Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 15

“Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”

“Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”

EZEKIELE 16:41

NTLHA-KHOLO: Seo re ithutang sona tseleng eo matekatse a hlalosoang ka eona bukeng ea Ezekiele le ea Tšenolo

1, 2. Ke mofuta ofe oa botekatse oo re o nyonyang haholo?

 KE NTHO e soabisang ho bona motho e e-ba letekatse. U ka ipotsa hore na ke’ng e entseng hore a qetelle a phela bophelo bona bo hlabisang lihlong. Na e ile ea e-ba letekatse a sa le monyenyane hobane habo ba ne ba mo hlekefetsa kapa ba sa phele ka khotso? Kapa na bofutsana bo ile ba mo susumeletsa hore a ithekise? Kapa na o ne a baleha monna oa hae ea mo hlekefetsang? Re lula re utloela ka lintho tse tjena lefatšeng lena le khopo. Ha re makale hore ebe Jesu Kreste o ne a tšoara matekatse a mang ka mosa. O ile a hatisa hore batho ba bakang le ba fetolang bophelo ba bona ba ne ba ka ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo betere.—Mat. 21:28-32; Luka 7:36-50.

2 A re ke re nahaneng ka letekatse la mofuta o mong. Nahana ka mosali ea ikhethelang ho ba letekatse. Ha a bone e le ntho e mo theolang seriti empa o bona e le ntho e mo fang matla. O thabela chelete le botumo boo a bo fumanang ka lebaka la mosebetsi ona. Ntho e utloisang bohloko le ho feta ke hore o na le monna ea mo ratang le ea mo tšepahallang empa eena ha a mo tšepahalle ebile o khetha ho ba letekatse. Ha u nahana ka mosali ea joalo, u ka utloa u nyonya liketso tsa hae le bophelo boo a bo khethileng. Tsela eo re ikutloang ka eona ka mosali enoa ea re bontša hore na Jehova Molimo o ikutloa joang ka bolumeli ba bohata le hore na ke hobane’ng ha ka makhetlo a mangata a bo tšoantša le letekatse.

3. Khaolong ee re tl’o bua ka litlaleho life?

3 Lengolo la Ezekiele le bua ka litlaleho tse peli tse makatsang tseo ho tsona bofebe bo tšoantšetsang ho se tšepahale ha batho ba Molimo e leng Baiseraele le Bajuda. (Ezek., likhao. 16 le 23) Empa pele re hlahlobisisa litlaleho tseo, a re ke re bueng ka letekatse le leng la tšoantšetso. Esale le le teng pele ho mehla ea Ezekiele le pele Baiseraele ba e-ba teng ’me le ntse le le teng le kajeno. Ho buuoa ka letekatse lena bukeng ea ho qetela ea Bibele e leng ea Tšenolo.

“’Mè oa Matekatse”

4, 5. “Babilona e Moholo” ke eng ’me re tseba seo joang? (Sheba setšoantšo se qalang.)

4 Qetellong ea mehla ea baapostola, Jesu o bontša moapostola Johanne pono, moo ho hlahang mosali oa letekatse. O bitsoa “letekatse le leholo” le “Babilona e Moholo, ’mè oa matekatse.” (Tšen. 17:1, 5) Ka lilemo tse ngata baeta-pele ba bolumeli le baithuti ba Bibele ba ne ba sa utloisise hore hantle-ntle letekatse lena ke mang. Ba bang ba re o tšoantšetsa Babilona, Roma kapa Kereke ea Roma e K’hatholike. Leha ho le joalo, e se e le lilemo Lipaki Tsa Jehova li tseba hore na “letekatse le leholo” le tšoantšetsa’ng. Ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Re tseba seo joang?

5 Letekatse lena le ahloloa hobane le entse boitšoaro bo bobe le “marena a lefatše” kapa le mekhatlo ea lipolotiki. Kahoo, ho hlakile hore letekatse lena ha se mokhatlo oa lipolotiki. Hape lengolo la Tšenolo le bontša hore “bo-rakhoebo ba lefatše” ba utloa bohloko ha Babilona e Moholo e felisoa. Ho hlakile hore Babilona e Moholo ha e emele likhoebo tse kholo. Joale letekatse lee le tšoantšetsa’ng? Le tsebahala ka “boloi,” borapeli ba litšoantšo le ka leshano. Lintho tsena tsohle li hlalosa mekhatlo ea bolumeli ea lefatše e tletseng bolotsana. Letekatse lena le boetse le hlalosoa le palame mekhatlo ea lipolotiki ea lefatše. Taba ena e bolela hore le na le tšusumetso e itseng ho eona. Le boetse le hlorisa bahlanka ba Jehova Molimo ba tšepahalang. (Tšen. 17:2, 3; 18:11, 23, 24) Ke sona seo bolumeli ba bohata bo ntseng bo se etsa le kajeno.

Lintho tsohle tse mpe tse etsoang bolumeling ba bohata, lithuto tsa bona le mekhatlo ea bona kaofela li tsoa Babele ea boholo-holo eo hamorao e ileng ea bitsoa Babilona (Sheba serapa sa 6)

6. Ke ka tsela efe Babilona e Moholo e leng “’mè oa matekatse”?

6 Ke hobane’ng ha Babilona e Moholo e sa bitsoe “letekatse le leholo” feela empa e boetse e bitsoa “’mè oa matekatse”? Bolumeli ba bohata bo na le lihlopha tse ngata. Ho tloha ha Molimo a ne a ferekanya batho ba mehleng ea Babele kapa ea Babilona hore ba bue lipuo tse sa tšoaneng, lithuto tse fapaneng tsa bolumeli ba bohata li ile tsa ata lefatšeng lohle. Ntho ena e ile ea etsa hore ho be le malumeli a mangata a fapaneng. “Babilona e Moholo” e rehelletsoe ka motse oa Babilona, e leng moo malumeli a bohata a qalileng teng. (Gen. 11:1-9) Ke kahoo ho ka thoeng malumeli ana ’ohle ke “barali” ba letekatse le leholo kapa mokhatlo o le mong. Hangata Satane o sebelisa bolumeli ho khothaletsa batho hore ba sebelise boloi, ba rapele litšoantšo ’me ba etse meetlo e sa hlompheng Molimo. Ka lebaka lena, batho ba Molimo ba fuoa temoso e latelang ka mokhatlo ona o etsang lintho tse mpe: “Tsoang ho eena sechaba sa ka haeba ha le batle ho kenella libeng tsa hae.”—Bala Tšenolo 18:4, 5.

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela temoso e reng “tsoang ho” Babilona e Moholo?

7 Na u mametse temoso eo? Batho bohle baa ‘hlokomela hore ba hloka Molimo,’ Jehova o re bopile ka tsela eo. (Mat. 5:3) Re tla ikutloa re khotsofetse hafeela re rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Bahlanka ba Jehova ba leka kahohle hore ba qobe borapeli ba bohata empa Satane Diabolose o batla hore re etse se fapaneng. O rata ho chehela batho ba Molimo leraba la hore ba kenelle borapeling bona ba bohata. O khonne ho etsa seo ka makhetlo a mangata. Le pele ho mehla ea Ezekiele haesale batho ba Molimo ba kenella botekatseng ba tšoantšetso e leng ho rapela melimo e meng. Ha re hlahlobisisa mehlala ea bona re tla ithuta haholoanyane ka melao ea Jehova, toka ea hae le mohau oa hae.

U Ile oa ba Letekatse

8-10. Ke taelo efe ea bohlokoa e re thusang ho utloisisa hore na Jehova o ikutloa joang ha re rapela melimo e meng? Fana ka mohlala.

8 Lengolong la Ezekiele Jehova o sebelisitse mohlala oa letekatse ho hlalosa tsela eo a ikutloang ka eona ha batho ba mo rapela ka tsela eo a sa e amoheleng. Jehova o ile a re Ezekiele a ngole litlaleho tse peli tse hlalosang hore na o ne a utloile bohloko hakae ha batho ba hae ba sa mo tšepahalle ebile ba etsa boitšoaro bo bobe. Ke hobane’ng ha a ne a ba tšoantša le matekatse?

9 E le hore re utloisise karabo ea potso eo, a re qaleng ka ho ikhopotsa ntlha ea bohlokoa e amanang le borapeli boo Molimo a bo amohelang joalokaha re ithutile Khaolong ea 5 bukeng ena. Jehova o ile a fa Baiseraele taelo e reng: “U se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na. . . .  ’Na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela.” (Ex. 20:3, 5) O ile a boela a hatisa taba ena a re: “Le se ke la inamela molimo e mong hobane Jehova o tsebahala e le ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela. Ke Molimo ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.” (Ex. 34:14) Jehova o entse hore taba ena e hlake. Haeba re batla ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang, re lokela ho rapela eena feela.

10 Re ka etsa mohlala ka lenyalo. Lenyalong monna o lebeletse hore mosali oa hae a rate eena feela le mosali o lebeletse se tšoanang ho monna oa hae. Haeba e mong oa bona a ne a ka bontša motho e mong hore oa mo rata, ntho eo e ka etsa hore molekane e mong a boulele a be a utloe bohloko haholo. (Bala Baheberu 13:4.) Ka tsela e tšoanang, haeba re rapela litšoantšo le hoja re inehetse ho Jehova, re tla be re sa mo tšepahalle ’me seo se tla mo utloisa bohloko. Ho Ezekiele khaolo ea 16, o hlalosa hore na o utloa bohloko hakae ha batho ba sa mo tšepahalle.

11. Jehova o re’ng ka Jerusalema le hore na e tsoa hokae?

11 Khaolong ea 16 ea buka ea Ezekiele ke moo Jehova a buang nako e telele ka ho fetisisa bukeng eo ebile buka ea Ezekiele ke eona e nang le boprofeta bo bongata Mangolong ’ohle a Seheberu. Jehova o tšoantša motse oa Jerusalema le Bajuda ba sa tšepahaleng. O hlalosa pale ea bona e makatsang le e bohloko ea hore na ba tsoa hokae le hore ba ile ba mo fetohela joang. Ba ne ba le joaloka lesea le litšila le sa hlokomeloeng. Batsoali ba lona e ne e le bahetene ba Bakanana. E ne e se e le nako e telele motse oa Jerusalema o laoloa ke le leng la maloko a Bakanana, e leng Bajebuse ho fihlela Davida a o hapa. Jehova o ile a utloela lesea leo bohloko, a le nka, a le hloekisa a ba a le hlokomela. Ha nako e ntse e e-ea le ile la e-ba joaloka mosali oa hae. Ha e le hantle, mehleng ea Moshe Baiseraele ba neng ba lula motseng oo ba ile ba ithaopela ho etsa selekane le Jehova. (Ex. 24:7, 8) Ka mor’a hore Jerusalema e be motse-moholo oa naha, Jehova o ile a e hlohonolofatsa a ba a etsa hore e be ntle feela joalokaha monna ea ruileng a ne a ka rekela mosali oa hae lintho tse ntle tsa ho ikhabisa.—Ezek. 16:1-14.

Solomone o ile a lumella hore basali ba hae ba balichaba ba mo susumeletse ho senya Jerusalema ka borapeli ba litšoantšo (Sheba serapa sa 12)

12. Ho tlile joang hore batho ba Jerusalema ba qale ho rapela melimo ea bohata?

12 Hlokomela hore na ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo. Jehova o re: “U ile oa qala ho itšepa haholo hobane u le motle eaba u ba letekatse ka lebaka la botumo ba hao. U ne u robala le batho bohle ba fetang ka tsela ’me oa inehella bona ka lebaka la botle ba hao.” (Ezek. 16:15) Mehleng ea Solomone, Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ’me a etsa hore Jerusalema e be motse o motle ho feta metse eohle e neng e le teng mehleng eo. (1 Mar. 10:23, 27) Empa hanyane hanyane batho ba Jerusalema ba ile ba qala ho rapela melimo ea bohata. Kaha Solomone o ne a batla ho khahlisa basali ba hae ba balichaba o ile a qala ho silafatsa Jerusalema ka borapeli ba bohata. (1 Mar. 11:1-8) Batho ba ileng ba busa ka mor’a hae ba ile ba silafatsa naha eohle le ho feta ka borapeli ba bohata. Jehova o ile a ikutloa joang ha batho ba hae ba etsa botekatse ’me ba sa mo tšepahalle? O ile a re: “Lintho tse joalo ha lia lokela ho etsahala ebile u se ke oa hlola u li etsa.” (Ezek. 16:16) Empa batho ba hae ba manganga ba ne ba kene tloara! boitšoarong bo bobe.

Baiseraele ba bang ba ile ba etsa mahlabelo ka bana ba bona, ba a etsetsa melimo ea bohata joaloka Moloke

13. Batho ba Molimo ba leng Jerusalema ba ne ba etsa lintho life tse khopo?

13 U ka inahanela feela hore na Jehova o ne a utloile bohloko hakae ha a bontša hore na batho ba hae ba khopo hakae. O ile a re: “U ile oa nka bara le barali bao u ntsoaletseng bona, oa etsetsa litšoantšo tseo mahlabelo ka bona. Na liketso tsee tsa hao tsa botekatse ha lia lekana? U ile oa bolaea bana ba ka oa ba oa fana ka bona e le mahlabelo ka ho ba chesa.” (Ezek. 16:20, 21) Lintho tse tšosang tseo batho ba Jerusalema ba neng ba li etsa, li bontša kamoo Satane a leng khopo kateng. O rata ho qhekella batho ba Jehova hore ba etse lintho tse nyonyehang. Empa Jehova o bona lintho tsohle. Molimo a ka felisa lintho tse sehloho tseo Satane a li entseng a be a etse hore ho be le toka.—Bala Jobo 34:24.

14. Ha Jehova a etsa mohlala o ile a re bo-ausi ba babeli ba Jerusalema ke bo-mang ’me ho bona ba le bararo ke ofe ea neng a feteletse?

14 Batho ba Jerusalema ba ne ba sa soabele lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. Ba ile ba tsoela pele ka botekatse ba bona. Jehova o ile a re ba ne ba se na lihlong ebile ba feteletse ho feta matekatse a mang hobane ba ne ba patala batho hore ba etse botekatse le bona. (Ezek. 16:34) Molimo o ile a re batho ba Jerusalema ba tšoana le ‘’mè oa bona’ e leng maloko a bahetene a kileng a busa naha eo. (Ezek. 16:44, 45) Ha Molimo a bua haholoanyane ka lelapa lena o ile a re ausi oa Jerusalema ke Samaria le hore ke eena ea qalileng bophelo bona ba botekatse. O ile a boela a bua ka ausi oa bobeli e leng Sodoma. Taba ena e ne e hopotsa batho ka motse oa Sodoma o ileng oa felisoa hobane batho ba teng ba ne ba ikhohomosa ’me ba itšoere hampe. Ntho eo Jehova a neng a e hatisa ke hore Jerusalema o ne a etsa lintho tse mpe ho feta bo-ausi ba hae e leng Samaria le Sodoma. (Ezek. 16:46-50) Batho ba Molimo ha baa ka ba mamela ha ba lemosoa ka makhetlo a mangata ’me ba ile ba tsoela pele ka boitšoaro ba bona bo nyonyehang.

15. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ahlola Jerusalema, hona kahlolo eo e ne e fana ka tšepo efe?

15 Jehova o ne a tla etsa’ng? O ile a tšepisa Jerusalema a re: “Ke bokella batho bohle bao u neng u ba rata” ’me “ke tla nehelana ka uena ho bona.” Lichaba tsa bohetene tseo batho ba Molimo ba neng ba tloaelane le tsona li ne li tla ba felisa li ba siee ba le babe hape li ba nkele lintho tsa bohlokoa. Molimo o ile a boela a re: “Ba tla u tlepetsa ka majoe ba be ba u bolaee ka lisabole tsa bona.” Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ba fa kahlolo ee? E ne e se hobane a batla ho felisa batho ba hae. Ho e-na le hoo, morero oa hae e ne e le ona: “Ke tla felisa botekatse ba hao.” Molimo o ile a boela a re: “Ke tla ntšetsa khalefo ea ka ho uena ho fihlela ke khotsofala. Ka mor’a moo, bohale ba ka bo tla fokotseha. Ha ke sa tla hlola ke u halefela.” Khaolong ea 9 ea buka ena re ithutile hore haesale Jehova a batla hore batho ba hae ba boele ba mo rapele ka tsela eo a e amohelang ha ba tsoa botlamuoeng. Hobane’ng? O ile a re: “Nke ke ka lebala selekane seo ke ileng ka se etsa le uena ha u sa le ngoana.” (Ezek. 16:37-42, 60) Jehova o ne a tla bontša batho ba hae hore oa tšepahala le hoja bona ba ne ba sa tšepahale.—Bala Tšenolo 15:4.

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re se re sa re Ohola le Oholiba ba emela bolumeli ba bohata? (Sheba lebokose le reng “Matekatse ao e Leng Bana ba Motho.”) (b) Re ka ithuta’ng ho Ezekiele khaolong ea 16 le ea 23?

16 Khaolong ea 16 ea buka ea Ezekiele Jehova o bua lintlha tse ngata tsa bohlokoa tse re rutang ka melao ea hae e lokileng, toka ea hae le kamoo a leng mohau kateng. Re boetse re ithuta lintho tse tšoanang ho Ezekiele khaolo ea 23. Kajeno Bakreste ba ’nete ba nka molaetsa o hlakileng oa Jehova o buang ka botekatse ba batho ba hae e le oa bohlokoa haholo. Le ka mohla ha re batle ho utloisa Jehova bohloko joalokaha batho ba Juda le ba Jerusalema ba ile ba etsa. Ka lebaka leo, re lokela ho qoba mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo joaloka meharo le ho rata maruo. (Mat. 6:24; Bakol. 3:5) Re lokela ho lula re leboha Jehova ka hore ebe o tsosolositse borapeli ba ’nete matsatsing ana a ho qetela le hore ha a sa tla hlola a lumella hore bo silafatsoe. O ile a etsa “selekane se sa feleng” le Iseraele ea tšoantšetso e leng selekane se ke keng sa senngoa ke ho se tšepahale kapa botekatse. (Ezek. 16:60) Kahoo, a re thabeleng hore ebe kajeno re har’a batho ba Jehova ba hloekileng.

17 Mantsoe ao Jehova a a buileng ka matekatse a ho Ezekiele a re ruta’ng ka “letekatse le leholo” e leng Babilona e Moholo? A re boneng.

“O ke ke oa Hlola o Fumanoa”

18, 19. Ke lintho life tseo re bonang li tšoana pakeng tsa matekatse ao ho builoeng ka ’ona ho Ezekiele le leo ho builoeng ka lona ho Tšenolo?

18 Jehova ha a fetohe. (Jak. 1:17) Tsela eo a ikutloang ka eona ka bolumeli ba bohata e ntse e e-s’o fetohe, ho tloha ha Babilona e Moholo e qala ho fihlela hona joale. Kahoo, ha re makale ha re bona hore tsela eo a ileng a ahlola matekatse a hlalositsoeng bukeng ea Ezekiele e tšoana le tsela eo a tla ahlola “letekatse le leholo” le hlalositsoeng bukeng ea Tšenolo.

19 Ka mohlala, hlokomela hore kahlolo eo matekatse ao ho profetiloeng ka ’ona ho Ezekiele a ileng a e fumana e ne e sa tsoe ho Jehova ka ho toba empa e ne e tsoa ho lichaba tseo batho ba Molimo ba sa tšepahaleng ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe le tsona. Ka tsela e tšoanang mokhatlo oa lefatše oa bolumeli ba bohata o molato ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe le “marena a lefatše.” Kahlolo ea hae e tla tsoa hokae? Bibele e re mekhatlo ea lipolotiki ‘e tla hloea letekatse, e le nkele sohle e be e le hlobolise. E tla ja linama tsa lona e le chese lore!’ Ke hobane’ng ha mebuso ea lefatše e tla etsa ntho ee e makatsang? Ke hobane Molimo o tla ‘etsa hore e nahane ho etsa ntho eo a e batlang.’—Tšen. 17:1-3, 15-17.

20. Ke’ng e bontšang hore kahlolo ea Babilona e tla be e le ea ho qetela?

20 Jehova o tla sebelisa lichaba tsa lefatše ho ahlola malumeli ’ohle a bohata, ho akareletsa le a ipitsang hore ke a Bakreste. Kahlolo ena e tla ba ea ho qetela. Malumeli a bohata a ke ke a tšoareloa ebile a ke ke a ba le monyetla oa ho fetola litsela tsa ’ona. Buka ea Tšenolo e re Babilona ‘e ke ke ea hlola e fumanoa.’ (Tšen. 18:21) Mangeloi a Molimo a tla thabela kahlolo eo Babilona e tla e fuoa a re: “Rorisang Jah! Mosi oa lona ha le chesoa o nyolohela holimo ka ho sa feleng.” (Tšen. 19:3) Babilona e tla felisoa ka ho feletseng. Molimo a ke ke a hlola a lumella hore ho be le bolumeli ba bohata bo tla senya borapeli ba ’nete. Ha Babilona e ahloloa ebile e felisoa ka mollo, ka tsela ea tšoantšetso ho eona ho tla kubella mosi o mongata o sa feleng.

Lichaba tseo Babilona e Moholo e li khelositseng li tla e fetohela li be li e felise (Sheba serapa sa 19 le 20)

21. Ho felisoa ha bolumeli ba bohata ho tla qala ka nako efe, hona nako eo e tla fela neng?

21 Ha mebuso ea lefatše lena e fetohela Babilona e Moholo, e tla be e etsa ntho eo Molimo a e batlang. Ena e tla be e le qalo ea mahlomola a maholo e leng nako e thata ka ho fetisisa. (Mat. 24:21) Mahlomola a maholo a tla fela ka ntoa ea Armagedone e leng ntoa eo Jehova a tla e loana le lefatše lena le khopo. (Tšen. 16:14, 16) Likhaolo tse latelang tsa buka ena li tla bontša hore lengolo la Ezekiele le na le lintho tse ngata tseo le ka re bolellang tsona tsa hore na mahlomola a maholo a tla etsahala joang. Hona joale, ke lintho life tseo re batlang ho ithuta tsona ho Ezekiele khaolo ea 16 le ea 23 tseo re batlang ho li hopola le ho li sebelisa?

Mebuso ea lefatše lena e tla fetohela Babilona e Moholo, e le ha e phethahatsa kahlolo ea Molimo (Sheba serapa sa 21)

22, 23. Ho ithuta ka matekatse a hlalositsoeng ho Ezekiele le ho Tšenolo ho ka ama tsela eo re sebeletsang Jehova ka eona joang?

22 Satane o rata ho khelosa batho ba sebeletsang Jehova. Oa thaba ha a fumana monyetla oa ho re khelosa e le hore re se ke ra rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang ’me re tšoane le matekatse a hlalositsoeng bukeng ea Ezekiele. Re lokela ho hopola hore Jehova o batla hore re sebeletse eena feela le hore re mo tšepahalle. (Num. 25:11) Re leka kahohle ho qoba bolumeli ba bohata le hore ‘re se ke ra tšoara letho le sa hloekang’ mahlong a Molimo. (Esa. 52:11) Hape ha re kenelle lipolotiking le lintoeng tsa lefatše lena le se nang khotso. (Joh. 15:19) Ho ikhantša ka naha ea habo rona ho tšoana le ho ba bolumeling ba bohata ba Satane ’me ha re batle letho le ka re kopanyang le bolumeli boo.

23 A re luleng re hopola hore ke ntho e thabisang haholo ho sebeletsa Jehova tempeleng ea hae ea tšoantšetso e hloekileng. Ha re ntse re thabela mpho ena, a re ikemisetseng ho tsamaella hole le bolumeli ba bohata le botekatse ba hae.