Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 17

“Ke Tla u Loantša Uena Gogo”

“Ke Tla u Loantša Uena Gogo”

EZEKIELE 38:3

NTLHA-KHOLO: Khaolong ena ho tl’o hlalosoa hore na “Gogo” ke mang le hore na “naha” eo a e hlaselang ke efe

1, 2. Ke ntoa efe e kholo e tlang ’me ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona ka eona? (Sheba setšoantšo se qalang.)

 LILEMONG tse ngata tse fetileng ho ile ha bolaoa batho ba bangata ka sehloho lefatšeng, haholo-holo ntoeng ea pele le ea bobeli ea lefatše lilemong tsa bo-1900. Empa ntoa e kholo ka ho fetisisa historing e sa tla. Leha ho le joalo, ntoa ena e ke ke ea e-ba lipakeng tsa lichaba tse loantšanang ka lebaka la boithati. Ho e-na le hoo, e tla be e le “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.” (Tšen. 16:14) Ntoa ena e tla qala ka hore sera se seholo sa Molimo se hlasele naha eo Molimo a e ratang. Ntho ena e tla etsa hore Jehova ’Musi oa lintho tsohle a bonahatse matla a hae a maholo ka hore a felise sera sena.

2 Re ka ’na ra ipotsa lipotso tsena tse latelang: Sera see ke mang? Se tla hlasela naha efe? Se tla hlasela naha eo neng, joang hona hobane’ng? Kaha liketsahalo tsena lia re ama rona ba rapelang Jehova ka tsela eo a e amohelang mona lefatšeng, re lokela ho tseba likarabo tsa tsona. Re ka li fumana boprofeteng bo thabisang bo hlahang ho Ezekiele khaolo ea 38 le 39.

Sera ke Gogo oa Magogo

3. Hlalosa lintlha tsa bohlokoa tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele tse buang ka Gogo oa Magogo.

 3 Bala Ezekiele 38:1, 2, 8, 18; 39:4, 11. Lintlha tsa bohlokoa tsa boprofeta bona ke tsena: “Qetellong ka mor’a lilemo tse ngata,” sera se bitsoang “Gogo oa . . . Magogo” se tla hlasela “naha” ea batho ba Molimo. Tlhaselo eo e tla etsa hore Jehova ‘a halefe haholo’ ’me o tla loana a hlole Gogo. a Jehova o tla hlola ’me a fane ka sera sa hae le bohle ba se tšehetsang hore e be “lijo tsa linonyana tsa mefuta eohle tse jang nama le libata tsa naha.” Qetellong, Jehova o tla fa Gogo “sebaka sa lepato.” E le hore re utloisise hore na boprofeta bona bo tl’o phethahala joang haufinyane, re lokela ho qala pele ka ho utloisisa hore na Gogo ke mang.

4. Re ithuta’ng ka Gogo oa Magogo serapeng see?

4 Gogo oa Magogo ke mang? Ho latela tlhaloso ea Ezekiele re ka re Gogo ke sera sa batho ba Molimo. Na Gogo ke Satane, e leng sera se seholo se sa batleng hore Jehova a rapeloe ka tsela e nepahetseng? Lilemong tse ngata tse fetileng lingoloa tsa rona li ne li cho joalo. Leha ho le joalo, kutloisiso ea rona e ile ea ntlafatsoa ha ho ntse ho hlahlojoa boprofeta ba Ezekiele haholoanyane. Molula-Qhooa o ile oa hlalosa hore Gogo oa Magogo ha se lengeloi empa ke sera sa Molimo e leng lichaba tse ikopantseng tse tla loantša barapeli ba ’nete ba Molimo. b Pele re bua ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha re cho joalo, a re qaleng pele ka ho hlahloba lintlha tse peli tse hlahang boprofeteng ba Ezekiele, tse bontšang hore Gogo ha se lengeloi.

5, 6. Boprofeteng ba Ezekiele ke’ng e bontšang hore Gogo oa Magogo ha se lengeloi?

5 “Ke tla fana ka lona hore le be lijo tsa linonyana tsa mefuta eohle tse jang nama.” (Ezek. 39:4) Hangata Bibele e bua ka linonyana tse jang litopo ha e lemosa batho ka kahlolo ea Molimo. Ena ke tsela eo Molimo a neng a lemosa sechaba sa Iseraele le lichaba tse ling ka eona. (Deut. 28:26; Jer. 7:33; Ezek. 29:3, 5) Molimo o ne a sa lemose mangeloi empa o ne a lemosa batho. Taba ena ea utloahala hobane linonyana tse jang nama le libata ho ke ke ha etsahala hore li je mangeloi empa li ja lintho tse lefatšeng. Kahoo, temoso ena e hlahang boprofeteng ba Ezekiele e bontša hore Gogo ha se lengeloi.

6 “Ke tla fa Gogo sebaka sa lepato Iseraele.” (Ezek. 39:11) Ka Bibeleng ha ho na moo ho thoeng mangeloi a kile a pateloa lefatšeng. Ho e-na le hoo, Satane le bademona ba hae ba tla koalloa ka sekoting se tebileng ka lilemo tse 1 000 ’me hamorao ba tla lahleloa ka letšeng la mollo la tšoantšetso, le emelang ho felisoa ka ho sa feleng. (Luka 8:31; Tšen. 20:1-3, 10) Kaha ho thoe Gogo o tl’o fuoa “sebaka sa lepato” lefatšeng, hoa hlaka hore ha se lengeloi.

7, 8. “Morena oa leboea” o tla felisoa neng ’me tsela eo a tla felisoa ka eona e tšoana joang le eo Gogo oa Magogo a tla felisoa ka eona?

7 Haeba Gogo ha se lengeloi, joale ke’ng kapa ke mang sera see se tl’o hlasela barapeli ba ’nete? A re bueng ka lintlha tse peli tsa boprofeta ba Bibele tse tla re thusa ho bona hore na Gogo oa Magogo ke mang.

8 “Morena oa leboea.” (Bala Daniele 11:40-45.) Daniele o ile a bua ka mebuso e matla ea lefatše e neng e tla hlaha ho tloha mehleng ea hae ho fihlela mehleng ea rona. Hape boprofeta bo ile ba bua ka mebuso e neng e tla loanela ho busa lefatše. Lilemong tse makholo tse fetileng ha linaha li ntse li loanela ho busa lefatše, ho ile ha e-ba le mebuso e mengata e ileng ea e-ba “morena oa boroa” le “morena oa leboea.” Ha Daniele a bua ka seo morena oa leboea a neng a tla se etsa “nakong ea bofelo,” o re: “O tla tsoa a halefile haholo hore a e’o felisa ba bangata.” Ha e le hantle, batho bao morena oa leboea a batlang ho ba hlasela ke barapeli ba Jehova. c Empa joaloka Gogo oa Magogo, morena oa leboea “o tla felisoa” ka mor’a hore a hloloe ha a hlasela batho ba Molimo.

9. Ke’ng e tla etsahalla Gogo oa Magogo e tšoanang le e tla etsahalla “marena a lefatše lohle”?

9 “Marena a lefatše lohle.” (Bala Tšenolo 16:14, 16; 17:14; 19:19, 20.) Buka ea Tšenolo e ile ea re “marena a lefatše” a tla hlasela “Morena oa marena,” e leng Jesu ea leholimong. Empa kaha marena ana a ke ke a khona ho fihla leholimong, a tla hlasela batho ba tšehetsang ’Muso oa Molimo mona lefatšeng. Marena a lefatše a tla hloloa ka ntoa ea Armagedone. Hlokomela hore a tla felisoa ka mor’a hore a hlasele batho ba Jehova. Ho tla etsahala ntho e tšoanang le ka Gogo oa Magogo. d

10. Gogo oa Magogo ke mang?

10 Ka mor’a lintlha tseo re buileng ka tsona, re ka re Gogo ke mang? Ntlha ea pele ke hore Gogo ha se lengeloi. Ntlha ea bobeli ke hore Gogo o emela lichaba tsa lefatše tse tla hlasela batho ba Molimo haufinyane. Lichaba tseo li tla ikopanya hore e be ntho e le ’ngoe. Hobane’ng? Lichaba li tla lokela ho ikopanya e le hore li ba hlasele. (Mat. 24:9) Rea tseba hore Satane ke eena ea tla rera le ho hlophisa hore batho ba Molimo ba hlaseloe. Haesale a susumetsa lichaba tsa lefatše hore li hanyetse barapeli ba ’nete. (1 Joh. 5:19; Tšen. 12:17) Empa boprofeta ba Ezekiele bo hlalosang Gogo oa Magogo bo bua ka seo lichaba tsa lefatše li tla se etsa ha li hlasela batho ba Jehova. e

“Naha” Ke’ng?

11. Boprofeta ba Ezekiele bo hlalosa “naha” eo Gogo a tl’o e hlasela joang?

11  Serapeng sa boraro re ithutile hore Gogo oa Magogo o tla halefisa Jehova haholo ha a hlasela naha eo a e ratang. Naha eo ke efe? A re bueng hape ka boprofeta ba Ezekiele. (Bala Ezekiele 38:8-12.) Boprofeta boo bo re Gogo “o tla hlasela naha eo batho ba eona ba ileng ba khutla” le “ba latiloeng lichabeng tse ling.” Hape bo re barapeli ba ’nete ba ileng ba khutla, ba lulang naheng eo “ba lula ba sireletsehile,” “ba lula libakeng tse sa sireletsoang ka marako, mekoallo le likeiti” ebile ba “bokella maruo.” Ena ke naha eo barapeli ba Jehova ba ’nete ba lefatšeng lohle ba lulang ho eona. Naha ee re ka e tseba joang?

12. Ho ile ha etsahala’ng naheng ea Iseraele ha Bajuda ba ne ba khutla botlamuoeng?

12 Ho bohlokoa ho nahana ka se ileng sa etsahala Iseraele ha batho ba Molimo ba ne ba khutlela naheng ea habo bona, e leng naha eo ba neng ba lula ho eona, ba sebetsa ho eona ba bile ba sebeletsa Molimo ho eona ka lilemo tse ngata. Ha Baiseraele ba ne ba sa tšepahale, Jehova o ile a roma Ezekiele hore a profete hore naha ea bona e ne e tla senngoa ’me e sale e se na baahi. (Ezek. 33:27-29) Empa Jehova o ile a boela a profeta hore ho ne ho tla ba le batho ba ’maloa ba neng ba tla khutla botlamuoeng Babilona ebe ba tsosolosa borapeli ba ’nete naheng ea Iseraele. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa naha ea Iseraele, e be ntle ’me e ‘tšoane le serapa sa Edene.’ (Ezek. 36:34-36) Borapeli ba ’nete bo ile ba boela ba e-ba teng hape ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu ha Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba khutlela Jerusalema naheng ea habo bona.

13, 14. (a) Naha ea batho ba Molimo ke eng? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a rata naha eo haholo?

13 Bolumeli ba ’nete bo ile ba boela ba tsosolosoa mehleng ena. Khaolong ea 9 ea buka ena re ithutile hore ka 1919 batho ba Molimo ba ile ba lokolloa botlamuoeng Babilona e Moholo. Selemong seo, Jehova o ile a isa barapeli ba hae naheng ea bona. Naha eo ke tsela eo re phelang ka eona re thabile re bile re sireletsehile ha re ntse re sebeletsa Molimo oa rona. Naheng ena re lula re sireletsehile ebile re e-na le khotso. (Liprov. 1:33) Re rutoa lintho tse ngata tse matlafatsang tumelo ea rona ebile re etsa mosebetsi o khotsofatsang ka ho bolella batho ka ’Muso oa Molimo. Re utloisisa hantle mantsoe ana a reng: “Tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova e ruisa motho ebile ha e tlise bohloko.” (Liprov. 10:22) Re tla lula re le naheng ena ho sa tsotellehe hore na re lula sebakeng sefe lefatšeng hafeela re tšehetsa borapeli ba ’nete ka hore re etse lintho tseo Jehova a li ratang.

14 Jehova o rata naha ena haholo. Hobane’ng? Hobane batho ba lulang ho eona ke batho bao a ileng a ba khetha hore ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ’me ke “matlotlo a lichaba tsohle.” (Hag. 2:7; Joh. 6:44) Ba leka ka matla ho apara botho bo bocha bo bontšang makhabane a matle a Molimo. (Baef. 4:23, 24; 5:1, 2) Kaha ke barapeli ba Jehova, ba thabela ho mo sebeletsa ’me ba etsa seo ka tsela e bontšang hore baa mo tlotlisa ebile baa mo rata. (Bar. 12:1, 2; 1 Joh. 5:3) Jehova oa thaba ha a bona balateli ba hae ba sebetsa ka thata ho khabisa naha ena. Nahana ka taba ena, haeba u nka borapeli ba ’nete e le ba bohlokoa bophelong ba hao, u tla be u etsa hore naha ea batho ba Molimo e be ntle ebile u tla thabisa pelo ea hae.—Liprov. 27:11.

Ho sa tsotellehe hore na re lula hokae, haeba re tšehetsa borapeli ba ’nete, re naheng ea batho ba Molimo (Sheba serapa sa 13 le 14)

Gogo o Tla Hlasela Naha ea Batho ba Molimo

15, 16. Gogo oa Magogo o tla hlasela naha ea batho ba Molimo neng?

15 Ho tseba hore haufinyane lichaba tse ikopantseng li tla hlasela naha ea batho ba Molimo ho etsa hore re lule re falimehile. Kaha ho ile ha boleloa esale pele hore rona barapeli ba Jehova ba ’nete re tl’o hlaseloa, re batla ho tseba haholoanyane ka taba eo. A re bueng ka lipotso tse tharo tseo re ka ’nang ra ipotsa tsona.

16 Gogo oa Magogo o tla hlasela naha ea batho ba Molimo neng? Bibele e re: “Qetellong ka mor’a lilemo tse ngata, u tla hlasela naha.” (Ezek. 38:8) Sena se bontša hore nako eo e tla fihla ha nako ea bofelo e se e atametse. Hopola hore mahlomola a maholo a tla qala ha ho felisoa Babilona e Moholo, e leng mokhatlo oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ka mor’a hore borapeli ba bohata bo felisoe le pele Armagedone e qala, Gogo o tla hlasela batho ba Molimo ka lekhetlo la ho qetela.

17, 18. Jehova o tla laola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo?

17 Ke hobane’ng ha Gogo a tla hlasela naha ea batho ba Jehova? Boprofeta ba Ezekiele bo bua ka lintlha tsena tse peli. Ntlha ea pele, Jehova o tl’o etsa’ng ka mahlomola a maholo? Ntlha ea bobeli eo re tl’o bua ka eona ke merero e mebe ea Gogo.

18 Jehova o tl’o etsa’ng ka mahlomola a maholo? (Bala Ezekiele 38:4, 16.) Utloa hore na Jehova o re’ng ho Gogo: ‘Ke tla . . . u kenya lihakisi mehlahareng’ ’me “ke tla etsa hore u loantše naha ea ka.” Na taba ee e bolela hore Jehova o tla qobella lichaba tse ling hore li loantše batho ba hae? Ha ho joalo. Le ka mohla a ke ke a utloisa batho ba hae bohloko. (Jobo 34:12) Jehova oa tseba hore lira tsa hae li tla hloea batho ba hae le hore li tla sebelisa monyetla leha e le ofe hore li ba felise. (1 Joh. 3:13) Jehova o tla etsa hore lintho li etsahale ho ea ka thato ea hae le ka nako eo a e behileng. Ho tla tšoana le ha eka o kenya Gogo lihakisi mehlahareng. Ka mor’a hore Babilona e Moholo e felisoe, Jehova a ka ’na a susumetsa lichaba ho etsa ntho eo li neng li ntse li rerile ho e etsa. Ntoa e kholo ea Armagedone e tla qala nakong eo lichaba li reng li hlasela batho ba Molimo. Ka nako eo, Jehova o tla pholosa batho ba hae ’me a bontše hore bobusi ba hae ke bona bo phahameng a be a halaletse lebitso la hae.—Ezek. 38:23.

Lichaba li tla leka kahohle ho re thibela hore re se ke ra rapela Jehova hobane li hloile borapeli ba ’nete le batho ba bo tšehetsang

19. Ke’ng e tla etsa hore Gogo a batle ho felisa borapeli ba ’nete?

19 Merero e mebe ea Gogo. Lichaba li tla “rera morero o mobe.” Lichaba li tla ntšetsa bohale ho batho ba Jehova hobane esale li ba hloile. Ka nako eo bahlanka ba Jehova ba tla bonahala eka ha baa sireletseha joalokaha eka “ba lula libakeng tse sa sireletsoang ka marako, mekoallo le likeiti.” Lichaba li tla boela li “inkele lintho tse ngata” ho ‘ba ntseng ba bokella maruo.’ (Ezek. 38:10-12) Ho buuoa ka “maruo” afe? Batho ba Jehova ba na le maruo a lintho tse ba thusang hore ba be le tumelo e matla. Ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ke eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho rona ’me re rapela eena feela. Lichaba li tla leka kahohle ho re thibela hore re se ke ra rapela Jehova hobane li hloile borapeli ba ’nete le batho ba bo tšehetsang.

Gogo o tla “rera morero o mobe” oa ho felisa borapeli ba ’nete empa o tla hloleha (Sheba serapa sa 19)

20. Gogo o tla hlasela naha ea batho ba Molimo joang?

20 Gogo o tla hlasela naha ea batho ba Molimo joang? Lichaba li tla leka ho sitisa tsela eo re phelang ka eona joaloka Bakreste ’me li leke le ho re thibela ho tsoela pele ka borapeli ba rona. Mohlomong ka nako eo, li tla leka ho re thibela ho fumana lingoloa le livideo tse matlafatsang tumelo ea rona, li re thibele ho bokana hammoho, li senye bonngoe boo re nang le bona li be li re thibele ho bolela molaetsa oa Molimo ka cheseho. Lintho tsena kaofela ke tsona tse re thabisang ebile ke lona letlotlo la rona la bohlokoa. Satane o tla susumetsa lichaba hore li leke ho felisa borapeli ba ’nete le batho ba bo tšehetsang mona lefatšeng.

21. Ke hobane’ng ha re thaba hore ebe Jehova o re lemositse ka se tla etsahala haufinyane?

21 Gogo oa Magogo o tla hlasela naha ea batho ba Molimo ka hore a hlasele barapeli ba ’nete. Re leboha Jehova ka hore ebe o re lemositse ka lintho tsena tse tla etsahala haufinyane. Ha re ntse re emetse mahlomola a maholo, re ka ikemisetsa ho tšehetsa borapeli ba ’nete le ho etsa hore bo tle pele bophelong ba rona. Ha re etsa joalo, re tla be re etsa hore naha ea batho ba Molimo e be ntle hona joale. Hape re tla ba le monyetla oa ho bona ha ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e etsahala haufinyane. Re tla bona ha Jehova a loanela batho ba hae le lebitso la hae le halalelang ka ntoa ea Armagedone, e leng eona ntho eo re tla bua ka eona khaolong e latelang.

a Khaolong e latelang ea buka ena, re tl’o bua ka hore na Jehova o tla halefela Gogo oa Magogo joang hona neng.

b Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa May 15, 2015, maq. 27-28.

c Daniele 11:45 e bontša hore morena oa leboea o tla hlasela batho ba Molimo hobane e re morena eo “o tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo [Mediterranean] le thaba e halalelang ea Mokhabiso [moo tempele ea Molimo e kileng ea e-ba teng le moo batho ba Molimo ba neng ba mo rapela teng].”

d Bibele e boetse e bua ka tlhaselo ea “Moasiria” oa mehleng ena, ea tla batla ho felisa batho ba Molimo. (Mik. 5:5) Bibele e ile ea bolela esale pele hore batho ba Molimo ba ne ba tla hlaseloa ke Gogo oa Magogo, morena oa leboea, marena a lefatše le Moasiria. Litlhaselo tsena kaofela ke tlhaselo e le ’ngoe e bitsoang ka mabitso a fapaneng.

e Sheba Khaolo ea 22 ea buka ena ho fumana lintlha tse hlalosang “Gogo le Magogo” eo ho builoeng ka eena ho Tšenolo 20:7-9.