Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA BOBELI

“Le Silafalitse Sehalalelo sa ka”—Borapeli ba ’Nete bo Silafalitsoe

“Le Silafalitse Sehalalelo sa ka”—Borapeli ba ’Nete bo Silafalitsoe

EZEKIELE 5:11

NTLHA-KHOLO: Baiseraele ba silafatsa borapeli ba ’nete ebile ba itšoara hampe

Jehova o ne a rata Baiseraele ebile a ba hlokomela joaloka ‘letlotlo la hae la bohlokoa.’ (Ex. 19:5; nal.) Empa bona ba ile ba mo soetsa ka hore ba rapele melimo ea bohata ka tempeleng eo ho tsejoang hantle hore ke ea Jehova. Ba ile ba mo utloisa bohloko le ho mo tlotlolla. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba etsa lintho tse nyonyehang hakaale? Boprofeta ba Ezekiele bo re ruta’ng ka ho felisoa ha Jerusalema? Hape re ka ithuta’ng tseleng eo lichaba tse neng li potolohile Baiseraele li neng li ba tšoere ka eona?

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 5

‘Bona Lintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba li Etsang’

Ezekiele o bona lintho tse nyarosang tse bontšang kamoo sechaba se neng se se se lahlile Molimo kateng.

KHAOLO EA 6

“Ke Nako ea Hore le Felisoe”

Litšoantšiso tsa boprofeta tsa Ezekiele li ne li bontša kamoo Jehova a halefetseng Jerusalema kateng.

KHAOLO EA 7

Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”

Lichaba tse sentseng lebitso la Molimo le ho hlorisa kapa ho bolisa batho ba Molimo li tla khola litholoana tsa mesebetsi ea tsona joang kapa joang. Re ka ithuta’ng tseleng eo lichaba tse ling li ileng tsa tšoara Baiseraele ka eona?