. 1:3) Hlokomela hore Ezekiele o re o ile a bontšoa pono a le moo Babilona eseng Jerusalema. c Taba ee e ile ea mo ruta’ng? O ile a ithuta hore le haeba a ne a le Babilona ebile a le hole le Jerusalema le tempele, o ne a se hole le Jehova ebile o ne a ntse a ka mo rapela. Taba ea hore Jehova o ile a hlaha ho Ezekiele a le Babilona ea bontša hore borapeli ba ’nete ha bo re na motho o hokae le hore na o boemong bofe. Taba ea bohlokoa e ne e le hore Ezekiele a rate Jehova ka pelo eohle le hore a batle ho mo sebeletsa.

16. (a) Pono ea Ezekiele e ka re tšelisa joang? (b) Ke’ng e etsang hore u sebeletse Jehova ka pelo eohle ea hao?

16 Thuto eo Ezekiele a ileng a ithuta eona e re tšelisa joang? Ea re kholisa hore haeba re sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle, o tla lula a le haufi le rona ho sa tsotellehe hore na re hokae, re nyahame hakae kapa re maemong afe. (Pes. 25:14; Lik. 17:27) Kaha Jehova o rata mohlanka e mong le e mong oa hae, ha a re nyahamele kapele. (Ex. 34:6) Re ka kholiseha hore Molimo o tla lula a re rata. (Pes. 100:5; Bar. 8:35-39) Hape, pono ena e re bontšitse hore Jehova oa halalela le hore o matla haholo, ea re hopotsa hore ke Jehova feela eo re lokelang ho mo rapela. (Tšen. 4:9-11) Kannete re leboha Jehova haholo hore ebe o sebelisitse lipono tse kang ena ho re thusa ho utloisisa lithuto tsa bohlokoa ka eena le ka makhabane a hae. Ho utloisisa makhabane a Jehova haholoanyane ho etsa hore re mo rate le ho feta le hore re mo rorise le ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle le ka matla ’ohle.—Luka 10:27.

Molimo o tla lula a u rata (Sheba serapa sa 16)

17. Re tl’o araba lipotso life likhaolong tse latelang?

17 Ka bomalimabe, mehleng ea Ezekiele borapeli ba ’nete bo ile ba silafatsoa. Ho tlile joang? Jehova o ile a etsa’ng? Liketsahalo tsa mehleng eo li re ama joang mehleng ee? Re tl’o araba lipotso tsena likhaolong tse latelang.

a Tlhaloso ea Ezekiele ea mangeloi ana e re hopotsa lebitso la Molimo e leng Jehova. Lebitso leo le bolela “Ke Tla ba Seo ke Khethang ho ba Sona.” Tlhaloso ea lebitso la hae ea bontša hore a ka sebelisa lintho tseo a li bopileng hore e be eng kapa eng e le ho phethahatsa morero oa hae.—Sheba Ntlha ea A4 Bibeleng ea Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

b Ka lilemo tse ngata, lingoloa tsa rona li ile tsa bua ka makhabane a fapaneng a 50 a Jehova.—Sheba Watch Tower Publications Index tlas’a sehlooho se reng “Jehovah” sehloohoaneng se reng “Qualities by Name.”

c Setsebi se seng sa Bibele se re: “Lentsoe ‘moo’ le bontša kamoo Ezekiele a neng a hloletsoe kateng. . . . Molimo o ne a le moo Babilona. Matšeliso a makaalo!”