Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 10

“Le Tla Boela le Phele”

“Le Tla Boela le Phele”

EZEKIELE 37:5

NTLHA-KHOLO: Boprofeta ba “masapo a omeletseng” a phelisoang hape le ho phethahala ha bona

1-3. Ke’ng e etsang hore Baiseraele ba Babilona ba nyahame haholo? (Sheba setšoantšo se qalang.)

 BAISERAELE ba Babilona ba nyahame haholo. Ezekiele o ne a ile a qeta lilemo tse hlano a ba profetela hore Jerusalema e tla felisoa empa ha baa ka ba mo nkela hloohong. Ezekiele o ile a etsa litšoantšiso tsa boprofeta, a etsa lipapiso a ba a ba bolella melaetsa e tsoang ho Jehova empa ba ile ba hana ho lumela hore Jehova o tla tlohela Jerusalema hore e felisoe. Le ka mor’a hore ba tsebe hore Jerusalema e thibeletsoe ke lebotho la Babilona, ba ne ba ntse ba lumela hore baahi ba motse ba tla sireletseha.

2 Ka mor’a lilemo tse peli Jerusalema e thibeletsoe, monna ea phonyohileng o tlisa tlaleho ena Babilona: “Motse o lihiloe!” Ha Baiseraele ba utloa litaba tsena, ba sala ba oele moea. Ba thatafalloa ho utloisisa hore motse oo ba o ratang le tempele e halalelang kaofela li ile. Tšepo eo esale ba e-na le eona ea hore Jerusalema e ke ke ea felisoa, e fetoha masoabi.—Ezek. 21:7; 33:21.

3 Leha ho le joalo, ka eona nako ena ea mahlomola, Ezekiele o bontšoa pono e fanang ka tšepo. Pono ee e na le molaetsa ofe o fanang ka tšepo bakeng sa Baiseraele baa ba lahlehetsoeng ke tšepo? Pono ee e amana joang le batho ba Molimo mehleng ee, hona ba ka fumana molemo ofe ho eona? E le hore re arabe lipotso tseo, a re ke re hlahlobeng hore na Jehova o ile a bontša Ezekiele eng.

“Profetela Masapo Ana” Hape “Profetela Moea”

4. Ezekiele o ile a bona lintho life tse ikhethang ponong?

4 Bala Ezekiele 37:1-10. Ponong, Ezekiele o behoa thoteng e tletseng masapo. Jehova o ile a fetisa Ezekiele har’a masapo ao kaofela e le ho etsa hore a utloisise pono eo hantle. Ha a ntse a tsamaea har’a ’ona, o ile a hlokomela lintho tse peli tse ikhethang ka ’ona. O ile a bona hore “masapo a mangata” le hore ‘a omeletse haholo.’

5. Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo life tse peli, hona ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Ezekiele a phethe litaelo tseo?

5 Ka mor’a moo, Jehova o ile a fa Ezekiele litaelo tse peli tse neng li tla etsa hore masapo ao a tsosoe mohato ka mohato. Taelo ea pele e ne e re: “Profetela masapo ana” u re a “phele.” (Ezek. 37:4-6) Hang ha Ezekiele a qala ho profeta, ho ile ha e-ba le “molumo, e ne e le molumo oa masapo a kopanang eaba aa kopana.” Ka mor’a moo, “mesifa le nama” ea hlaha masapong “eaba letlalo lea a koahela.” (Ezek. 37:7, 8) Taelo ea bobeli e ne e re: “Profetela moea” e le hore o “butsoele” batho. Ha Ezekiele a qala ho profeta, “ba qala ho phela ’me ba ema ka maoto. E ne e le batho ba bangata haholo.”—Ezek. 37:9, 10.

“Masapo a Rona a Omeletse le Tšepo ea Rona e Felile”

6. Ke mantsoe afe ao Jehova a a sebelisitseng ho thusa Ezekiele ho utloisisa pono?

6 Jehova o ile a bolella Ezekiele hore na pono eo e bolela’ng. O ile a re: “Masapo ana ke Baiseraele bohle.” Ka mor’a hore Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng Babilona ba utloe hore Jerusalema e felisitsoe, ba ile ba utloa ho tšoana le ha ba shoele. Ba ile ba lla ba re: “Masapo a rona a omeletse le tšepo ea rona e felile. Kannete re felisitsoe.” (Ezek. 37:11; Jer. 34:20) Jehova o ile a utloa sello sa bona eaba oa ba hlalosetsa hore hantle-ntle pono eo e bohloko ea masapo a omeletseng e na le molaetsa oa tšepo bakeng sa bona.

7. Ho Ezekiele 37:12-14, Jehova o ile a bolella Ezekiele eng? Mantsoe ao a ile a etsa hore Baiseraele ba ikutloe joang?

7 Bala Ezekiele 37:12-14. Jehova o ile a sebelisa pono eo ho kholisa Baiseraele ba botlamuoeng hore o tla ba phelisa hape, a ba khutlisetse naheng ea bona e le hore ba lule teng. Hape, Jehova o ile a boela a ba bitsa “sechaba sa ka.” E tlameha ebe mantsoe ana a ile a khothatsa Baiseraele bana ba neng ba feletsoe ke tšepo. Ke hobane’ng ha ba ne ba ka kholoa hore tšepiso eo e tla phethahala? Ke hobane ke Jehova ea neng a tšepisitse. O ile a re: “’Na Jehova ke entse seo ke se buileng.”

8. (a) Ke ka tsela efe “Baiseraele bohle” ba neng ba shoele? (b) Ezekiele 37:9 e re ke’ng e entseng hore Baiseraele ba shoe? (Sheba naletsana.)

8 Tse ling tsa lintho tse hlahang boprofeteng boo ba Ezekiele li ile tsa phethahala joang ho Baiseraele? Ka selemo sa 740 pele ho mehla ea Jesu, kamano ea Jehova le Baiseraele e ne e se e ntse e senyehile ha ’muso oa maloko a leshome o oa ’me batho ba teng ba haptjoa. Lilemo tse 130 ka mor’a moo ha batho ba Juda ba haptjoa, “Baiseraele bohle” ba ile ba ea botlamuoeng. (Ezek. 37:11) Ka tsela ea tšoantšetso, ho ne ho tšoana le ha Baiseraele bohle ba shoele joaloka masapo ao re a boneng ponong ea Ezekiele a Hape u hopole hore Ezekiele o bone masapo “a omeletseng haholo” e leng ntho e bontšang hore e ne e se joale ba shoele. Baiseraele bohle ba qetile lilemo tse fetang 200 ba le boemong boo, ho tloha ka selemo sa 740 ho ea ho sa 537 pele ho mehla ea Jesu.—Jer. 50:33.

9. Lintho tse etsahaletseng Baiseraele ba mehleng ea khale li tšoana joang le tse etsahaletseng “Iseraele ea Molimo”?

9 Boprofeta ba ho nchafatsoa ha lintho tsohle bo amang Baiseraele bo kang boo Ezekiele a buileng ka bona bo phethahetse ka tsela e kholoanyane. (Lik. 3:21) Baiseraele ba mehleng ea khale ba ile ba ‘bolaoa’ eaba ba qeta nako e telele ba shoele ka tsela ea tšoantšetso. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba tlotsitsoeng e leng “Iseraele ea Molimo” ba ile ba bolaoa ka tsela ea tšoantšetso ’me ba qeta nako e telele ba le botlamuoeng. (Bagal. 6:16) Ha e le hantle, Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ile ba qeta nako e telele ba le botlamuoeng hoo kamano ea bona le Jehova e neng e ka tšoantšoa le masapo “a omeletseng haholo.” (Ezek. 37:2) Joalokaha khaolo e fetileng e bontšitse, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ea botlamuoeng ho tloha ka selemo sa 100 ka mor’a mehla ea Jesu ho ea pele. Ba ile ba qeta nako e telele ba le botlamuoeng feela joalokaha Jesu a ne a bontšitse papisong ea hae ea koro le mofoka e buang ka ’Muso oa Molimo.—Mat. 13:24-30.

Masapo “a omeletseng haholo” ao Ezekiele a ileng a a bona ponong a ne a bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba tla nka nako e telele ba le botlamuoeng Babilona e Moholo (Sheba lirapa tsa 8, 9)

‘Masapo aa Kopana’

10. (a) Ho Ezekiele 37:7, 8 Jehova o ile a profeta hore ho tla etsahala’ng ka batho ba hae? (b) Ke lintho life tseo e tlamehang ebe li ile tsa etsa hore Baiseraele ba be le tšepo?

10 Jehova o ile a profeta hore batho ba hae ba tla bona ha a tsosolosa lintho mohato ka mohato. (Ezek. 37:7, 8) Ke lintho life tse entseng hore butle-butle batho ba Molimo ba neng ba le botlamuoeng ba be le tumelo ea hore tšepo eo ba neng ba e-na le eona ea hore ba tla khutlela Iseraele e tla phethahala? E tlameha ebe ntho e ’ngoe e ba fileng tšepo ke mantsoe a builoeng ke baprofeta ba phetseng pele ho bona. Mohlala, Esaia o ile a profeta hore “peo e halalelang” e leng Baiseraele ba setseng, ba ne ba tla khutlela naheng ea habo bona. (Esa. 6:13; Jobo 14:7-9) Ntho e ’ngoe e neng e etsa hore ba lule ba e-na le tšepo ke boprofeta bo bongata bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boo Ezekiele a neng a bo ngotse. Hape banna ba tšepahalang ba kang moprofeta Daniele ba ne ba le teng Babilona, le motse oa Babilona o ile oa lihuoa ka selemo sa 539 pele ho mehla ea Jesu. E tlameha ebe lintho tsena li ile tsa etsa hore Baiseraele ba be le tšepo ea hore ba tla khutlela habo bona.

11, 12. (a) Boprofeta ba ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete mohato ka mohato bo ile ba phethahala joang ho “Iseraele ea Molimo”? (Sheba le lebokose le reng “Borapeli ba ’Nete bo Tsosolositsoe Mohato ka Mohato.”) (b) Ezekiele 37:10 e etsa hore re ipotse potso efe?

11 Boprofeta boo ba ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete mohato ka mohato bo ile ba phethahala joang ho “Iseraele ea Molimo” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng? Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba e-na le lilemo tse makholo ba le botlamuoeng Babilona e Moholo, ho ile ha utloahala “molumo oa masapo a kopanang” ha batho ba itseng ba hlomphang Molimo ba ne ba emela borapeli ba ’nete ka maoto. Mohlala, lilemong tsa bo-1500, William Tyndale o ile a fetolela Bibele ka Senyesemane. Baruti ba Roma e K’hatholike ba ile ba halefisoa ke hore ebe Bibele e ne e se e ka baloa ke batho feela tjee. Tyndale o ile a bolaoa. Leha a se a bolailoe, batho ba bang ba sebete ba ile ba tsoela pele ho fetolela Bibele ka lipuo tse ling ’me butle-butle batho ba bang ba bangata ba ile ba khona ho bala Lentsoe la Molimo.

12 Hamorao ha Charles T. Russell le metsoalle ea hae ba qala ho sebetsa ka thata ho ruta lithuto tsa ’nete tsa Bibele, ho ne ho tšoana le ha “mesifa le nama” e hlaha masapong. Zion’s Watch Tower le lingoloa tse ling li ile tsa thusa batho ba ratang Molimo hore ba ithute ’nete e tsoang ka Bibeleng eaba qetellong ba ikopanya le bahlanka ba Molimo ba batlotsuoa. Maqalong a lilemo tsa bo-1900, bahlanka ba Molimo ba batlotsuoa ba ile ba tsosoa molota ke lintho tse kang “Photo-Drama of Creation” le buka ea The Finished Mystery. Le pele ho feta nako e telele, nako e ile ea fihla ea hore Molimo a etse hore batho ba hae ‘ba eme ka maoto.’ (Ezek. 37:10) See se ile sa etsahala neng, hona joang? Lintho tse ileng tsa etsahala Babilona mehleng ea khale li re thusa ho fumana karabo ea potso eo.

“Ba Qala ho Phela ’me ba Ema ka Maoto”

13. (a) Qalong ea selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu, boprofeta bo ho Ezekiele 37:10, 14 bo ile ba phethahala joang? (b) Ke mangolo afe a bontšang hore ba bang ba ’muso oa maloko a leshome ba ile ba khutlela Iseraele?

13 Ho tloha ka selemo sa 537, Baiseraele ba neng ba le Babilona ba ile ba bona ha lintho tse hlahang ponong ena li phethahala. Li ile tsa phethahala joang? Jehova o ile a etsa hore ba phele hape le hore ba ‘eme ka maoto’ ka ho ba lokolla Babilona le ho ba khutlisetsa habo bona Iseraele. Baiseraele ba 42 360 le batho ba 7 000 bao e seng Baiseraele ba ile ba tloha Babilona ho ea tsosolosa Jerusalema le tempele le ho lula teng. (Esdr. 1:1-4; 2:64, 65; Ezek. 37:14) Lilemo tse 70 hamorao, Baiseraele ba ka bang 1 750 ba ile ba khutlela Jerusalema le Esdrase. (Esdr. 8:1-20) Ha ba kopanngoa kaofela, ho ne ho khutlile Baiseraele ba ka holimo ho 44 000. Kannete e ne e le “batho ba bangata haholo.” (Ezek. 37:10) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re Baiseraele ba bang ba ’muso oa maloko a leshome bao baholo-holo ba bona ba neng ba isitsoe botlamuoeng ke Baasiria lilemong tsa bo-700, ba ile ba khutlela Iseraele ho ea thusetsa ha ho hahoa tempele.—1 Likron. 9:3; Esdr. 6:17; Jer. 33:7; Ezek. 36:10.

14. (a) Mantsoe a ho Ezekiele 37:24 a re thusa joang ho tseba nako eo karolo ea bohlokoa ea boprofeta boo e tla phethahala ka eona? (b) Ho etsahetse’ng ka 1919? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta ba ‘Masapo a Omeletseng’ le ‘Lipaki Tse Peli’ bo Amana Joang?”)

14 Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang mehleng ee? Joalokaha Jehova a boleletse Ezekiele, karolo ea bohlokoa ea boprofeta boo e ne e tla phethahala nako e khutšoanyane ka mor’a hore Davida e Moholo e leng Jesu Kreste a qale ho busa e le Morena. b (Ezek. 37:24) Ka 1919, Jehova o ile a fela a fa batho ba hae moea oa hae o halalelang. Ka lebaka leo, ba ile ba ‘phela’ ’me ba lokolloa botlamuoeng Babilona e Moholo. (Esa. 66:8) Ka mor’a moo, Jehova o ile a ba lumella hore ba lule “naheng” ea bona e leng moo ba neng ba tla khona ho rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang. Ke joang batho ba Jehova mehleng ee ba neng ba tla ba “bangata haholo”?

15, 16. (a) Ho tlile joang hore batho ba Jehova mehleng ee ba be “bangata haholo”? (b) Boprofeta boo ba Ezekiele bo re thusa joang ho sebetsana le mathata a boima? (Sheba lebokose le reng “Jehova o re Thusa Hore re Eme Hape.”)

15 Zakaria ea neng a sebetsa e le moprofeta nakong eo ka eona Baiseraele ba khutletseng Jerusalema, o ne a ile a profeta mantsoe ana: “Batho ba bangata le lichaba tse matla li tla tla . . . li tl’o sebeletsa Jehova.” Nako e khutšoanyane ka mor’a hore Kreste a khethe mohlanka ea tšepahalang ka 1919, batho ba Molimo ba ile ba bona ha mantsoe ana a Zakaria a phethahala. Zakaria o ile a bontša hore lichaba tseo tse neng li tla sebeletsa Jehova ke “banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba.” Banna bao ba ne ba tla tšoara “Mojuda” e leng Iseraele ea Molimo ba ntse ba re: “Re batla ho tsamaea le lona hobane re utloile hore Molimo o na le lona.”—Zak. 8:20-23.

16 Mehleng ena, bao e leng Iseraele ea Molimo (Bakreste ba tlotsitsoeng) le “banna ba leshome” (linku tse ling) kaofela ke “batho ba bangata haholo” ba baloang ka limilione. (Ezek. 37:10) Kaha re masole a Kreste ebile re karolo ea batho bana ba bangata haholo ba ntseng ba eketseha, re latela Morena Jesu kahohle kamoo re ka khonang e le hore re fumane litlhohonolofatso tseo a tla re fa tsona ka moso.—Pes. 37:29; Ezek. 37:24; Bafil. 2:25; 1 Bathes. 4:16, 17.

17. Re tla hlahloba’ng khaolong e hlahlamang?

17 Ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete ho ne ho tla etsa hore batho ba Molimo ba be le boikarabelo ba bohlokoa. Ke boikarabelo bofe? E le hore re fumane karabo ea potso eo, re hloka ho khutlela morao re hlahlobe mosebetsi oo Jehova a ileng a o fa Ezekiele le pele Jerusalema e felisoa. Re tla etsa joalo khaolong e hlahlamang.

a Masapo ao Ezekiele a a boneng ponong e ne e se a batho ba shoeleng hobane ba ne ba kula kapa ba tsofetse empa e ne e le a batho “ba bolailoeng.” (Ezek. 37:9) Baiseraele ba neng ba busoa ke ’muso oa maloko a leshome a Iseraele le ’muso oa maloko a mabeli a Juda ba ile ba hloloa, ba haptjoa le ho isoa botlamuoeng ke Baasiria le Bababilona. Ho ne ho tšoana le ha eka “Baiseraele bohle” ba bolailoe.

b Boprofeta bona bo buang ka Mesia bo ile ba tšohloa Khaolong ea 8.