Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA BORARO

“Ke Tla . . . le Bokella”—Jehova o Tšepisitse ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete

“Ke Tla . . . le Bokella”—Jehova o Tšepisitse ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete

EZEKIELE 20:41

NTLHA-KHOLO: Boprofeta ba Ezekiele boa bontša hore na borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa joang

Baiseraele ba arohane ka lebaka la bokoenehi. Ba khola litholoana tsa liphoso tsa bona hobane ba ile ba tlohela borapeli ba ’nete le ho senya Molimo lebitso. Nakong eo ba feletsoeng ke tšepo, Jehova o fa Ezekiele boprofeta bo etsang hore ba be le tšepo. Jehova o khothatsa Baiseraele ba botlamuoeng le batho bohle ba lakatsang hore borapeli ba ’nete bo boele bo be teng ka ho sebelisa litšoantšiso tsa boprofeta le lipono.

KAROLONG ENA

KHAOLO EA 8

“Ke Tla li fa Molisa a le Mong”

Molimo o susumelletsa Ezekiele hore a tlalehe lintho tse ’nè tse profetiloeng ka Mesia, e leng ’Musi le Molisa oa batho ba Jehova ea tla tsosolosa borapeli ba ’nete ka ho sa feleng.

KHAOLO EA 9

“Ke Tla ba Momahanya”

Na boprofeta bo neng bo ea ho Baiseraele ba tšepahalang ba botlamuoeng boa re ama mehleng ee?

KHAOLO EA 10

“Le Tla Boela le Phele”

Ezekiele o bona pono ea thota e tletseng masapo a omeletseng ebe masapo ao aa phelisoa. Pono ee e bolela’ng?

KHAOLO EA 11

“Ke u Khethile Hore u be Molebeli”

Mosebetsi oa molebeli enoa ke ofe? O lokela ho lemosa batho ka eng?

KHAOLO EA 12

“Ke Tla ba Etsa Sechaba se le Seng”

Jehova o tšepisa hore o tla momahanya batho ba hae.

KHAOLO EA 13

‘Hlalosa Tempele’

Pono ea tempele eo Ezekiele a e boneng e bolela’ng?

KHAOLO EA 14

“Ona ke Molao oa Tempele”

Ke lithuto life tseo Bajuda ba mehleng ea Ezekiele ba ileng ba ithuta tsona tempeleng ea Ezekiele e hlahang ponong? Ke’ng seo re ithutang sona ho eona?