Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 12

“Ke Tla ba Etsa Sechaba se le Seng”

“Ke Tla ba Etsa Sechaba se le Seng”

EZEKIELE 37:22

NTLHA-KHOLO: Khaolong ena re tl’o ithuta ka tšepiso ea Jehova ea hore o tla bokella batho ba hae le ka boprofeta ba lithupa tse peli

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha Bajuda ba botlamuoeng ba tšohile? (b) Ke hobane’ng ha ba tl’o makala lekhetlong lee? (c) Re tl’o bua ka lipotso life?

 MOLIMO o ile a sebelisa Ezekiele hore a bolelle batlamuoa ba Babilona boprofeta a sebelisa lipontšo. Boprofeta ba pele boo Ezekiele a ileng a etsa pontšo ea bona e ne e le bo buang ka molaetsa oa kahlolo. Boprofeta ba bobeli le ba boraro le bona bo ne bo bua ka molaetsa oa kahlolo. (Ezek. 3:24-26; 4:1-7; 5:1; 12:3-6) Ha e le hantle, boprofeta bohle boo a ileng a bo bontša bo ne bo bua ka likahlolo tse boima tseo Bajuda ba neng ba tl’o li fuoa.

2 Nahana feela hore na Bajuda ba botlamuoeng ba tšohile hakae ha Ezekiele a ema ka pel’a bona hape, a itokisetsa ho ba bolella boprofeta bo bong. E ka ’na eaba baa ipotsa, ‘Ebe lekhetlong lee o tl’o re bolella molaetsa ofe oa kahlolo?’ Empa lekhetlong lena ba ke ke ba kholoa seo ba tl’o se utloa. Boprofeta boo Ezekiele a ba bolellang bona ha bo tšoane le ba nakong e fetileng. Ha bo bue ka likahlolo tse bohloko empa bo bua ka tšepiso e thabisang. (Ezek. 37:23) Ezekiele o bolella Bajuda bao molaetsa ofe? Molaetsa oo o bolela’ng? O ama bahlanka ba Molimo joang kajeno? A re ke re bone.

“E Tla ba Ntho e le ’Ngoe Letsohong la Ka”

3. (a) Thupa “ea Juda” e ne e emela’ng? (b) Ke hobane’ng ha thupa “e emelang Efraime” e le ’muso oa maloko a leshome?

3 Jehova o ile a re Ezekiele a nke lithupa tse peli. Thupeng ea pele a ngole “ea Juda” ’me thupeng ea bobeli a ngole “ea Josefa e emelang Efraime.” (Bala Ezekiele 37:15, 16.) Lithupa tsee tse peli li ne li emela’ng? Thupa “ea Juda” e ne e emela ’muso oa Juda le oa Benjamine oa maloko a mabeli. Maloko ao a mabeli a ne a busoa ke marena a tsoang lelokong la Juda. Baprista le bona ba ne ba lula naheng ea maloko ao ’me ba sebeletsa tempeleng Jerusalema. (2 Likron. 11:13, 14; 34:30) Ka lebaka leo, ’muso oa Juda o ne o e-na le marena a tsoang lelokong la Davida hammoho le baprista ba tsoang lelokong la Levi. Thupa “e emelang Efraime” ke ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome. Ke hobane’ng ha thupa eo e emela Efraime? Morena oa pele oa ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome e ne e le Jeroboame ea tsoang lelokong la Efraime. Ha nako e ntse e e-ea Efraime e ile ea e-ba leloko le matla Iseraele. (Deut. 33:17; 1 Mar. 11:26) Hlokomela hore ’muso oa Iseraele oa maloko a leshome o ne o se na marena a tsoang lelokong la Davida le baprista ba tsoang lelokong la Levi.

4. Ntho e ’ngoe eo Ezekiele a e etsang ka lithupa tseo tse peli e bontša’ng? (Sheba setšoantšo se qalang.)

4 Ezekiele o ile a boela a laeloa hore a kopanye lithupa tseo tse peli “hore e be thupa e le ’ngoe.” Ha Bajuda ba botlamuoeng ba ntse ba shebile Ezekiele ba tšoenyehile, ba ile ba re ho eena: “Re bolelle hore na lintho tsena li bolela’ng.” O ile a re pontšo eo a e etsang e bontša seo Jehova a neng a tla se etsa. Ha Jehova a bua ka lithupa tseo tse peli o ile a re: “Ke tla li etsa thupa e le ’ngoe ’me e tla ba ntho e le ’ngoe letsohong la ka.”Ezek. 37:17-19.

5. Ha Ezekiele a ne a kopanya lithupa tse peli, seo se ne se bolela’ng? (Sheba lebokose le reng “Lithupa Tse Peli Lia Kopanngoa.”)

5 Ka mor’a moo, Jehova o ile a hlalosa hore na ho kopanya lithupa tseo tse peli ho bolela’ng. (Bala Ezekiele 37:21, 22.) Batlamuoa ba tsoang ’musong oa Juda oa maloko a mabeli le ba tsoang ’musong oa Iseraele oa maloko a leshome (Efraime) ba ne ba tla khutlisetsoa naheng ea Iseraele. Ha ba le moo e ne e tla ba “sechaba se le seng.”—Jer. 30:1-3; 31:2-9; 33:7.

6. Ke boprofeta bofe bo lumellanang bo hlahang ho Ezekiele khaolo ea 37?

6 Hoa thabisa ho hlokomela hore boprofeta bo hlahang ho Ezekiele khaolo ea 37, bo buang ka ho tsosolosa borapeli ba ’nete ha bo hanyetsane. Jehova o tla bontša hore ke Molimo ea khonang ho lokolla batho ba hae botlamuoeng (temana ea 1-14) le ho etsa hore ba momahane (temana ea 15-28). Molaetsa o khothatsang oa boprofeta bona ke hore batho ba isitsoeng botlamuoeng ba tla khutlisetsoa naheng ea habo bona ’me ba boela ba momahana.

Jehova o Ile a Lata Batho ba Hae Joang?

7. Lengolo la 1 Likronike 9:2, 3 le bontša joang hore “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo”?

7 Batho ba ne ba ka ’na ba nahana hore ho ke ke ha khoneha hore Bajuda ba botlamuoeng ba lokolloe ba be ba momahane. a Leha ho le joalo, “lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.” (Mat. 19:26) Jehova o ile a phethahatsa seo a se buileng. Bajuda ba neng ba le botlamuoeng Babilona ba ile ba lokolloa ka selemo sa 537 pele ho mehla ea Jesu. Ka mor’a moo, batho ba tsoang mebusong eo e ’meli ba ile ba fihla Jerusalema ’me ba tsosolosa borapeli ba ’nete. Bibele e tiisa taba ena ha e re: “Litloholo tse ling tsa Juda, tsa Benjamine, tsa Efraime le tsa Manase li ile tsa lula Jerusalema.” (1 Likron. 9:2, 3; Esdr. 6:17) Batho ba tsoang ’musong oa Iseraele oa maloko a leshome ba ile ba kopanngoa le ba tsoang ’musong oa Juda oa maloko a mabeli feela joalokaha Jehova a ne a boletse.

8. (a) Esaia o ile a profeta eng? (b) Ke lintlha life tse peli tsa bohlokoa tse hlahang ho Ezekiele 37:21?

8 Lilemo tse ka bang 200 pele Baiseraele ba isoa botlamuoeng, moprofeta Esaia o ne a boletse hore na ho tla etsahala’ng ka Iseraele le ka Juda ka mor’a moo. O ile a bolela esale pele hore Jehova o ne a tla bokella “ba qhalakantsoeng ba Iseraele” le hore “ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše,” ho akareletsa le ba neng ba le Asiria. (Esa. 11:12, 13, 16) Jehova o ile a lata “Baiseraele lichabeng tseo ba leng ho tsona” feela joalokaha a ne a boletse. (Ezek. 37:21) Hlokomela lintlha tsena tse peli tsa bohlokoa: Hona joale Jehova ha a sa bitsa batlamuoa bana “Bajuda” le “Baefraime” empa o se a ba nka e le sehlopha se le seng ’me o ba bitsa “Baiseraele.” Mangolo a boetse a hlalosa hore Baiseraele ha ba tsoe naheng e le ’ngoe e leng ea Babilona empa ba tsoa linaheng tse ’maloa. Ha e le hantle, ba tsoa “libakeng tsohle.”

9. Jehova o ile a thusa Bajuda ba tsoang botlamuoeng joang hore ba momahane?

9 Ha Bajuda ba tsoang botlamuoeng ba khutlela Iseraele, Jehova o ile a ba thusa joang hore ba momahane? O ile a fa Baiseraele balisa ba kang Zorobabele, Moprista ea Phahameng Joshua, Esdrase le Nehemia. Molimo o ile a boela a khetha moprofeta Hagai, Zakaria le Malakia. Banna bana ba tšepahalang kaofela ba ile ba sebetsa ka thata ho khothaletsa sechaba hore se latele litaelo tsa Molimo. (Neh. 8:2, 3) Jehova o ile a boela a sireletsa sechaba sa hae sa Iseraele ka ho senya merero ea bolotsana ea lira tsa sona.—Esth. 9:24, 25; Zak. 4:6.

Jehova o ile a fa batho ba hae balisa ho ba thusa hore ba momahane (Sheba serapa sa 9)

10. Ke morero ofe oa Satane o ileng oa atleha?

10 Le hoja Jehova a ne a file Baiseraele lintho tseo tsohle hobane a ba rata, ba bangata ba bona ha baa ka ba lula ba tšehetsa borapeli ba ’nete. Lintho tseo ba ileng ba li etsa li ngotsoe libukeng tsa Bibele tse ngotsoeng ka mor’a hore ba khutlele naheng ea habo bona. (Esdr. 9:1-3; Neh. 13:1, 2, 15) Ha e le hantle, ka mor’a lilemo tse ka bang 100 Baiseraele ba khutlile botlamuoeng ba ile ba kheloha borapeling ba ’nete, hoo Jehova a ileng a ba phehella a re: “Khutlelang ho ’na.” (Mal. 3:7) Ha Jesu a tla lefatšeng, bolumeli ba Bajuda bo ne bo se bo arohane bo e-na le lihlopha tse ngata tse tataisoang ke balisa ba sa tšepahaleng. (Mat. 16:6; Mar. 7:5-8) Morero oa Satane oa ho thibela batho ba Molimo hore ba momahane o ne o atlehile. Leha ho le joalo, boprofeta boo Jehova a bo buileng, ba hore o tla momahanya batho ba hae, bo ne bo tla phethahala. Joang?

“Mohlanka oa ka Davida e Tla ba Morena oa Bona”

11. (a) Jehova o ile a senola eng ka boprofeta ba ho momahanya batho ba hae? (b) Satane o ile a leka ho etsa’ng hape ka mor’a hore a lelekoe leholimong?

11 Bala Ezekiele 37:24. Jehova o ile a senola hore boprofeta ba ho momahanya batho ba hae bo ne bo tla phethahala ka mor’a hore ‘mohlanka oa hae Davida’ e leng Jesu a qale ho busa e le Morena. Sena se etsahetse ka 1914. b (2 Sam. 7:16; Luka 1:32) Ka nako eo, Baiseraele ba ne ba nketsoe sebaka ke Iseraele ea Molimo e leng batlotsuoa. (Jer. 31:33; Bagal. 3:29) Satane o ile a leka hape ho senya bonngoe ba batho ba Molimo haholo-holo ka mor’a hore a lelekoe leholimong. (Tšen. 12:7-10) Mohlala, ka mor’a hore Mor’abo rona Russell a hlokahale ka 1916, Satane o ile a sebelisa bakoenehi ho leka ho arohanya batlotsuoa. Empa ho e-s’o ee kae, bakoenehi bao ba ile ba tlohela mokhatlo oa Molimo. Leqheka la Satane la ho isa bara ba bo rona ba neng ba etella pele ka nako eo teronkong, le lona le ile la atleha empa ha aa ka a khona ho felisa batho ba Jehova. Banna bao ba tlotsitsoeng ba ile ba tšepahalla Jehova ’me ba lula ba momahane.

12. Ke hobane’ng ha maqheka a Satane a ho leka ho arohanya Iseraele ea Molimo e leng batlotsuoa a hlolehile ho atleha?

12 Ho fapana le Baiseraele, Iseraele ea Molimo e leng batlotsuoa ba ile ba lula ba momahane ho sa tsotellehe maqheka a Satane a ho leka ho ba arohanya. Ke hobane’ng ha maqheka a Satane a hlolehile ho atleha? Lebaka ke hobane batlotsuoa ba leka kahohle ho mamela litaelo tsa Jehova. Kahoo, ba sireletsoa ke Morena oa bona Jesu Kreste, eo le hona joale a ntseng a hlola Satane.—Tšen. 6:2.

Jehova o Tla Etsa Hore Barapeli ba Hae e be “Ntho e le ’Ngoe”

13. Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ithutang eona ka boprofeta ba ho kopanngoa ha lithupa tse peli?

13 Ke hobane’ng ha boprofeta ba ho kopanya lithupa tse peli e le ba bohlokoa mehleng ea rona? Hopola hore ntlha ea bohlokoa ea boprofeta bona e ne e le ho bontša hore na lihlopha tse peli li ne li tla momahana joang. Ntlha ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore boprofeta bona bo bontša ka ho hlaka hore Jehova ke eena ea etsang hore lihlopha tseo li momahane. Ke ntho efe ea bohlokoa eo re ithutang eona ka borapeli ba ’nete, e hlalosoang ke boprofeta boo ba ho kopanngoa ha lithupa tse peli? Ke ena: Jehova ke eena ea tla etsa hore barapeli ba hae e be “ntho e le ’ngoe.”—Ezek. 37:19.

14. Boprofeta ba ho kopanngoa ha lithupa tse peli bo phethahetse joang ka lekhetlo la bobeli ho tloha ka 1919?

14 Boprofeta ba ho kopanngoa ha lithupa tse peli bo ile ba phethahala hape ka lekhetlo la bobeli ho tloha ka 1919, ka mor’a hore batho ba Molimo ba hloekisoe ’me ba qale ho mo rapela ka tsela e nepahetseng. Ka nako eo, boholo ba batho bao ba neng ba momahane bo ne bo e-na le tšepo ea ho e’o phela leholimong e le marena le baprista. (Tšen. 20:6) Batlotsuoa bana ba ne ba tšoantšetsa thupa “ea Juda” e leng sechaba se akareletsang marena a tsoang lelokong la Davida le baprista ba tsoang lelokong la Levi. Empa ha nako e ntse e e-ea, Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba ile ba kopana le batho ba bangata ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ’me ea e-ba ntho e le ’ngoe. Batho bao ba ne ba tšoantšetsa thupa “e emelang Efraime” e leng sechaba se se nang marena a leloko la Davida le baprista ba leloko la Levi. Lihlopha tseo tse peli li sebeletsa Jehova li momahane li busoa ke Morena oa tsona Jesu Kreste.—Ezek. 37:24.

“E Tla ba Sechaba sa Ka”

15. Boprofeta bo hlahang ho Ezekiele 37:26, 27 bo phethahala joang kajeno?

15 Boprofeta ba Ezekiele bo bontša hore batho ba bangata ba ne ba tla kopana le batlotsuoa ’me ba rapele Jehova hammoho. Jehova o ile a re ka batho ba hae: ‘Ke tla . . . etsa hore ba be bangata’ ’me “tente ea ka e tla ba moo ba lulang teng.” (Ezek. 37:26, 27) Mantsoe ana a re hopotsa boprofeta bo ileng ba bolelloa moapostola Johanne lilemo tse ka bang 700 ka mor’a mehla ea Ezekiele, bo reng “Ea lutseng teroneng o tla ala tente ea hae” holim’a “bongata bo boholo.” (Tšen. 7:9, 15; nal.) Kajeno batlotsuoa le bongata bo boholo ke sechaba se le seng sa Molimo seo a se sirelelitseng ka tente ea hae.

16. Zakaria o ile a bua ka boprofeta bofe bo hlalosang hore Iseraele ea Molimo e leng batlotsuoa le batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba tla momahana?

16 Zakaria e leng e mong oa batho ba khutlileng botlamuoeng o ile a profeta hore Bajuda ba tlotsitsoeng le batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ne ba tla kopanngoa. O ile a re ‘banna ba leshome ba tsoang lichabeng ba tla tšoara seaparo se selelele sa Mojuda’ ’me ba re: “Re batla ho tsamaea le lona hobane re utloile hore Molimo o na le lona.” (Zak. 8:23) Lentsoe “Mojuda” ha le bue ka motho a le mong feela empa lentsoe “lona” le bolela sehlopha sa batho bao kajeno ba emeloang ke batlotsuoa ba ntseng ba le teng lefatšeng. (Bar. 2:28, 29) Banna “ba leshome” ba emela batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Ba “tšoara” batlotsuoa ’me ba “tsamaea” le bona. (Esa. 2:2, 3; Mat. 25:40) Mantsoe a reng “ba tla tšoara” le a reng “ho tsamaea le lona” a bontša ka ho hlaka hore lihlopha tsena tse peli li momahane.

17. Jesu o ile a hlalosa bonngoe boo re nang le bona joang?

17 Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a nahanne ka boprofeta ba Ezekiele bo buang ka bonngoe ha a ne a ipitsa molisa ea tataisang linku tsa hae (batlotsuoa) le “linku tse ling” (batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng) hore e be ‘mohlape o le mong.’ (Joh. 10:16; Ezek. 34:23; 37:24, 25) Ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho phela hokae, hoa thabisa ho bona kamoo mantsoe a Jesu le a baprofeta ba mehleng ea khale a hlalosang bonngoe boo re nang le bona kajeno. Batho ba bolumeli ba bohata ba arohane empa rona re na le bonngoe bo hlollang.

Kajeno batlotsuoa le “linku tse ling” ba rapela Jehova ba momahane e le ‘mohlape o le mong’ (Sheba serapa sa 17)

‘Tempele ea ka e Har’a Bona ka ho sa Feleng’

18. Ho ea ka Ezekiele 37:28, ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba Molimo e se ke ea e-ba ba lefatše?

18 Mantsoe a qetellang a boprofeta ba Ezekiele bo buang ka bonngoe a bontša hore na ke hobane’ng ha bonngoe ba rona bo ke ke ba fela le ka mohla. (Bala Ezekiele 37:28.) Batho ba Jehova ba momahane hobane tempele ea hae e “har’a bona,” ka mantsoe a mang ba borapeling ba ’nete. Tempele ea hae e tla lula e le har’a bona hafeela ba lula e se karolo ea lefatše la Satane. (1 Bakor. 6:11; Tšen. 7:14) Jesu o ile a hatisa hore ho bohlokoa hore re lule re se karolo ea lefatše. O ile a rapella barutuoa ba hae ho tsoa pelong a re: “Ntate ea halalelang, ke kopa u ba sireletse . . . e le hore ba ka momahana . . . Ha se ba lefatše . . . Ba halaletse ka ’nete.” (Joh. 17:11, 16, 17) Hlokomela hore Jesu o re ho “momahana” ho tsamaisana le ho ‘se be ba lefatše.’

19. (a) Re bontša joang hore re ‘etsisa Molimo’? (b) Jesu o ile a hatisa taba efe ea bohlokoa ka ho ba le bonngoe bosiung ba ho qetela pele a shoa?

19 Ena ke eona feela karolo e tlalehiloeng ea moo Jesu a bitsang Molimo “Ntate ea Halalelang.” Jehova o hloekile ebile o lokile. Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le halalele hobane kea halalela.” (Lev. 11:45) Ha re mamela taelo eo bophelong ba rona, re ‘etsisa Molimo.’ (Baef. 5:1; 1 Pet. 1:14, 15) Ha ho buuoa ka hore batho ba “halalele” seo se bolela hore “ba ikarole.” Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolaoa o ile a hatisa hore barutuoa ba hae ba ne ba tla lula ba momahane hafeela ba lula e se karolo ea lefatše lena le arohaneng.

“U ba Sireletse ka Lebaka la ea Khopo”

20, 21. (a) Ke’ng e etsang hore re kholisehe hore Jehova o tla re sireletsa? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Bonngoe bo hlollang boo Lipaki Tsa Jehova li nang le bona kajeno lefatšeng lohle, ke bopaki ba hore Jehova o ile a araba thapelo ea Jesu e reng: “U ba sireletse ka lebaka la ea khopo.” (Bala Johanne 17:14, 15.) Ho bona hore Satane o hlolehile ho senya bonngoe ba batho ba Molimo ho etsa hore re kholisehe le ho feta hore Molimo o tla re sireletsa. Boprofeteng ba Ezekiele Jehova o ile a re lithupa tse peli e ile ea e-ba ntho e le ’ngoe letsohong la hae. Jehova o entse ntho e hlollang ka hore a momahanye batho ba hae le ho ba sireletsa ho Satane.

21 Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng? Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang hore ho lule ho e-na le bonngoe. E mong le e mong oa rona a ka etsa seo joang? Ka hore re tšehetse borapeli ba ’nete kamehla tempeleng ea Jehova. Likhaolong tse latelang re tla bua ka hore na ho rapela Molimo ka tsela eo ho bolela’ng.

a Lilemo tse ka bang 200 pele Ezekiele a fumana boprofeta bona, Baasiria ba ile ba nka baahi ba ’muso oa maloko a leshome (thupa “e emelang Efraime”) ’me ba ba isa botlamuoeng.—2 Mar. 17:23.

b Boprofeta bona bo hlalosoa haholoanyane Khaolong ea 8 ea buka ena.