Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 18

“Ke Tla Halefa Haholo”

“Ke Tla Halefa Haholo”

EZEKIELE 38:18

NTLHA-KHOLO: Jehova o tla halefa ha Gogo a hlasela batho ba hae ebile o tla loanela batho ba hae ka ntoa ea Armagedone

1-3. (a) Ho tla etsahala’ng ha Jehova a ‘halefile haholo’? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Re tl’o bua ka eng?

 BANNA, basali le bana, ba eme hammoho ba bina pina ea ’Muso. Ka mor’a moo, moholo oa rapela, o kopa Jehova hore a ba sireletse. Batho kaofela phuthehong ba kholisehile hore Jehova o tla ba thusa, ho ntse ho le joalo ba ntse ba hloka ho khothatsoa le ho kholisoa. Ka ntle ho utloahala molumo oa batho ba loanang. Ntoa ea Armagedone e se e qalile!—Tšen. 16:14, 16.

2 Nakong ea ntoa ea Armagedone, Jehova o tla felisa batho a ‘halefile haholo’. (Bala Ezekiele 38:18.) A ke ke a halefela masole kapa sechaba se le seng feela empa o tla halefela batho ba bangata ba lulang lefatšeng. Letsatsing leo, Jehova o tla be a felisitse batho “ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe.”—Jer. 25:29, 33.

3 Ke’ng e tla etsa hore Jehova, Molimo ea lerato, ea hlalosoang e le “Molimo ea mohau le ea nang le kutloelo-bohloko” le ea “liehang ho halefa,” a ‘halefe haholo’ joalo? (Ex. 34:6; 1 Joh. 4:16) A re boneng kamoo karabo ea potso eo e ka re khothatsang kateng, ea etsa hore re be sebete ea ba ea re susumetsa ho etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele kajeno.

Ke’ng e Etsang Hore Jehova a “Halefe Haholo”?

4, 5. Tsela eo Molimo a halefang ka eona e fapane joang le tsela eo batho ba halefang ka eona?

4 Re lokela ho hlokomela hore tsela eo Jehova a halefang ka eona ha e tšoane le eo batho ba halefang ka eona. Ha motho a ntse a tlalellana ke bohale, o qetella a entse lintho tseo hamorao a ikoahlaelang tsona. Ka mohlala, mora oa Adama oa pele e leng Kaine o ile a “halefa haholo” hobane Jehova ha aa ka a amohela sehlabelo sa hae empa o ile a amohela sa Abele. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Kaine o ile a bolaea ngoan’abo. (Gen. 4:3-8; Baheb. 11:4) Nahana le ka mohlala oa Davida, ea ileng a hlalosoa e le monna ea khahlisang Jehova. (Lik. 13:22) Le hoja e ne e le motho ea lokileng, o ile a batla a etsa phoso e kholo ha a utloa hore Nabale o mo rohakile ebile o rohakile le bahlanka ba hae. Davida le masole a hae ba ile ba halefa haholo “ba nka lisabole tsa bona,” ba ikemiselitse ho bolaea Nabale le banna bohle ba lulang ntlong ea hae. Empa mosali oa Nabale e leng Abigaile o ile a thusa Davida le bahlanka ba hae hore ba se ke ba iphetetsa. (1 Sam. 25:9-14, 32, 33) Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a susumetsa Jakobo hore a ngole mantsoe ana a reng: “Ha motho a halefile ha a etse lintho tse lokileng mahlong a Molimo.”—Jak. 1:20.

Kamehla Jehova ha a halefe feela ntle ho lebaka ebile o khona ho laola bohale ba hae

5 Ho fapana le batho, Jehova ha a halefe feela ntle ho lebaka ebile o khona ho laola bohale ba hae. Le hoja Jehova a ka halefa haholo, o lula a etsa lintho ka toka. Ha a loantša sera, ha a ‘felise ea lokileng le ea khopo.’ (Gen. 18:22-25) Jehova ha a halefe a se na lebaka le utloahalang la ho etsa joalo. A re bueng ka mabaka a mabeli a etsang hore Jehova a halefe le hore na re ka ithuta’ng ho ’ona.

6. Jehova o etsa’ng ha lebitso la hae le silafatsoa?

6 Lebaka la pele: Lebitso la Jehova lea silafatsoa. Batho ba reng ba sebeletsa Jehova empa ba etsa lintho tse mpe ba senya lebitso la hae ebile baa mo halefisa. (Ezek. 36:23) Likhaolong tse fetileng tsa buka ena, re ile ra ithuta hore sechaba sa Iseraele se ile sa silafatsa lebitso la Jehova haholo. Boitšoaro le liketso tsa sechaba sena li ile tsa etsa hore Jehova a halefe. Empa khalefo ea hae ha ea ka ea tsoa taolong, o ile a fa sechaba sa hae kotlo e se loketseng. (Jer. 30:11) Ha a se a ahlotse batho ba hae, bohale ba hae bo ile ba fela ’me ha e-ba joalokaha eka ha hoa ka ha etsahala letho.—Pes. 103:9.

7, 8. Re ithuta’ng tseleng eo Jehova a ileng a tšoara Baiseraele ka eona?

7 Seo re ithutang sona: Re ka ithuta tseleng eo Jehova a ileng a tšoara Baiseraele ka eona. Le rona joaloka Baiseraele bao, re na le boikarabelo ba ho emela lebitso la Jehova. Re Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10) Lintho tseo re li buang le tseo re li etsang li ka ama tsela eo batho ba nkang Jehova ka eona. Le ka mohla ha re batle ho etsa lintho tse mpe ka boomo tse etsang hore re senye lebitso la Jehova. Ho etsa joalo ke boikaketsi ’me ho tla etsa hore Jehova a halefe ebile o tla nka khato ho sireletsa lebitso la hae.—Baheb. 3:13, 15; 2 Pet. 2:1, 2.

8 Na taba ea hore Jehova o khona ho “halefa haholo” e lokela ho re sitisa ho ba metsoalle ea hae? Che. Rea tseba hore Jehova o na le mamello ebile oa tšoarela. (Esa. 55:7; Bar. 2:4) Empa rea tseba hore o khalemela batho ha ho hlokahala. Re hlompha Jehova hobane rea tseba hore o tla re halefela ha re etsa lintho tse mpe. A ke ke a lumella hore batho ba etsang lintho tse mpe ba be har’a batho ba hae. (1 Bakor. 5:11-13) Jehova o re boleletse ka ho hlakileng hore na ke’ng e mo halefisang. Ho se ho le ho rona hore re qobe ho nahana le ho etsa lintho tse mo halefisang.—Joh. 3:36; Bar. 1:26-32; Jak. 4:8.

9, 10. Jehova o etsa’ng ha batho ba hae ba hlaseloa? Fana ka mohlala.

9 Lebaka la bobeli: Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang baa hlorisoa. Jehova oa halefa ha lira li hlasela batho ba hae ba mo tšepileng le ba sireletsoang ke eena. Ka mohlala, ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, Faro le masole a hae a matla ba ile ba lelekisa Baiseraele bao ho neng ho bonahala eka ha ho na motho ea ka ba thusang lebopong la Leoatle le Lefubelu. Empa ha masole ao a matla a lelekisa Baiseraele bohareng ba leoatle moo ho ommeng, Jehova o ile a ntša mabili a likariki tsa ’ona eaba o lahlela Baegepeta ka leoatleng. “Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a pholoha.” (Ex. 14:25-28) Jehova o ile a halefela Baegepeta haholo hobane a hauhela batho ba hae.—Bala Exoda 15:9-13.

Joalokaha lengeloi le ile la sireletsa batho ba Molimo ho Baasiria mehleng ea Ezekiase, le rona mangeloi a tla re sireletsa (Sheba serapa sa 10 le 23)

10 Ka tsela e tšoanang, tsela eo Jehova a ratang batho ba hae ka eona e ile ea etsa hore a thuse batho ba hae le mehleng ea Morena Ezekiase. Masole a Baasiria a neng a le matla ebile a le sehloho ka ho fetisisa mehleng eo, a ne a ikemiselitse ho hlasela motse oa Jerusalema. Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ile ba tšosoa ka hore ba tla bolaoa ka sehloho. (2 Mar. 18:27) Eaba Jehova o romela lengeloi le le leng ’me la bolaea masole a 185 000 a Baasiria ka bosiu bo le bong. (2 Mar. 19:34, 35) Ak’u nahane feela hore na ho ne ho le joang kampong ea Baasiria hoseng letsatsing le hlahlamang. Hohle fatše ho tletse marumo, lithebe le lisabole. Ho se na literompeta tse tsosang masole ebile ho se na balaoli ba laelang masole hore a bokane. Ho thotse ho itse tu! Ebile ho tletse litopo fatše.

11. Re ithuta’ng mehlaleng e hlahang ka Bibeleng e bontšang kamoo Jehova a ileng a sireletsa batho kateng ha ba ne ba hlaseloa?

11 Seo re ithutang sona: Mehlala ena e bontša seo Jehova a se etsang ho lira tse tšosang batho ba hae ka ho li fa temoso ena: “Ke ntho e tšosang hore motho a otloe ke Molimo ea phelang” ha a halefile. (Baheb. 10:31) Hape mehlala ena ea re khothatsa ebile e etsa hore re be sebete. Rea khothala ha re tseba hore sera sa rona se ka sehloohong e leng Satane, se ke ke sa atleha. Ho setse “nako e khutšoanyane” pele se felisoa. (Tšen. 12:12) Ha re ntse re emetse hore nako eo e fihle, re ka sebeletsa Jehova ka sebete, re kholisehile hore ha ho na motho, mokhatlo kapa ’muso o ka re thibelang ho etsa thato ea Molimo. (Bala Pesaleme ea 118:6-9.) Moapostola Pauluse o ile a hatisa taba ena ka ho bua mantsoe ana a tsoang ho Molimo a reng: “Ha Molimo a eme le rona, ke mang ea ka re loantšang?”—Bar. 8:31.

12. Nakong ea mahlomola a maholo, ke’ng e tla halefisa Jehova?

12 Nakong ea mahlomola a maholo, Jehova o tla re sireletsa feela joalokaha a ile a sireletsa Baiseraele ha ba ne ba hlaseloa ke Baegepeta le Bajuda ba neng ba le Jerusalema ba thibeletsoe ke Baasiria. Ha lira tsa rona li leka ho re felisa, Jehova o tla halefa haholo hobane oa re rata. Ha lira tseo li re hlasela, ho tla ba joalokaha eka li thetsa thaka ea leihlo la Jehova! O tla nka khato ka potlako. (Zak. 2:8, 9) O tla bolaea batho ba bangata ho feta leha e le neng pele. Empa lira tsa Molimo li tla be li se na lebaka la ho makala ha Jehova a ntšetsa bohale ba hae ho tsona. Hobane’ng?

Jehova o Lemositse Batho Hore o Tla Etsa’ng?

13. Jehova o lemositse batho hore o tla etsa’ng?

13 Jehova ke Molimo ea “liehang ho halefa” hape haesale a lemosa batho hore o tla felisa ba mo hanyetsang le ba batlang ho hlasela batho ba hae. (Ex. 34:6, 7) Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba kang Jeremia, Ezekiele, Daniele, Kreste Jesu le moapostola Petrose, Pauluse le Johanne ho lemosa batho ka ntoa e kholo ka ho fetisisa e tlang.—Sheba lebokose le reng “Jehova o Lemosa Batho ka Ntoa e Kholo e Tlang.”

14, 15. Ke lintho life tseo Jehova a li entseng, hona hobane’ng?

14 Jehova o entse bonnete ba hore litemoso tsena lia ngoloa ka Lentsoeng la hae. O ile a etsa bonnete ba hore Bibele e fetoleloa ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe le hore batho ba bangata ba be le eona. Lefatšeng lohle, o entse hore ho be le batho ba bangata ba ithaopelang ho thusa ba bang hore e be metsoalle ea Molimo le ho ba lemosa ka “letsatsi le leholo la Jehova” le tlang. (Sof. 1:14; Pes. 2:10-12; 110:3) O susumelitse batho ba hae ho fetolela lingoloa tse thusang batho hore ba ithute Bibele ka lipuo tse ngata le ho qeta lihora tse limilione selemo le selemo ba ruta batho ka litšepiso le litemoso tse tsoang ka Lentsoeng la hae.

15 Jehova o entse mosebetsi ona oohle “hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Pet. 3:9) Kannete re thabela ho ba bahlanka ba Molimo ea lerato le ea nang le mamello le ho thusetsa ho phatlalatsa molaetsa oa hae. Empa haufinyane nako ea hore batho ba sa mameleng litemoso tsa Molimo ba fetohe e tla fela.

Jehova o Tla ‘Halefela’ Lichaba Neng?

16, 17. Na Jehova o se a behile letsatsi la hore na ntoa ea ho qetela e tl’o ba neng? Hlalosa.

16 Jehova o se a behile letsatsi la hore na ntoa ea ho qetela e tla ba neng hape oa tseba hore na batho ba hae ba tl’o hlaseloa neng. (Mat. 24:36) Jehova o tseba joang hore na lira tsa hae li tl’o hlasela batho ba hae neng?

17 Khaolong e fetileng ea buka ena re ithutile hore Jehova o ile a re ho Gogo: ‘Ke tla . . . u kenya lihakisi mehlahareng.’ Molimo o tla etsa hore lichaba li loane ntoeng ea ho qetela. (Ezek. 38:4) Taba ena ha e bolele hore Jehova ke eena ea tla qala ntoa ena kapa a qobelle lira tsa hae hore li loane. Empa e bontša hore Jehova oa tseba hore na lira tsa hae li nahanne’ng le hore na li tla etsa’ng ha ho hlaha monyetla oa hore li hlasele batho ba hae.—Pes. 94:11; Esa. 46:9, 10; Jer. 17:10.

18. Ke hobane’ng ha batho ba tla batla ho loana le ea Matla ’Ohle?

18 Haeba Jehova e se eena ea tla qala ntoa eo kapa a sa tl’o qobella lira tsa hae hore li loane, ke’ng e tla etsa hore batho ba batle ho loana le ea Matla ’Ohle? Ke hobane ka nako eo, ho ka etsahala hore batho ba tla be ba ipolelletse hore Molimo ha a eo kapa ha a na taba le lintho tse etsahallang batho lefatšeng. Mohlomong ba tla nahana joalo hobane ba tla be ba qeta ho felisa mekhatlo eohle ea bolumeli ba bohata lefatšeng. Kahoo, ba ka ’na ba ipehela lebaka la hore haeba Molimo o teng, a ka be a sirelelitse mekhatlo ena e reng ea mo sebeletsa. Ba ke ke ba hlokomela hore ha e le hantle ke Molimo ea ba sebelisang hore ba felise malumeli ’ohle a reng aa mo emela empa a etsa lintho tse mpe.—Tšen. 17:16, 17.

19. Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe?

19 Nakoana ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo felisoe, ho ka etsahala hore Jehova o tla re batho ba hae ba phatlalatse molaetsa oa kahlolo oo buka ea Tšenolo e o bapisang le sefako seo boima ba sona bo ka etsang lik’hilokramo tse ka bang 20. (Tšen. 16:21, nal.) Ho ka etsahala hore molaetsa ona o tla be o phatlalatsa hore mekhatlo ea lipolotiki le ea likhoebo e haufi le ho felisoa ’me o tla tšosa batho ba o utloang hoo ba tla rohaka Molimo. Ho ka etsahala hore oona molaetsa oo, o tla susumetsa lichaba hore li etse qeto ea ho hlasela batho ba Molimo hohle moo ba leng teng e le hore ba se ke ba phatlalatsa molaetsa oo ka ho feletseng. Ba tla nahana hore ha ho na motho ea ka re sireletsang ebile ba ka re felisa habonolo. Kannete ba tla be ba ithetsa!

Jehova o Tla Bontša Joang Hore o Halefile?

20, 21. Gogo ke mang, hona ho tla etsahala’ng ka eena?

20 Khaolong ea 17 ea buka ena, ha Ezekiele a bua ka lichaba tse ikopantseng tse tla re hlasela o li bitsa, “Gogo oa naha ea Magogo.” (Ezek. 38:2) Empa litho tsa lichaba tseo tse ikopantseng li tla be li sa momahana joalokaha eka li mpa feela li rokelletsoe ka khareng. Le hoja ho tla bonahala eka li sebetsa ’moho, li tla ’ne li qabane, li ikhohomose li be li khethollane ho ea ka linaha tsa tsona. E tla ba bosesaane ba khoele hore Jehova a etse hore li tsohelane matla ka hore ‘li loantšane’ ka sabole. (Ezek. 38:21) Lichaba tseo li ke ke tsa felisoa ke batho empa li tla felisoa ke Molimo.

21 Pele lira tseo tsa rona li felisoa, li tla bona letšoao la Mor’a motho. Mohlomong e tla ba pono e hlollang e ke keng ea etsoa ke motho, e tla bontša matla a Jehova le a Jesu. Bahanyetsi bao, ba tla bona lintho tse tla etsa hore ba tšoenyehe haholo. Ho tla etsahala feela joalokaha Jesu a ne a buile ha a ne a re, “batho ba tla akheha ke letsoalo le hobane ba lebeletse lintho tse tla etsahala lefatšeng.” (Luka 21:25-27) Ba tla tšoha haholo ha ba hlokomela hore ba hlasetse batho ba Jehova ba sa tsebe hore na ba emetsoe ke’ng. Joang kapa joang ba tla tseba hore ’Mopi oa rona, e leng Jehova oa mabotho ke lesole le leholo le re loanelang. (Pes. 46:6-11; Ezek. 38:23) Re kholisehile hore Jehova o tla lokolla mabotho a hae a leholimo le matla a tlhaho ka tsela e tla etsa hore a sireletse bahlanka ba hae ba tšepahalang empa a felise lira tsa hae.—Bala 2 Petrose 2:9.

Ha batho ba Molimo ba hlaseloa, Jehova o tla halefela lira tsa hae ’me a lokolle mabotho a hae a leholimong (Sheba serapa sa 21)

22, 23. Ke bo-mang ba tla sireletsa batho ba Molimo ’me ba tla ikutloa joang ka mosebetsi oa bona?

Ho tseba ka letsatsi la Jehova, ho lokela ho re susumeletsa hore re etse eng?

22 Nahana feela hore na Jesu o tla be a le malala-a-laotsoe hakae ho etella pele ba tla felisa lira tsa Molimo le ho sireletsa ba ratang Ntate oa hae le ba mo sebeletsang. Nahana le kamoo batlotsuoa ba tla beng ba ikutloa kateng ka nako eo. Nakoana pele Armagedone e qala, batlotsuoa ba setseng lefatšeng ba tla nkeloa leholimong e le hore bohle ba 144 000 ba ka tsamaea le Jesu ho ea ntoeng. (Tšen. 17:12-14) Ka nako eo, e tla be e le metsoalle e haufi ea linku tse ling kaha ba tla be ba sebelitse ’moho nakong ea mehla ea bofelo. Batlotsuoa ba tla be ba e-na le bolaoli le matla a ho loanela batho ba ileng ba ba tšehetsa ka botšepehi ha ba ne ba e-na le mathata.—Mat. 25:31-40.

23 Mangeloi le ’ona e tla be e le karolo ea lebotho la Jesu le leholimong. (2 Bathes. 1:7; Tšen. 19:14) A ile a mo thusa ho leleka Satane le mangeloi a hae leholimong. (Tšen. 12:7-9) A boetse a thusa ka ho bokella batho ba batlang ho sebeletsa Jehova mona lefatšeng. (Tšen. 14:6, 7) Kahoo, rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a tla khetha mangeloi ho sireletsa batho ba hae ba tšepahalang. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore bohle bao e leng karolo ea lebotho la Jehova ba tla thabela ho halaletsa lebitso la hae ka hore ba thuse ho felisa lira tsa hae.—Mat. 6:9, 10.

24. Na bongata bo boholo ba linku tse ling bo tla tšoha?

24 Bongata bo boholo ba linku tse ling ha boa lokela ho tšoha hobane lebotho leo le matla le tla ba sireletsa. Bongata boo bo boholo bo tla ‘ema tsoee! bo phahamise lihlooho hobane bo [le] haufi le ho lopolloa.’ (Luka 21:28) Kahoo, pele letsatsi la Jehova le fihla, re lokela ho thusa batho ba bangata kamoo re ka khonang hore ba tsebe le ho rata Ntate oa rona ea mohau le ea re sireletsang.—Bala Sofonia 2:2, 3.

Ka ntoa ea Armagedone, batho ba Jehova ba ke ke ba loana. Mangeloi a tla ba sireletsa ha lira li ntse li loantšana.—Ezek. 38:21 (Sheba serapa sa 22 ho ea ho 24)

25. Re tl’o bua ka eng khaolong e latelang?

25 Ka mor’a hore lintoa tsa batho li fele, ho sala ho le moferefere ebile batho ba utloile bohloko. Empa ka mor’a ntoa ea Armagedone, ho tla be ho se na moferefere ebile batho ba tla be ba thabile. Ho tla etsahala’ng ha bohale ba Jehova bo felile, masole a hae a se a sa tšoara lisabole ebile molumo oa ntoa o se o le sieo? Khaolong e latelang, re tla bua ka taba ena e thabisang e tla etsahala nakong e tlang.