Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 11

“Ke u Khethile Hore u be Molebeli”

“Ke u Khethile Hore u be Molebeli”

EZEKIELE 33:7

NTLHA-KHOLO: Jehova o beha molebeli ’me o bolela hore na boikarabelo ba hae ke bofe

1. Balebeli ba Jehova ba ile ba lemosa batho ka eng, hona ho ile ha etsahala’ng?

 MOLEBELI o eme holim’a lerako la Jerusalema. O behile letsoho phatleng ha letsatsi le ntse le likela. Mahlo a hae a shebile holenyana. Hang-hang o nka lenaka la hae oa le letsa hore a lemose batho ka masole a Bababilona a tlang. Empa nako e se e ile ’me ha ho na letho leo baahi ba motse ona ba ka le etsang ka temoso ea molebeli enoa. Balebeli kapa baprofeta bao Jehova a ba khethileng ba ile ba lemosa batho bana ka lilemo hore letsatsi lena le tla tla empa ha baa ka ba mamela. Hona joale masole a Bababilona a pota-potile motse. Ka mor’a likhoeli tse ngata motse o lika-likelitsoe, masole aa kena a thuha marako a motse, a heletsa tempele, a hapa le ho bolaea ba bang ba baahi ba Jerusalema ba neng ba sa tšepahale ba bile ba rapela litšoantšo.

2, 3. (a) Ke boemo bofe boo batho ba lulang lefatšeng ba tl’o tobana le bona mehleng ee? (b) Re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see?

2 Kajeno mabotho a Jehova a itokisetsa ho loantša batho ba sa tšepahaleng ba lulang lefatšeng. (Tšen. 17:12-14) Ntoa eo e tla etsahala qetellong ea mahlomola a maholo ’me ha ho e-s’o ka ho e-ba le ntoa e joalo lefatšeng. (Mat. 24:21) Ho sa ntse ho e-na le nako ea hore batho ba mamele temoso eo Jehova a ba fang eona a sebelisa batho bao a ba khethileng hore ba etse mosebetsi oa molebeli.

3 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha balebeli? Ke molaetsa ofe oo molebeli a o phatlalatsang? Kajeno balebeli ke bo-mang ’me rona re phetha mosebetsi ofe? A re ke re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena.

“U ba Lemose”

4. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha balebeli? (Sheba setšoantšo se qalang.)

4 Bala Ezekiele 33:7. Balebeli ba ne ba ema holim’a lerako la motse hore ba sireletse baahi ba motse oo. Bona e ne e le bopaki bo bontšang hore morena oa motse oo o tsotella batho ba hae. Lerata le etsoang ke lenaka la molebeli le ka ’na la tšosa baahi ba robetseng empa le ka boela la pholosa bophelo ba bona haeba ba mamela temoso ea lona. Ka tsela e tšoanang, Jehova o ile a khetha balebeli hobane a ne a tsotella Baiseraele ’me a batla ho ba pholosa eseng hobane a ne a batla ho ba tšosa ka melaetsa e buang ka hore motse oa bona o tl’o felisoa.

5, 6. Tsela e ’ngoe eo re hlokomelang hore Jehova o na le toka ka eona ke efe?

5 Jehova o ile a senola makhabane a hae a re khothatsang ha a ne a khetha Ezekiele hore e be molebeli. A re ke re buisaneng ka a mang a ’ona.

6 Toka: Rea hlokomela hore Jehova o na le toka hobane ha a re khetholle ebile ha a re tšoare ka leeme. Ka mohlala, le hoja batho ba bangata ba ne ba utloa molaetsa oa Ezekiele empa ba sa batle ho o mamela, Jehova o ne a sa nke hore Baiseraele kaofela ke marabele empa o ne a hlahloba ntho eo motho e mong le e mong a e etsang. Hangata o ne a bua ka “moetsalibe” le “motho ea lokileng.” Kahoo, Jehova o ahlola motho ho ea ka hore na oa mamela kapa ha a mamele.—Ezek. 33:8, 18-20.

7. Jehova o sheba eng ha a ahlola batho?

7 Ntho e ’ngoe e bontšang hore Jehova o na le toka ke tsela eo a ahlolang batho ka eona. Ha a ahlole batho ho ea ka lintho tseo ba li entseng nakong e fetileng empa o ba ahlola ho ea ka hore na ba itšoara joang hona joale ha ba lemosoa. Jehova o ile a re ho Ezekiele: “Ha ke re ho motho ea khopo: ‘U tla shoa,’ ebe o tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa ’me o etsa tse ntle, . . . o tla tsoela pele a phela.” O ile a boela a re: “O tla tšoareloa libe tseo a li entseng pele.” (Ezek. 33:14-16) Ka lehlakoreng le leng, batho ba tšepahallang Molimo hona joale ha baa lokela ho lebella hore haeba ba mo fetohela a ke ke a ba fa kotlo hobane ba ile ba mo tšepahalla nakong e fetileng. Jehova o ile a re haeba motho a “itšepa ho tlola hoo a etsang ntho e mpe, lintho tse ntle tseo a li entseng li ke ke tsa hopoloa empa o tla shoa ka lebaka la ntho e mpe eo a e entseng.”—Ezek. 33:13.

8. Re ithuta’ng ka toka ea Jehova ha a lemosa batho esale pele?

8 Bopaki bo bong bo bontšang hore Jehova o na le toka ke hore o lemosa batho nako e sa le teng pele a fana ka kotlo. Ezekiele o ile a qala mosebetsi oa hae oa ho lemosa batho lilemo tse ka bang tse tšeletseng pele masole a Babilona a felisa Jerusalema. Empa Ezekiele e ne e se eena motho oa pele oa ho lemosa batho ba Molimo ka kahlolo eo ba neng ba tl’o e fuoa. Ka lilemo tse fetang 100 pele Jerusalema e felisoa, Jehova o ile a romela moprofeta Hosea, Esaia, Mikea, Odede le Jeremia hore e be balebeli. Jehova o ile a laela Jeremia hore a hopotse Baiseraele a re: “Ke khethile balebeli ba ileng ba re: ‘Mamelang molumo oa lenaka!’” (Jer. 6:17) Ha ho na motho ea ka reng Jehova kapa balebeli bao ba molato ha Bababilona ba phethahatsa kahlolo ea Jehova ’me batho ba bolaoa.

9. Jehova o bontšitse lerato joang?

9 Lerato: Jehova o bontšitse lerato ka ho romela balebeli ho tla lemosa batho ba lokileng le ba khopo. O ne a lemosa batho bao ba khopo ba neng ba mo utloisa bohloko ba bile ba mo senya lebitso. Nahana feela ka sena, Baiseraele ba ne ba tsebahala e le batho ba Jehova empa ba ne ba mo furalla ka makhetlo ’me ba rapela melimo ea bohata. Jehova o ile a bontša hore ntho ena e ne e mo utloisa bohloko hakae ka ho bapisa ho se tšepahale ha sechaba seo le mosali ea febang. (Ezek. 16:32) Ho ntse ho le joalo, Jehova ha aa ka a ba fella pelo. Ho e-na le hore a batle ho iphetetsa, o ne a batla hore ba khutlele ho eena. O ne a lula a fa batho ba hae monyetla oa hore ba fetohe, a sa potlakele ho ba ahlola. Hobane’ng? O ile a re ho Ezekiele: “Ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa empa ke thabela hore a fetole litsela tsa hae e le hore a tsoele pele a phela.” (Ezek. 33:11) Jehova o ne a ikutloa ka tsela ena nakong e fetileng ’me le hona joale o ntse a ikutloa joalo.—Mal. 3:6.

10, 11. Tsela eo Jehova a tšoarang batho ba hae ka eona e re ruta’ng?

10 Jehova o ile a tšoara Baiseraele ka toka le ka lerato. Re ithuta’ng tabeng eo? Re ithuta hore ha rea lokela ho nka hore batho bohle bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele baa tšoana empa re lokela ho nahanela maemo a motho e mong le e mong. Ha rea lokela ho nka hore motho ha a tšoaneloe ke ho utloa molaetsa oa Bibele ka lebaka la boitšoaro ba hae ba nakong e fetileng kapa ka lebaka la morabe oa hae, setso sa hae, hore na o ruile kapa o futsanehile le hore na o bua puo efe. Jehova o ile a ruta moapostola Petrose thuto e ntseng e le bohlokoa le kajeno. O ile a re: “Molimo ha a leeme empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.”—Lik. 10:34, 35.

Na re sheba batho ka tsela eo Jehova a ba shebang ka eona? (Sheba serapa sa 10)

11 Ntho e ’ngoe hape eo re ithutang eona ke hore re lokela ho nahana ka lintho tseo re li etsang hona joale. Ha rea lokela ho etsa lintho tse mpe hobane re nka hore ha ho phoso kaha haesale re etsa lintho tse lokileng. Re lokela ho hopola hore le rona re etsa liphoso feela joaloka batho bao re ba bolellang molaetsa oa Bibele. Keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa phutheho ea Korinthe le rona e ka re thusa. E re: “Ea nahanang hore o eme a hlokomele hore a se ke a oa. Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang.” (1 Bakor. 10:12, 13) Ha re batle ho ba batho ba ‘itšepang ho tlola,’ re nka hore re ka khona ho etsa lintho tse mpe ebe ha re fuoe kotlo hobane feela re ntse re etsa lintho tse lokileng. (Ezek. 33:13) Ke habohlokoa hore re lule re le batho ba ikokobelitseng le ba mamelang ho sa tsotellehe hore na re qetile nako e kae re sebeletsa Jehova.

12. Haeba re ile ra etsa libe tse tebileng nakong e fetileng, ke’ng eo re lokelang ho e hopola?

12 Re lokela ho etsa’ng haeba re ile ra etsa libe tse tebileng nakong e fetileng tseo hona joale re ikoahlaelang tsona? Molaetsa oa Ezekiele o re ruta hore Jehova o tla otla baetsalibe ba sa bakeng. Re boetse re ithuta hore Jehova ke Molimo ea lerato eseng ea iphetetsang. (1 Joh. 4:8) Haeba re bontša ka liketso hore re bakile, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hauhela ’me a tšoarele libe tsa rona. (Jak. 5:14, 15) Jehova o ne a ikemiselitse ho tšoarela Baiseraele ba neng ba rapela melimo e meng. Kahoo, le rona o ikemiselitse ho re tšoarela.—Pes. 86:5.

“Bua le Sechaba sa Heno”

13, 14. (a) Balebeli ba ne ba bolella batho molaetsa ofe? (b) Esaia o ile a bolella batho molaetsa ofe?

13 Bala Ezekiele 33:2, 3. Balebeli ba Jehova ba ne ba bolella batho molaetsa ofe? Mosebetsi oa bohlokoa oo ba neng ba o etsa e ne e le ho lemosa batho. Mosebetsi o mong oa bona e ne e le ho bolella batho litaba tse monate. Nahana ka mehlala e latelang.

14 Esaia e bile molebeli ho tloha ka selemo sa 778 ho ea ho sa 732 pele ho mehla ea Jesu ’me o ne a lemosa batho hore Bababilona ba tla hapa Jerusalema, ba nke baahi ba eona ba ba ise botlamuoeng. (Esa. 39:5-7) Leha ho le joalo, o ile a ngola molaetsa o mong a re: “Mamela! Balebeli ba hao ba phahamisa mantsoe. Ba hoeletsa ba thabile ba le ’moho hobane ba tla bona ka mahlo ha Jehova a khutlisa Sione.” (Esa. 52:8) Esaia o ile a profeta litaba tse monate tsa hore borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa.

15. Jeremia o ne a bolella batho molaetsa ofe?

15 Jeremia e bile molebeli ho tloha ka selemo sa 647 ho ea ho 580 pele ho mehla ea Jesu ’me hangata ho ne ho thoe ke motho ea lulang a bua ka litlokotsi feela empa taba eo e ne e se ’nete. Ke ’nete hore o ile a lemosa Baiseraele ba khopo ka litlokotsi tseo Jehova a neng a tl’o ba tlisetsa tsona. a Empa o ile a boela a ba bolella litaba tse monate tsa hore ka le leng batho ba Molimo ba tla khutlela naheng ea bo bona ’me ba tsosolose borapeli ba ’nete moo.—Jer. 29:10-14; 33:10, 11.

16. Molaetsa oa Ezekiele o ile oa thusa batlamuoa ba Babilona joang?

16 Ezekiele o ile a khethoa hore e be molebeli ka selemo sa 613 pele ho mehla ea Jesu ’me a phetha mosebetsi oa hae ho fihlela ka selemo sa 591 pele ho mehla ea Jesu. Khaolong ea 5 le 6 bukeng ena, re ithutile hore Ezekiele o ile a sebetsa ka thata ho lemosa batho ba Iseraele hore motse oa bona o tl’o felisoa. Ka tsela eo, o ne a ke ke a ba molato oa mali ha ba bolaoa. Ezekiele o ile a lemosa Baiseraele hore Jehova o ne a tl’o felisa batho ba mo fetohetseng Jerusalema. O ile a boela a thusa batlamuoa ba neng ba le Babilona hore ba se ke ba lahla Jehova e le hore ba tle ba khone ho etsa mosebetsi oo ba tla o fuoa nakong e tlang. Ka mor’a lilemo tse 70, Jehova o ne a tla khutlisetsa batlamuoa ba setseng naheng ea Iseraele. (Ezek. 36:7-11) Batho bao ba setseng e ne e tla be e le bana le litloholo tsa batho ba ileng ba mamela Ezekiele. Likhaolo tse ling tse Karolong ea 3 bukeng ena li bontšitse hore Ezekiele o ne a phatlalatsa litaba tse monate tsa hore borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa Jerusalema.

17. Jehova o khetha balebeli neng?

17 Na baprofeta baa ba ileng ba tsebisa batho ba Molimo hore Jerusalema e tl’o felisoa ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu ke bona feela bao Jehova a ileng a ba sebelisa hore e be balebeli? Che. Jehova o ne a khetha molebeli hore a lemose batho ba khopo le hore a phatlalatse litaba tse monate, pele ho etsahala ntho leha e le efe ea bohlokoa e mabapi le morero oa hae.

Balebeli Mehleng ea Baapostola

18. Ke mosebetsi ofe oo Johanne Mokolobetsi a neng a o etsa?

18 Johanne Mokolobetsi e ne e le molebeli mehleng ea baapostola. O ile a lemosa Bajuda hore haufinyane Molimo o ne a tla ba lahla. (Mat. 3:1, 2, 9-11) Ha aa ka a fella moo. Jesu o ile a re Johanne ke “moromuoa” eo ho builoeng ka eena esale pele ea ileng a lokisetsa Mesia tsela. (Mal. 3:1; Mat. 11:7-10) Kaha e ne e le moromuoa, mosebetsi o mong oa hae e ne e le ho bolela litaba tse monate tsa hore Jesu “Konyana ea Molimo” o fihlile ebile o tlosa “sebe sa lefatše.”—Joh. 1:29, 30.

19, 20. Jesu le barutuoa ba hae e ne e le balebeli ka tsela efe?

19 Ho balebeli bohle ba kileng ba e-ba teng, Jesu e ne e le eena e moholo ka ho fetisisa. Joaloka Ezekiele, le eena o ne a rometsoe ke Jehova hore a lemose “Baiseraele.” (Ezek. 3:17; Mat. 15:24) Jesu o ile a lemosa Baiseraele hore Molimo o ne a tl’o ba lahla haufinyane le hore Jerusalema e ne e tl’o felisoa. (Mat. 23:37, 38; 24:1, 2; Luka 21:20-24) Empa mosebetsi oa hae oa bohlokoa e ne e le ho phatlalatsa litaba tse monate.—Luka 4:17-21.

20 Ha Jesu a le lefatšeng o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le lule le falimehile.” (Mat. 24:42) Ba ile ba mo mamela ’me ea e-ba balebeli, ba lemosa batho hore Jehova o lahlile Baiseraele le motse oa Jerusalema. (Bar. 9:6-8; Bagal. 4:25, 26) Barutuoa bao le bona ba ne ba bolela litaba tse monate feela joaloka balebeli ba tlileng pele ho bona. Ba ne ba phatlalatsa molaetsa o makatsang oa hore balichaba le bona e se e tl’o ba karolo ea Iseraele e tlotsitsoeng ea Molimo ’me ba thuse Kreste ho tsosolosa borapeli ba ’nete lefatšeng.—Lik. 15:14; Bagal. 6:15, 16; Tšen. 5:9, 10.

21. Pauluse o behile mohlala ofe?

21 Moapostola Pauluse ke e mong oa balebeli ba ileng ba beha mohlala o motle mehleng ea baapostola. O ne a rata mosebetsi oa hae. Joaloka Ezekiele, o ne a tseba hore o ne a tla ba molato oa mali ha a ne a ka hloleha ho phetha mosebetsi oo a o fuoeng. (Lik. 20:26, 27) Joaloka balebeli ba bang, Pauluse le eena o ne a sa lemose batho feela empa o ne a boetse a bolela litaba tse monate. (Lik. 15:35; Bar. 1:1-4) Moea o halalelang o ile oa mo thusa hore a qotse boprofeta ba Esaia bo reng: “A matle hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse monate.” O ile a re boprofeta bona bo bua ka mosebetsi o etsoang ke balateli ba Kreste oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo.—Esa. 52:7, 8; Bar. 10:13-15.

22. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore baapostola ba hlokahale?

22 Ka mor’a hore baapostola ba hlokahale, ho ile ha e-ba le bakoenehi ba bangata phuthehong ea Bokreste joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele. (Lik. 20:29, 30; 2 Bathes. 2:3-8) Ha nako e ntse e ea, Bakreste ba bohata ba tšoantšoang le mofoka ba ile ba e-ba bangata ho feta balateli ba Kreste ba tšepahalang ba tšoantšoang le koro. Lithuto tsa bohata li ile tsa e-ba ngata hoo ho neng ho le thata hore batho ba fumane molaetsa oa ’Muso oa Molimo. (Mat. 13:36-43) Ha nako ea hore Jehova a nke khato e fihla, o ile a boela a bontša lerato le toka ka hore a khethe balebeli hore ba lemose batho le hore ba bolele litaba tse monate. Balebeli bao e ile ea e-ba bo-mang?

Jehova o Khetha Balebeli Hape Hore ba Lemose Batho ba Khopo

23. C. T. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba etsa mosebetsi ofe?

23 Pele ho 1914, Charles Taze Russell le metsoalle ea hae e ile ea e-ba ‘baromuoa’ ba ileng ba ‘lokisa tsela’ pele ’Muso oa Mesia o thehoa. b (Mal. 3:1) Sehlopha seo le sona se ile sa etsa mosebetsi oa molebeli. Se ne se sebelisa makasine ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ho lemosa batho ka kahlolo ea Molimo le ho ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.

24. (a) Mohlanka ea tšepahalang o etsa mosebetsi oa molebeli ka tsela efe? (b) U ithutile’ng ho balebeli ba mehleng ea pele? (Sheba chate e reng “Balebeli ba Behileng Mohlala o Motle.”)

24 Ka mor’a hore ’Muso o thehoe, Jesu o ile a khetha sehlopha se senyenyane sa banna hore se sebeletse e le mohlanka ea tšepahalang. (Mat. 24:45-47) Ho tloha ka nako eo, mohlanka ea tšepahalang eo hona joale a tsebahalang e le Sehlopha se Busang e ile ea e-ba molebeli. Sehlopha sena se etella pele mosebetsi oa ho lemosa batho ka “letsatsi la phetetso” hape se boetse se phatlalatsa “selemo sa Jehova sa mohau.”—Esa. 61:2; sheba le 2 Bakorinthe 6:1, 2.

25, 26. (a) Balateli bohle ba Kreste ba lokela ho etsa mosebetsi ofe hona o etsoa joang? (b) Khaolo e latelang e tl’o bua ka’ng?

25 Le hoja mohlanka ea tšepahalang e le eena ea etellang pele mosebetsi oa ho ba molebeli, Jesu o itse balateli “bohle” ba hae ba ‘lule ba falimehile.’ (Mar. 13:33-37) Re mamela taelo eo ka hore re lule re falimehile, re tšehetsa molebeli oa mehleng ea rona ka botšepehi. Ha re phetha boikarabelo ba rona ba ho bolella batho molaetsa oa Bibele, re bontša hore re falimehile. (2 Tim. 4:2) Ke hobane’ng ha re khothaletse mosebetsi oo? Lebaka le leng ke hobane re batla ho pholosa batho. (1 Tim. 4:16) Haufinyane batho ba bangata ba tl’o felisoa hobane ba sa ka ba mamela temoso ea molebeli oa mehleng ena. (Ezek. 3:19) Empa mosebetsi oa bohlokoa bophelong ba rona ke ho bolella batho litaba tse monate tsa hore borapeli ba ’nete bo tsosolositsoe. Hona joale nakong ea “selemo sa Jehova sa mohau” batho ba bangata ba na le monyetla oa hore ba rapele Jehova Molimo le rona e leng Molimo ea lerato le ea nang le toka. Haufinyane batho bohle ba tla pholoha ha lefatše lena le felisoa, ba tla fumana litlhohonolofatso tsa ho busoa ke Mora oa hae Kreste Jesu. Kannete re thabela ho thusa molebeli oa mehleng ena ho bolela litaba tse monate.—Mat. 24:14.

Re thabela ho tšehetsa molebeli oa mehleng ena ka ho bolela litaba tse monate (Sheba serapa sa 25)

26 Jehova o entse hore batho ba hae ba momahane ka tsela e hlollang hona joale pele lefatše lena le felisoa. Khaolo e latelang e tl’o bua ka boprofeta ba lithupa tse peli tse bontšang hore na sena se etsahetse joang.

a Lentsoe “tlokotsi” le hlaha ka makhetlo a ka bang 60 bukeng ea Jeremia.

b Ho fumana tlhaloso ea boprofeta bona le hore na bo ile ba phethahala joang, sheba buka ea ’Muso oa Molimo oa Busa! khaolong ea 2 e reng “’Muso o Thehoa Leholimong.”