Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 5

‘Bona Lintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba li Etsang’

‘Bona Lintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba li Etsang’

EZEKIELE 8:9

NTLHA-KHOLO: Baiseraele ba silafatsa borapeli ba ’nete ebile ba itšoara hampe

1-3. Jehova o ne a batla ho bontša Ezekiele eng tempeleng e Jerusalema, hona hobane’ng? (Sheba litaba tsa Karolo ea 2 le setšoantšo.)

 MOPROFETA Ezekiele o tseba Molao oa Moshe hantle hobane ntate oa hae ke moprista. Kahoo o tseba tempele e Jerusalema ebile oa tseba hore na barapeli ba ’nete ba lokela ho etsa lintho joang moo. (Ezek. 1:3; Mal. 2:7) Empa lintho tse neng li etsahala tempeleng ea Jehova ka selemo sa 612 pele ho mehla ea Jesu li ne li tla makatsa Mojuda leha e le ofe ea tšepahalang, ho akareletsa le eena Ezekiele.

2 Jehova o batla ho bontša Ezekiele maemo a sa jeseng litheohelang a teng tempeleng. Hape o batla hore Ezekiele a bolelle “baholo ba Juda,” ba hapiloeng le eena ba teng ha hae hore na o bone’ng. (Bala Ezekiele 8:1-4; Ezek. 11:24, 25; 20:1-3) Jehova o sebelisa moea o halalelang ho tlosa Ezekiele (ka pono) ntlong ea hae e Tel-abibe pel’a noka ea Kebare e Babilona, ebe o mo isa hole haholo ka bophirimela Jerusalema. Jehova o tlisa Ezekiele tempeleng keiting e ka leboea ea lebala le ka hare. Ha a se a le moo, Jehova o mo bontša lintho tse etsahalang tempeleng a sebelisa pono.

3 Ezekiele o bona lintho tse ’nè tse tšosang tse bontšang kamoo sechaba se silafalitseng borapeli ba ’nete kateng. Ho etsahetse’ng ka borapeli ba ’nete? Rona re ithuta’ng ponong ee? A re ke re bueng ka lintho tseo Ezekiele a li boneng. Empa pele re bua ka tsona, a re ke re bone hore na Jehova o lebeletse eng ho barapeli ba hae.

“’Na . . . ke Molimo ea Batlang Hore Batho ba Inehele ho ’na Feela”

4. Jehova o batla hore barapeli ba hae ba ets’eng?

4 Lilemo tse ka bang 900 pele ho mehla ea Ezekiele, Jehova o ile a hlakisa hantle hore na o batla hore barapeli ba hae ba etse’ng. Ha Jehova a ne a fa Baiseraele molao oa bobeli Melaong e Leshome, o ile a re: a “’Na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela.” (Ex. 20:5) Polelo e reng “ba inehele ho ’na feela” e bontša hore Jehova o ne a sa batle hore ba rapele melimo e meng. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 2 ea buka ena, ntho ea pele e tla etsa hore borapeli bo amohelehe ho Jehova ke hore re rapele eena feela. Bahlanka ba hae ba lokela ho etsa hore a tle pele bophelong ba bona. (Ex. 20:3) Ha re se re otla sepekere hloohong, Jehova o lebeletse hore bahlanka ba hae ba se ke ba silafatsa borapeli ba ’nete ka hore ba bo kopanye le ba bohata. Ka 1513 pele ho mehla ea Jesu, Baiseraele ba ile ba kenella selekaneng sa Molao ka ho rata. Ka ho etsa joalo, ba ne ba lumela hore ba tla rapela Jehova feela. (Ex. 24:3-8) Jehova o tšepahalla lilekane tsa hae, ke kahoo a neng a lebeletse hore batho bao a entseng selekane le bona ba se tšepahalle.—Deut. 7:9, 10; 2 Sam. 22:26.

5, 6. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ne ba lokela ho rapela Jehova feela?

5 Na e ne e le ntho e utloahalang hore Jehova a batle hore Baiseraele ba rapele eena feela? Ehlile e ne e utloahala hobane ke Molimo ea Matla ’Ohle, ’Musi oa Lintho Tsohle, ke Mohloli oa bophelo ebile re phela ka eena. (Pes. 36:9; Lik. 17:28) Ntle ho moo, Jehova e ne e le Molopolli oa Baiseraele. Ha a ne a ba fa Melao e Leshome, o ile a ba hopotsa taba ena: “Ke ’na Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta ntlong ea bokhoba.” (Ex. 20:2) Kannete ho hlakile hore Baiseraele ba ne ba lokela ho rapela Jehova feela.

6 Jehova ha a fetohe. (Mal. 3:6) Haesale a batla hore batho ba rapele eena feela. U se u ka inahanela feela hore na o ile a ikutloa joang ka lintho tse ’nè tse nyonyehang tseo a ileng a li bontša Ezekiele ponong.

Pono ea Pele: Setšoantšo se Rapeloang se Halefisang Molimo

7. (a) Bajuda ba marabele ba ne ba etsa’ng keiting e ka leboea ea tempele? Jehova o ile a ikutloa joang? (Sheba setšoantšo se qalang.) (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a halefa? (Sheba naletsana ea bobeli.)

7 Bala Ezekiele 8:5, 6. E tlameha ebe Ezekiele o ne a sa kholoe mahlo a hae. Ka keiting e ka leboea ea tempele, Bajuda ba marabele ba ne ba rapela setšoantšo. E ka ’na eaba e ne e le palo e emelang molimo oa bohata ea bitsoang Ashera, eo Bakanana ba neng ba mo nka e le mohats’a Baale. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba rapela eng, taba ke hore ba ne ba tsoile tlase selekane sa bona le Jehova. Ba ile ba halefisa Jehova haholo ka hore ebe ba ile ba rapela setšoantšo empa e le Jehova feela ea neng a lokela ho rapeloa. b (Deut. 32:16; Ezek. 5:13) Ak’u nahane feela: Ka lilemo tse fetang 400 tempele e ne e tsebahala e le sebaka seo Jehova a lulang ho sona. (1 Mar. 8:10-13) Empa ntho ena eo marabele ana a e entseng ea hore ebe ba rapella melimo ea bohata hona moo tempeleng, e ile ea etsa hore Jehova a “tsamaele hole le sehalalelo sa [hae].”

8. Setšoantšo se halefisang Jehova seo Ezekiele a se boneng ponong se re ruta’ng mehleng ee?

8 Setšoantšo se halefisang Jehova seo Ezekiele a se boneng ponong se re ruta eng? Borabele ba Bajuda bo re hopotsa likereke tsa bolumeli ba bohata tsa mehleng ena. Batho ba likerekeng tsena ba re ba rapela Molimo empa Molimo ha a ba amohele hobane ba rapela litšoantšo. Jehova ha a fetohe. Joalokaha Bajuda ba ile ba halefisa Jehova ka ho rapela litšoantšo, le likereke tsa bolumeli ba bohata lia mo halefisa. (Jak. 1:17) Ho hlakile hore Jehova o tsamaela hole le likereke tsena tsa bohata.

9, 10. Re ithuta’ng ho Bajuda ba neng ba rapela litšoantšo ka tempeleng?

9 Re ithuta’ng ho Bajuda ba neng ba rapela litšoantšo ka tempeleng? Haeba re batla ho rapela Jehova feela, re lokela ho ‘baleha borapeli ba litšoantšo.’ (1 Bakor. 10:14) Re ka ’na ra re: ‘Ha ho mohla ke tla sebelisa litšoantšo ha ke rapela Jehova.’ Empa borapeli ba litšoantšo bo mefuta e mengata, ka linako tse ling re ka li rapela ka litsela tse poteletseng. Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele e re: “Borapeli ba litšoantšo ke ha ntho efe kapa efe e le bohlokoa haholo ho rona ho feta ho rapela Molimo. E ka ba ntho ea boleng bo phahameng, e turu kapa e re fang matla a ho laola batho ba bang.” Borapeli ba litšoantšo e ka ba ntho efe kapa efe e tlang pele bophelong ba rona ho e-na le ho rapela Jehova. E ka ba lintho tseo re nang le tsona, chelete, thobalano kapa boithabiso. (Mat. 6:19-21, 24; Baef. 5:5; Bakol. 3:5) Re lokela ho suthela hole le borapeli ba litšoantšo hobane ke Jehova feela eo re lokelang ho mo rapela ebile e le ka lipelo tsohle.—1 Joh. 5:21.

10 Pono ea pele eo Jehova a e bontšitseng Ezekiele e ne e le ea “lintho tse mpe le tse nyonyehang.” Ho ntse ho le joalo, Jehova o ile a re ho moprofeta oa hae ea tšepahalang: “U tl’o bona lintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.” Ebe ke’ng e neng e ka ba mpe ho feta ho rapela setšoantšo se halefisang Jehova tempeleng?

Pono ea Bobeli: Baholo ba 70 ba Chesetsa Libano Tempeleng

11. Ke lintho life tse nyonyehang tseo Ezekiele a ileng a li bona ka mor’a hore a kene lebaleng le ka hare le pel’a aletare ea tempele?

11 Bala Ezekiele 8:7-12. Ka mor’a hore Ezekiele a phunye lesoba leboteng, a kene lebaleng le ka hare le pel’a aletare ea tempele, o bona litšoantšo tse mpe tse betliloeng leboteng tsa “liphoofolo tse hahabang, libata tse nyonyehang le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang.” c Litšoantšo tseo tse betliloeng leboteng li ne li emela melimo ea bohata. Ka mor’a moo, Ezekiele o bona ntho e nyonyehang le ho feta. O bona “baholo ba 70 ba Iseraele” ba eme “lefifing,” ba chesetsa melimo ea bohata libano. Molaong oa Moshe, libano tse chesitsoeng tse nkhang hamonate li ne li emela lithapelo tseo Jehova a li amohelang, tse etsoang ke bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Pes. 141:2) Leha ho le joalo, libano tseo baholo ba 70 ba ileng ba li chesetsa melimo ea bohata li ne li le litšila ebile li nyonyeha ho Jehova. Lithapelo tsa bona li ne li tšoana le monko o nkhang hampe ho eena. (Liprov. 15:8) Baholo bao ba ne ba ithetsa ba re: “Jehova ha a re bone.” Empa Jehova o ne a ba bona ebile o ile a bontša Ezekiele lintho tseo ba neng ba li etsa ka tempeleng ea hae li le joalo.

Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang e etsetsoang “lefifing” (Sheba serapa sa 11)

12. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re tšepahala leha re le “lefifing”? Ke bo-mang ka ho khetheha bao e lokelang ho ba mohlala tabeng ee?

12 Pono ea Ezekiele ea baholo ba 70 ba chesetsang melimo ea bohata libano e re ruta eng? Re lokela ho lula re tšepahala leha re le “lefifing” e le hore Molimo a utloe lithapelo tsa rona le hore a amohele borapeli ba rona. (Liprov. 15:29) Re lokela ho lula re hopola hore Jehova o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Haeba re hlile re kholisehile hore Jehova o teng, ha re na etsa lintho tse mpe moo re leng bang hobane re re batho ba bang ha ba re bone. (Baheb. 4:13) Baholo ba phutheho ka ho khetheha e lokela ho ba mehlala e metle tabeng ea ho mamela lithuto tsa Bibele. (1 Pet. 5:2, 3) Phutheho e lebeletse hore moholo ea emang ka pel’a eona a tsamaisa liboka a be a phela ka lithuto tsa Bibele leha a le “lefifing,” moo batho ba bang ba sa mo boneng.—Pes. 101:2, 3.

Pono ea Boraro: “Basali . . . ba Llela Molimo Tamuze”

13. Ezekiele o ile a bona basali ba marabele ba etsa’ng keiting e ’ngoe ea tempele?

13 Bala Ezekiele 8:13, 14. Ka mor’a hore Ezekiele a bone lipono tse peli tsa lintho tse nyonyehang tseo Baiseraele ba neng ba li etsa, Jehova o ile a boela a re ho eena: “U tla bona lintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tseo ba li etsang.” Ebe o ile a bona’ng hape? Ha a le “keiting e ka leboea ea ntlo ea Jehova,” o ile a bona “basali ba lutseng fatše moo, ba llela molimo Tamuze.” Tamuze e ne e le molimo oa sebaka seo ho thoeng ke Mesopotamia. Libukeng tse ngotsoeng ka puo ea batho ba Sumeria, molimo eo o bitsoa Dumuzi. O ne a nkoa e le mohatsa oa molimotsana Ishtare eo ho neng ho thoe ke molimotsana ea thusang basali hore ba be le bana. d Ho bonahala eka basali ba Baiseraele ba ne ba lla hobane e ne e le moetlo oa bolumeli o amanang le lefu la Tamuze. Ha basali bao ba ne ba llela Tamuze ka tempeleng ea Jehova, ba ne ba etsetsa moetlo oa bohetene moo ho neng ho lokela ho etsoa lintho tse amanang le borapeli ba ’nete feela. Empa moetlo oa bohetene o ne o ke ke oa nepahala hobane feela o etsetsoa ka tempeleng ea Molimo. Etsoe le Jehova o ile a re basali bana ba marabele ba etsa “lintho tse nyonyehang.”

14. Tsela eo Jehova a neng a ikutloa ka eona ka liketso tsa basali ba marabele ba Baiseraele e re ruta eng?

14 Tsela eo Jehova a neng a ikutloa ka eona ka liketso tsa basali bao e re ruta eng? Ha rea lokela ho tsoaka borapeli ba rona le meetlo ea bohetene haeba re batla hore bo lule bo amoheleha ho Jehova. Ke kahoo re sa lokelang ho kenella meketeng efe kapa efe e qalileng meetlong ea bohetene. Na hoa tsotelleha hore na mekete e qalile hokae? E, hoa tsotelleha. Mehleng ena, lintho tse etsoang meketeng e kang oa Keresemese le oa Paseka li ka bonahala li se na phoso. Empa re se ke ra lebala hore Jehova o tseba hantle hore na meetlo ena ea bohetene ea bolumeli e qalile joang le hore na ho tlile joang hore ebe e ntse e etsoa le mehleng ena. Jehova a ke ke a amohela meetlo eo ea bohetene hobane feela e na le lilemo e etsoa kapa hobane e tsoakoa le borapeli ba ’nete.—2 Bakor. 6:17; Tšen. 18:2, 4.

Pono ea Bone: Banna ba 25 “ba Khumamela Letsatsi”

15, 16. Banna ba 25 ba ne ba etsa’ng ka lebaleng le ka hare la tempele, hona ke hobane’ng ha liketso tsa bona li ile tsa khopisa Jehova?

15 Bala Ezekiele 8:15-18. Ha Jehova a bontša Ezekiele pono ea bone ebile e le ea ho qetela, o ile a pheta mantsoe ana: “U tla bona lintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.” E ka ’na eaba Ezekiele o ile a ipotsa hore na ebe ke eng ee e nyonyehang ho feta lintho tseo a seng a ntse a li bone. O ne a se a le lebaleng le ka hare la tempele eaba o bona banna ba 25 ba khumame ba rapela “letsatsi ba shebile ka bochabela” ba le monyako oa tempele. Banna bana ba ne ba ka ’na ba khopisa Jehova empa eseng ka tsela ena! Ke hobane’ng ha re cho joalo?

16 Nahana ka pono ena: Monyako oa tempele ea Molimo o ne o shebile ka bochabela. Batho ba neng ba tlile tempeleng ho tla rapela ba ne ba kena ba shebile ka bophirimela ba furaletse letsatsi le hlahang ka bochabela. Empa banna ba 25 ba hlahang ponong ba ne ‘ba furaletse tempele’ ba shebile hona ka bochabela e le hore ba ka rapela letsatsi. Ha ba etsa joalo ba ne ba furalla Jehova hobane tempele eo e ne e le “ntlo ea Jehova.” (1 Mar. 8:10-13) Banna bao ba 25 e ne e le marabele. Ba ile ba tella Jehova, ba tlola molao oa hae o hlahang ho Deuteronoma 4:15-19. Kannete banna bana ba ne ba khopisitse Jehova eo e leng eena feela ea lokelang ho rapeloa.

Barapeli ba Jehova ba lokela ho rapela eena feela

17, 18. (a) Re ithuta’ng tlalehong ea banna ba neng ba rapela letsatsi ba le tempeleng? (b) Baiseraele bao ba marabele ba sentse setsoalle sa bona le bo-mang, hona ba se sentse joang?

17 Re ithuta’ng tlalehong ea banna baa ba neng ba rapela letsatsi? Re lokela ho kopa Jehova hore a re fe bohlale le kutloisiso haeba re batla hore borapeli ba rona bo amohelehe ho eena. Re hopole hore “Jehova Molimo o joaloka letsatsi” le Lentsoe la hae ke “leseli” le bonesang tsela ea rona. (Pes. 84:11; 119:105) Jehova o sebelisa Lentsoe la Hae le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng tse etsoang ke mokhatlo oa hae ho re thusa ho ba bohlale le ho re bontša hore na re phele joang e le hore re thabe hona joale le ho fumana bophelo bo sa feleng ka moso. Haeba re ne re ka batla hore lefatše lena le re rute hore na re phele joang, re ne re tla be re furalla Jehova. Haeba re ka etsa joalo, re tla be re mo khopisa ebile re mo utloisa bohloko haholo. Ha se ntho eo re ka batlang ho e etsa Jehova le ka mohla! Hape pono ea Ezekiele e re ruta hore re tsamaele hole le batho ba furallang lithuto tsa Jehova, e leng bakoenehi.—Liprov. 11:9.

18 Ho fihlela hona joale, re se re bone hore Ezekiele o bone lipono tse ’nè tse nyonyehang tse bontšang Baiseraele ba neng ba rapela melimo ea bohata. Lipono tseo li bontšitse hore na Baiseraele ba ne ba silafalitse borapeli ba ’nete hakae. Ba ile ba senya setsoalle sa bona le Jehova ka ho silafatsa borapeli ba ’nete. Ha borapeli ba ’nete bo silafetse, le boitšoaro bo bobe bo ba teng. Kahoo ha ho makatse hore ebe Baiseraele bao ba marabele ba ile ba etsa lintho tse ngata tse tsoileng tseleng tse ileng tsa senya setsoalle sa bona le Jehova le batho ba bang. A re ke re boneng hore na Lentsoe la Molimo le re’ng bukeng ea Ezekiele ha le hlalosa boitšoaro bo litšila ba Baiseraele bana ba marabele.

Ba “Etsa Boitšoaro bo Bobe”

19. Ezekiele o ile a re’ng ha a hlalosa boitšoaro bo bobe ba sechaba sa Jehova?

19 Bala Ezekiele 22:3-12. Sechaba se ne se itšoere hampe, ho bolile ho tloha ka babusi ho ea tsoa ka batho feela. “Likhosana” kapa baeta-pele ba ne ba sebelisa matla a bona hampe ba bolaea batho ba se nang molato. Ho bonahala sechaba se ile sa etsisa baeta-pele ba sona eaba se tlola Molao oa Molimo. Ka malapeng bana ba ne ‘ba sa hlomphe batsoali ba bona’ hape batho ba ne ba tloaetse ho etsa thobalano le beng ka bona. Baiseraele ba marabele ba ne ba etsetsa balichaba bolotsana, ba sotla likhutsana le bahlolohali. Banna ba ne ba qobella basali ba baahisani ba bona hore ba etse thobalano le bona. Batho ba ne ba tsoile lipelo ke ho ba meharo kaha ba ne ba rata tjotjo, ba nkela batho lintho ka nkane ebile ba batla tsoala kapa phaello ha ba alimane ka lintho tsa bona. Nahana feela hore na Jehova o ne a utloa bohloko hakae ha a bona batho ba hae ba tlola Molao oa hae ka boomo. Ba ile ba hloleha ho utloisisa hore Jehova o ne a ba file melao eo hobane a ba rata. Boitšoaro bona ba bona bo bobe bo ile ba utloisa Jehova bohloko haholo. Jehova o ile a ba a laela Ezekiele hore a re ho bona: ‘Le ntahlile.’

Lintoa le boitšoaro bo bobe li ntse li eketseha lefatšeng ka lebaka la bolumeli ba bohata (Sheba serapa sa 20)

20. Litaba tseo Ezekiele a li buileng ka boitšoaro bo nyonyehang ba Baiseraele li tšoana joang le lintho tse etsahalang mehleng ee?

20 Litaba tseo Ezekiele a li buileng ka boitšoaro bo nyonyehang ba Baiseraele li tšoana joang le lintho tse etsahalang mehleng ee? Bobolu ba Baiseraele bao ba marabele bo re hopotsa lefatše lena leo re phelang ho lona le tletseng batho ba itšoereng hampe. Babusi ba sebelisa matla a bona hampe ho hatella batho. Baeta-pele ba bolumeli, haholo-holo baruti ba likereke tsa malumeli a bohata, ba hlohonolofalitse batho ba eang lintoeng tse entseng hore ho bolaoe batho ba baloang ka limilione. Hape baruti ha ba hlomphe melao e hlakileng ea Bibele e re thusang hore re lule re hloekile, e mabapi le boitšoaro bo amanang le thobalano. Ka lebaka leo, boitšoaro ba batho ba lefatše lena bo ntse bo hlepha le ho feta. Re kholisehile hore Jehova o ntse a ka bolella likereke tsa malumeli a bohata mantsoe a tšoanang le ao a ileng a a bolella Baiseraele ba marabele a reng: ‘Le ntahlile.’

21. Ke’ng eo re ka ithutang eona ka boitšoaro bo hlephileng ba Baiseraele ba mehleng ea khale?

21 Ke’ng eo rona batho ba Jehova re ka ithutang eona ka boitšoaro bo hlephileng ba Baiseraele ba mehleng ea khale? E le hore Jehova a amohele borapeli ba rona, re lokela ho lula re itšoere hantle maemong ’ohle. Ha ho bonolo ho etsa joalo lefatšeng lena le bolileng hakana. (2 Tim. 3:1-5) Empa rea tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka mefuta eohle ea boitšoaro bo bobe. (1 Bakor. 6:9, 10) Re mamela melao ea Jehova ea boitšoaro hobane rea mo rata ebile re rata melao ea hae. (Pes. 119:97; 1 Joh. 5:3) Haeba re ne re ka itšoara hampe, e ne e tla ba ha re rate Molimo oa rona ea halalelang. Kannete ha ho le ea mong oa rona ea ka batlang ho fa Jehova lebaka la hore a re ho eena: “U ntahlile.”

22. (a) Ka mor’a hore re hlahlobe lipono tseo Jehova a ileng a li bontša Ezekiele tsa Baisraele ba mehleng ea khale, u ikemiselitse ho etsa’ng? (b) Re tla ithuta’ng khaolong e latelang?

22 Re ithutile lithuto tsa bohlokoa ha re ntse re hlahloba lipono tseo Jehova a li bontšitseng Ezekiele, tse bontšang boitšoaro bo nyonyehang ba Baiseraele le kamoo ba silafalitseng borapeli ba ’nete kateng. Kannete re ikemiselitse le ho feta ho rapela Jehova feela hobane ke eena feela ea lokelang ho rapeloa. Kahoo, re lokela ho lula re itšoere hantle le ho baleha mefuta eohle ea borapeli ba litšoantšo. Jehova o ile a etsa’ng ka Baiseraele bao ba marabele? Ka mor’a hore Jehova a bontše Ezekiele lintho tse neng li etsahala tempeleng, o ile a bua a sa hlathe koana le koana hore o tla ba halefela. (Ezek. 8:17, 18) Ho bohlokoa hore re tsebe hore na Jehova o ile a etsa’ng ka Baiseraele bao ba sa tšepahaleng hobane o tl’o etsa ntho e tšoanang ka lefatše lena le bolileng. Khaolong e latelang re tla ithuta hore na likahlolo tseo Jehova a ahlotseng Baiseraele ka tsona li ile tsa phethahala joang.

a Bukeng ea Ezekiele hangata ha ho thoe “Baiseraele” ho buuoa ka baahi ba Juda le Jerusalema.—Ezek. 12:19, 22; 18:2; 21:2, 3.

b Taba ea hore ebe ho sebelisitsoe lentsoe “halefa” ea bontša hore Jehova o nka taba ea ho tšepahala e tebile. Re ka tšoantša khalefo ena le eo monna a ka bang le eona ha a fumana hore mosali oa hae o mo tsoile tlase. (Liprov. 6:34) Feela joaloka monna eo, Jehova le eena o ile a halefa ha a fumana hore batho ba hae ba mo tsoile tlase ka ho rapela melimo ea litšoantšo. Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele e re: “Molimo o halefa . . . hobane a halalela. Kaha ke eena feela Ea Halalelang . . . , a ke ke a lumella borabele.”—Ex. 34:14.

c Polelo ea Seheberu e bolelang “litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang” e ka amana le lentsoe la Seheberu le bolelang “bolokoe” ’me e sebelisitsoe ho bontša ho hloea.

d Batho ba bang ba lumela hore Tamuze ke lebitso le leng la Nimrode empa ha ho letho le tiisang taba eo.