Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 9

“Ke Tla ba Momahanya”

“Ke Tla ba Momahanya”

EZEKIELE 11:19

NTLHA-KHOLO: Boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete le tsela eo bo manolloang ka eona bukeng ea Ezekiele

1-3. Bababilona ba soma barapeli ba Jehova joang, hona hobane’ng?

 A RE re u Moiseraele ea tšepahalang ea lulang Babilona. E se e le lilemo tse ka bang 50 batho ba heno ba le botlamuoeng. Joale ke letsatsi la Sabatha. U e’o rapela Jehova le batho ba bang ba heno joalokaha le tloaetse. Ha u ntse u tsamaea literateng tse phetheselang, u feta litempele tse kholo le tse nyenyane tse bongata bo thibang letsatsi. Batho ba khobokana litempeleng tsena ebe ba etsa mahlabelo le ho binela melimo e kang Marduk lifela.

2 Ha u se u le hole le batho, u kopana le sehlotšoana sa batho ba rapelang Jehova le uena. a Mohlomong le fumana sebaka se thotseng pel’a nokana moo le ka rapelang, la bina lipesaleme le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le le ’moho. Ha le ntse le rapela, le utloa molumo o tlase oa liketsoana tse ntseng li sisinyeha lehlakoreng la nokana. Kaha mona ho thotse le utloa le litsebeng. Le tšepa hore ha ho na batho ba motse ba tla fihla ba le hlophe joalokaha ba tloaetse. Ke hobane’ng ha ba lula ba le hlopha?

3 Bababilona ba tumme ka ho hlola lintoa tse ngata. Ka lebaka leo, ba lumela hore ba li hlola ka lebaka la melingoana ea bona ea bohata. Kaha Bababilona ba ile ba felisa Jerusalema, ba lumela hore molimo oa bona Marduk o matla ho feta Jehova. Ke kahoo ba lulang ba soma Molimo oa hao le batho ba heno. Ka linako tse ling ha ba le soma ba re: “Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.” (Pes. 137:3) Lipina tse ngata tsa Sione li rorisa Jehova hobane a hlotse lira tsa hae. E ka ’na eaba ke tsona tseo Bababilona ba ratang ho li soma haholo. Empa lipina tse ling li bua ka bona Bababilona. E ’ngoe ea lipina tseo e re: “Li entse Jerusalema qubu ea majoe. . . . Ba re potolohileng baa re soma ebile baa re tšeha.”—Pes. 79:1, 3, 4.

4, 5. Boprofeta ba Ezekiele bo ne bo tšelisa Baiseraele joang? Re tl’o bua ka’ng khaolong ee? (Sheba setšoantšo se qalang.)

4 Ho boetse ho na le Baiseraele ba bang ba bakoenehi ba u somang hobane u lumela ho Jehova le ho baprofeta ba hae. Ho sa tsotellehe hore na ba le soma hakae, borapeli ba ’nete boa u tšelisa le ba lelapa la hao. Lea imoloha ha le rapela le ho bina hammoho. Ho bala Lentsoe la Molimo ho le thoba lipelo. (Pes. 94:19; Bar. 15:4) Nahana feela e mong oa lona a tlile le ntho e ikhethang moo le bokaneng teng, e leng moqolo oa boprofeta ba Ezekiele. U thabela ho utloa tšepiso ea Jehova ea hore o tla khutlisetsa batho ba hae naheng ea habo bona. Pelo ea hao e tlola-tlola ke thabo ha boprofeta boo bo balloa holimo. Kahoo, u nahana ka tšepo eo u nang le eona ea hore mohlomong uena le ba lelapa la hao ka le leng le tla khutlela habo lona ebe le kenya letsoho ha ho tsosolosoa borapeli ba ’nete.

5 Boprofeta ba Ezekiele bo bua hangata le hangata ka litšepiso tsa Molimo tse amanang le ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete. Re tl’o utloa hore na litšepiso tseo li ile tsa phethahala joang ho Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng le hore na li re ama joang mehleng ena. Hape re tla ithuta hore na litšepiso tseo li tla phethahala joang ka moso.

“Ba Tla ea Botlamuoeng”

6. Ke joang Jehova a ileng a lemosa Baiseraele ba marabele ka makhetlo-khetlo?

6 Jehova o ile a roma Ezekiele hore a bolelle Baiseraele hore na o tla ba otla joang hobane ba sa ka ba mamela Jehova. O ile a re: “Ba tla ea botlamuoeng.” (Ezek. 12:11) Joalokaha re bone Khaolong ea 6 ea buka ena, Ezekiele o ile a ba a tšoantšisa kahlolo eo. Empa e ne e se lekhetlo la pele Jehova a lemosa Baiseraele hore o tla ba ahlola. Lilemo tse ka bang sekete pele ho moo ho tloha mehleng ea Moshe, Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore haeba ba ka tsoela pele ba sa mo mamele, ba tla ea botlamuoeng. (Deut. 28:36, 37) Moprofeta Esaia le moprofeta Jeremia le bona ba ne ba kile ba bolella Baiseraele ntho e tšoanang.—Esa. 39:5-7; Jer. 20:3-6.

7. Jehova o ile a otla batho ba hae joang?

7 Ka bomalimabe, Baiseraele ba bangata ba ile ba iphapanyetsa litemoso tseo. Jehova o ile a qetella a utloile bohloko haholo hobane batho ba hae ba ne ba sa mo mamele, ba rapela litšoantšo, ba sa tšepahale ebile ba tletse bobolu ka lebaka la balisa ba bona ba sa lokang. Kahoo, o ile a ba tlohela hore ba bolaoe ke tlala. Ntho eo e ne e le koluoa e kholo ebile e soabisa, haholo hobane naha ea bona e ne e kile ea e-ba naha e “phallang lebese le mahe a linotši.” (Ezek. 20:6, 7) Ka mor’a moo, ho ile ha etsahala ntho eo Jehova a neng a e boletse: A tlohela batho ba hae hore ba isoe botlamuoeng. Ka selemo sa 607 pele ho mehla ea Jesu, Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a qetela Jerusalema ka ho e felisa le ho felisa tempele ea eona. Bajuda ba bangata ba phonyohileng ba ile ba isoa botlamuoeng Babilona. Ha ba le moo ba ile ba songoa le ho sotloa joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena.

8, 9. Molimo o ile a etsa’ng ho lemosa phutheho ea Bokreste ka bokoenehi?

8 Ntho e etsahaletseng Baiseraele e ile ea etsahalla le phutheho ea Bokreste. Joaloka Baiseraele ba mehleng ea khale, barutuoa ba Kreste ba ile ba lemosoa esale pele. Nakoana ka mor’a hore Jesu a qale ho ruta batho Lentsoe la Molimo, o ile a re: “Hlokomelang baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba ikhakantse eka ke linku empa ka hare e le liphiri tse harolang.” (Mat. 7:15) Lilemo tse ngata hamorao, moapostola Pauluse o ile a susumetsoa ke moea oa Molimo hore a ngole mantsoe a tšoanang le ao, a reng: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe, liphiri tse sehloho li tla kena har’a lona ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa. Le hona har’a lona mona ho tla hlaha batho ba tla sotha ’nete ho khelosa barutuoa hore ba ba sale morao.”—Lik. 20:29, 30.

9 Bakreste ba ile ba rutoa hore na ba tla bona batho bana ba kotsi joang le hore ba etse’ng ho ba qoba. Baholo ba ile ba laeloa hore ba tlose bakoenehi ka har’a phutheho. (1 Tim. 1:19; 2 Tim. 2:16-19; 2 Pet. 2:1-3; 2 Joh. 10) Leha ho le joalo, butle-butle Bakreste ba bangata ba ile ba etsisa Baiseraele ba mehleng ea khale ka hore ba se ke ba mamela likeletso tseo ba li fuoang. Qetellong ea selemo sa bo-100 bokoenehi bo ne bo se bo le bongata ka phuthehong. Johanne, moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela ho elella qetellong ea selemo sa bo-100, o ile a hlokomela hore phutheho e maqakabetsing ka lebaka la bobolu bona le borabele bo neng bo jele setsi. E ne e le eena feela ea setseng a thibela bobolu bona. (2 Bathes. 2:6-8; 1 Joh. 2:18) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore a hlokahale?

10, 11. Papiso ea Jesu ea koro le mofoka e ile ea phethahala joang ho tloha selemong sa bo-100 ho ea pele?

10 Ka mor’a hore Johanne a hlokahale, papiso ea Jesu ea koro le mofoka e ile ea phethahala. (Bala Matheu 13:24-30.) Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, Satane o ile a lema “mofoka” ka har’a phutheho, e leng Bakreste ba bohata eaba bobolu bo eketseha ka lebelo le tšabehang. E tlameha ebe Jehova o ne a utloile bohloko haholo ha a bona phutheho eo Mora oa hae a e qalileng e silafatsoa ke borapeli ba litšoantšo, matsatsi a phomolo le litloaelo tsa bohetene le lithuto tsa bohata tse rutoang ke barutehi ba sa hlompheng Molimo le tse tsoang malumeling a bosatane. Jehova o ile a etsa’ng? O ile a tlohela bahlanka ba hae hore ba ee botlamuoeng feela joalokaha a ile a etsa ka Baiseraele bane ba sa tšepahaleng. Nakoana ka mor’a selemo sa 100 ho ea pele, Bakreste ba bohata ba ne ba se ba le bangata hoo ho neng ho le thata ho fumana Bakreste ba ’nete ba tšoantšoang le koro. Ho ne ho tšoana leha eka phutheho ea ’nete ea Bokreste e ile botlamuoeng Babilona e Moholo e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Bakreste ba bohata bona e ile ea e-ba karolo ea ’muso oo o bolileng. Ha Bakreste bana ba bohata ba ntse ba eketseha, malumeli a Bokreste ba bohata a ile a hlahella.

11 Nakong eo malumeli a Bokreste ba bohata a neng a atile ’me batho ba bangata ba le lefifing, ho ne ho ntse ho e-na le Bakreste ba ’nete bao papisong ea Jesu ho thoeng ke “koro.” Ba ile ba hopola Molimo oa ’nete joaloka Baiseraele ba neng ba isitsoe botlamuoeng bao Ezekiele 6:9 e buang ka bona. Ba bang ba bona ba ile ba e-ba sebete ’me ba hanyetsa mashano a neng a rutoa ke malumeli a Bakreste ba bohata. Ba ile ba songoa le ho sotloa. Na Jehova o ne a rerile ho tlohela batho ba hae hore ba lule ba le ka har’a bolumeli ba bohata ho ea ho ile? Ho hang! Jehova o ile a khalemela batho ba hae ka tsela e nepahetseng ebile e le ka nako e lekaneng hantle feela joalokaha a ile a etsa ka Baiseraele ba mehleng ea khale. (Jer. 46:28) Hape o ile a ba fa tšepo. E-re re boele re bue ka Baiseraele bane ba neng ba le botlamuoeng Babilona re bone hore na Jehova o ile a etsa’ng e le ho ba fa tšepo ea hore ba tla lokolloa botlamuoeng.

Bakreste ba ’nete ba qetile lilemo tse makholo ba hlorisoa ke Babilona e Moholo (Sheba serapa sa 10 le 11)

“Khalefo ea ka e Tla Fela”

12, 13. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a tla emisa ho halefela Baiseraele ba mehleng ea Ezekiele ba neng ba le botlamuoeng?

12 Jehova o ile a bolella batho ba hae a sa pota-pote hore o ba halefetse empa o ile a boela a ba bolella hore a ke ke a ba halefela ka ho sa feleng. O ile a bua mantsoe ana: “Khalefo ea ka e tla fela le bohale ba ka bo tla kokobela ’me ke tla be ke khotsofetse. Ka mor’a hore ke ba halefele, ba tla tseba hore ’na Jehova, ke buile ’me ke batla hore ba rapele ’na feela.” (Ezek. 5:13) Ke hobane’ng ha Jehova a ne a tla emisa ho halefa?

13 Har’a batho ba isitsoeng botlamuoeng, ho ne ho e-na le Baiseraele ba tšepahalang ba neng ba hapeletsoe le Baiseraele ba sa tšepahaleng. Ntle le moo, Jehova o ile a re Ezekiele a profete hore ba bang ba batho ba hae ba ne ba tla baka ba se ba le botlamuoeng. Baiseraele bao ba ne ba tla hopola lintho tse mpe tseo ba li entseng ha ba ne ba siteloa Molimo ebe baa soaba, ba kopa Jehova hore a ba tšoarele le hore a ba amohele. (Ezek. 6:8-10; 12:16) Ezekiele, moprofeta Daniele le metsoalle ea hae e meraro e ne e le ba bang ba Baiseraele ba neng ba tšepahalla Molimo. Daniele o phetse nako e telele hoo a ileng a bona ha Baiseraele ba isoa botlamuoeng ka lekhetlo la pele le ha ba lokolloa. Thapelo e tsoang pelong eo a ileng a e etsa molemong oa Baiseraele ba neng ba baketse libe tsa bona e hlaha ho Daniele khaolo ea 9. E tlameha ebe mantsoe a hlahang thapelong eo a ne a fetisa maikutlo a Baiseraele ba bangata ba neng ba lakatsa hore Jehova a ba tšoarele le hore a ba hlohonolofatse hape. E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba thaba ha ba utloa Ezekiele a ba bolella litšepiso tse tsoang ho Molimo tsa hore ba tla lokolloa le ho khutlisetsoa habo bona ’me ba tsosolose borapeli ba ’nete.

14. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Baiseraele ba lokolloe?

14 Ho ne ho e-na le lebaka la bohlokoa le ho feta le entseng hore Baiseraele ba lokolloe le hore ba e’o tsosolosa borapeli ba ’nete. Ba ne ba sa lokolloe hobane ba tšoaneloa ke ho lokolloa empa e ne e le hobane Jehova a batla ho halaletsa lebitso la hae ka pel’a lichaba tsohle. (Ezek. 36:22) Bababilona ba ne ba tla tseba hore melimo ea bona ea bademona e kang Marduk ha e na matla ha e bapisoa le Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. A re ke re bueng ka litšepiso tse hlano tseo Jehova a ileng a re Ezekiele a li bolelle Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng le eena. Re tla qala pele ka ho bua ka hore na tšepiso ka ’ngoe e tla ama bahlanka ba Molimo joang. Re tla boela re bone ha litšepiso tseo li phethahala ka tsela e kholoanyane.

15. Batho ba lokolotsoeng botlamuoeng ba ne ba tla etsa phetoho efe bolumeling?

15 TŠEPISO EA PELE. Ha ho sa tla rapeloa litšoantšo kapa ha etsoa lintho tse nyonyehang tse amanang le borapeli ba bohata. (Bala Ezekiele 11:18; 12:24.) Khaolong ea 5 ea buka ena, re bone hore Jerusalema le tempele ea eona li ne li silafetse ke litloaelo tsa bolumeli ba bohata tse kang borapeli ba litšoantšo. Ke kahoo Baiseraele ba neng ba se ba bolile hakana ebile ba suthetse hole le Jehova. Jehova o ile a re Ezekiele a bolele hore batho ba lokolotsoeng botlamuoeng ba ne ba tla boela ba rapele Jehova ka tsela e hloekileng eo ba neng ba e tseba. Litlhohonolofatso tse ling tsohle li ne li tla ba teng ka lebaka la ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete.

16. Jehova o ile a tšepisa’ng ka naha ea Baiseraele?

16 TŠEPISO EA BOBELI. Ba tla khutlela naheng ea habo bona. Jehova o ile a re ho Baiseraele ba botlamuoeng: ‘Ke tla le fa naha ea Iseraele.’ (Ezek. 11:17) Tšepiso ena e ne e thabisa hobane Bababilona ba ne ba soma batho ba Molimo ebile ba etsa hore ba lumele hore ha ho na mohla ba tla khutlela habo bona. (Esa. 14:4, 17) Ho ekelletsa moo, hafeela Baiseraele ba lokolotsoeng ba ne ba lula ba tšepahala, ba ne ba tla ba le naha e mobu o nonneng ’me ba be le lijo le mosebetsi. Ba ne ba ke ke ba hlola ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la tlala hobane ba ne ba ke ke ba lapa ho hang.—Bala Ezekiele 36:30.

17. Ho ne ho tla etsahala’ng ka mahlabelo a etsetsoang Jehova?

17 TŠEPISO EA BORARO. Baiseraele ba ne ba tla boela ba etsetse Jehova mahlabelo aletareng ea hae. Khaolong ea 2 bukeng ena re bone hore Molaong oa Moshe, linyehelo le mahlabelo e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. Jehova o ne a tla amohela mahlabelo a Baiseraele bao ba khutlileng botlamuoeng haeba ba ne ba ka lula ba mo mamela le ho rapela eena feela. Mahlabelo ao a ne a tla etsa hore ba tšoareloe libe le hore ba lule e le metsoalle ea Molimo. Jehova o ile a etsa tšepiso ena: “Baiseraele bohle ba tla ntšebeletsa thabeng e phahameng ea Iseraele e leng thaba ea ka e halalelang. Ke tla le amohela ’me ke batle monehelo ho lona le linyehelo tsa lihlahisoa tsa lona tsa pele e leng lintho tsohle tsa lona tse halalelang.” (Ezek. 20:40) Borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa ’me bo etse hore batho ba Molimo ba hlohonolofatsoe.

18. Jehova o ne a tla hlokomela linku tsa hae joang?

18 TŠEPISO EA BONE. Balisa ba khopo ba ne ba tla tlosoa. Lebaka le ka sehloohong le entseng hore Baiseraele ba khelohe ke hore ba ne ba etelloa pele ke banna ba khopo. Empa Jehova o ile a tšepisa hore o tla ba nkela bohato. O ile a bua tjena ka balisa bao ba sa lokang: “Nke ke ka ba lumella hore ba fepe [linku tsa ka] . . . ke tla pholosa linku tsa ka ho bona.” Jehova o ile a tšepisa bahlanka ba hae ntho ena: “Ke tla hlokomela linku tsa ka.” (Ezek. 34:10, 12) O ne a tla li hlokomela joang? O ne a tla khetha banna ba tšepahalang hore ba li lise.

19. Jehova o ile a tšepisa’ng ka ho momahana ha sechaba sa hae?

19 TŠEPISO EA BOHLANO. Barapeli ba Jehova ba ne ba tla momahana. Nahana feela hore na ho ne ho le bolutu hakaakang pele Baiseraele ba ea botlamuoeng ha batho ba Jehova ba tšepahalang ba bona sechaba sa Molimo se sa momahana. Kaha Baiseraele ba ile ba susumetsoa ke baprofeta ba bohata le balisa ba bolileng, ba ile ba fetohela baprofeta ba ’nete ba neng ba ronngoe ke Jehova. Hape ba ile ba qetella ba se ba fetohile maquloana a loantšanang. Kahoo, e ’ngoe ea lintho tse ikhethang ka ho fetisisa ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete e ne e le tšepiso ena eo Molimo a ileng a re Ezekiele a bue ka eona: “Ke tla ba momahanya, ke fetole lipelo tsa bona le tsela eo ba nahanang ka eona.” (Ezek. 11:19) Hafeela Baiseraele bao ba khutlileng botlamuoeng ba ne ba ka lula ba momahane le Jehova Molimo le bana ba bo bona, lira tsa bona li ne li se na monyetla oa ho ba hlola. Kaofela ha bona ba ne ba ka boela ba etsa hore lebitso la Jehova le rorisoe ho e-na le ho etsa hore le rohakoe kapa le hlompholloe.

20, 21. Litšepiso tsa Molimo li ile tsa phethahala joang ha Baiseraele ba khutla botlamuoeng?

20 Na litšepiso tseo tse amang Baiseraele ba khutlileng botlamuoeng li ile tsa phethahala? Re hopole hore Joshua mohlanka oa Molimo o ile a re: “Ha ho na lentsoe leha le le leng le hlolehileng ho phethahala litšepisong tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona. A phethahetse kaofela bakeng sa lona. Ha ho lentsoe leha le le leng la tsona le hlolehileng ho phethahala.” (Josh. 23:14) Jehova o ne a tla phethahatsa litšepiso tsa hae mehleng ea Baiseraele bana ba ileng ba khutlela habo bona feela joalokaha a ile a li phethahatsa mehleng ea Joshua.

21 Baiseraele ba ile ba tlohela ho rapela litšoantšo le ho etsa lintho tse ling tse nyonyehang tse amanang le bolumeli ba bohata tse neng li ba arohantse le Jehova. Ba ile ba khutlela habo bona, ba phela teng, ba lema le ho kotula lihlahisoa tse nonneng le hoja ho ne ho bonahala eka lintho tsena li ke ke tsa etsahala. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ba ileng ba li etsa ke ho haha bocha aletare ea Jehova e Jerusalema le ho mo etsetsa mahlabelo holim’a eona. (Esdr. 3:2-6) Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka ho ba fa balisa ba tšepahalang ba kang Esdrase eo e neng e le moprista le mokopitsi, ’musisi Nehemia le Zorobabele, Moprista ea Phahameng Joshua le baprofeta ba sebete ba kang Hagai, Zakaria le Malakia. Ha ba ne ba lula ba mamela melao ea Jehova, ba ne ba lula ba momahana ka tsela eo ba neng ba e-s’o ka ba momahana ka eona ka nako e telele.—Esa. 61:1-4; bala Jeremia 3:15.

22. Re tseba joang hore ho phethahala ha boprofeta ba Molimo mehleng ea Baiseraele e ne e le bohashana feela ba ntho e kholo e tla etsahala?

22 Re kholisehile hore taba ea hore ebe Jehova o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae tsa ho tsosolosa borapeli ba ’nete ka nako eo e ne e khothatsa. Empa ho phethahala ha tsona ka nako eo e ne e le bohashana feela ba ntho e kholo e tla etsahala. Re tseba joang? Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa ho hong e le hore litšepiso tseo li phethahale. Jehova o ne a tla li phethahatsa haeba feela ba ne ba ka lula ba mo mamela. Ka mor’a nako, Baiseraele e ile ea boela ea e-ba marabele eaba ha ba sa mamela Jehova. Empa feela joalokaha Joshua a boletse, litšepiso tsa Jehova li lula li phethahala. Kahoo, litšepiso tseo li ne li tla phethahala ka tsela e kholoanyane ebile e le ka nako e telele le ho feta. A re bone hore na seo se ile sa etsahala joang.

“Ke Tla le Amohela”

23, 24. Nako ea hore “ho nchafatsoe lintho tsohle” e qalile neng, hona e qalile joang?

23 Kaha re liithuti tse hloahloa tsa Bibele, rea tseba hore mehla ea bofelo ba lefatše lena le senyehileng e qalile ka 1914. Empa bahlanka ba Jehova ha ba utloisoe bohloko ke taba ena. Bibele e bile e bontša hore ka 1914 ho ile ha qala nako e thabisang haholo e leng nako ea hore “ho nchafatsoe lintho tsohle.” (Lik. 3:21) Re e tseba joang taba eo? Na u sa hopola hore na ho ile ha etsahala’ng leholimong ka 1914? Jesu Kreste o ile a hlomamisoa hore e be Morena. Ketsahalo eo e kopana kae le ho nchafatsoa ha lintho tsohle? Hopola hore Jehova o ne a tšepisitse Morena Davida hore borena bo tla lula lelokong la hae ka ho sa feleng. (1 Likron. 17:11-14) Borena boo bo ile ba emisa ka 607 pele ho mehla ea Jesu ha Bababilona ba felisa Jerusalema ’me ba emisa puso ea marena a tsoang lelokong la Davida.

24 Kaha Jesu e ne e le “Mor’a motho” ebile e le setloholo sa Davida, e ile ea e-ba eena mojalefa oa molao oa borena ba Davida. (Mat. 1:1; 16:13-16; Luka 1:32, 33) Ka 1914 ha Jehova a ne a hlomamisa Jesu hore e be Morena leholimong, e ne e le ha nako ea hore “ho nchafatsoe lintho tsohle” e qala. Ka tsela ena Jehova o ne a tla sebelisa Morena enoa ea phethahetseng hore a ntšetse pele mosebetsi oa ho tsosolosa kapa ho nchafatsa lintho tsohle.

25, 26. (a) Batho ba Molimo ba ile ba lokolloa neng Babilona e Moholo, hona re tseba joang? (Sheba lebokose le reng “Hobane’ng re re 1919?”) (b) Ho ile ha etsahala’ng ho tloha ka 1919?

25 E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo Kreste a ileng a li etsa ka mor’a hore e be Morena ke hore a sebetse le Ntate oa hae ho hlahloba le ho lokisetsa hore borapeli ba ’nete bo tsosolosoe lefatšeng. (Mal. 3:1-5) Feela joalokaha Jesu a ne a boletse papisong ea hae ea koro le mofoka, ho ile ha feta nako e telele ho sa bonahale phapang pakeng tsa koro le mofoka e leng Bakreste ba ’nete ba batlotsuoa le Bakreste ba bohata. b Empa ka 1914 nako ea kotulo e ne e fihlile ’me ho ne ho se ho bonahala phapang. Lilemo tse ngata pele ho 1914, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa senola libe tse tebileng tse entsoeng ke malumeli a Bokreste ba bohata. Liithuti tseo li ile tsa ba tsa qalella ho ikarola malumeling ao a bohata. Nako ea hore Jehova a ba lokolle ka botlalo malumeling ao a bohata e ne e fihlile. Qalong ea 1919, lilemo tse seng kae ka mor’a hore “nako ea kotulo” e qale, Molimo o ile a lokolla batho ba hae ka ho feletseng Babilona e Moholo. (Mat. 13:30) Ba ne ba tsoile botlamuoeng.

26 Boprofeta ba Ezekiele ba ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete bo ile ba phethahala ka tsela e kholo ho feta eo bo ileng ba phethahala ka eona mehleng ea Baiseraele. A re boneng hore na litšepiso tse hlano tseo re seng re buile ka tsona li phethahetse joang ka tsela e kholoanyane.

27. Molimo o ile a thusa batho ba hae joang ho tlohela borapeli ba litšoantšo?

27 TŠEPISO EA PELE. Borapeli ba litšoantšo le lintho tse ling tse nyonyehang tse etsoang ke malumeli a bohata li tla fela. Qetellong ea lilemo tsa bo-1800 ho ea qalong ea lilemo tsa bo-1900, Bakreste ba tšepahalang ba ile ba qala ho kopana hammoho le ho khaotsa ho etsa lintho tse neng li etsoa bolumeling ba bohata. Ba ile ba khaotsa ho lumela lithutong tse sa thehoang Bibeleng tse thehiloeng bolumeling ba bohata tse kang boraro bo teroneng, hore moea ha o shoe le thuto ea lihele. Hape ba ile ba khaotsa ho sebelisa litšoantšo ha ba rapela hobane ho ne ho hlakile hore ho li sebelisa ke borapeli ba litšoantšo. Ha nako e ntse e e-ea, batho ba Molimo ba ile ba boela ba hlokomela hore ho sebelisa sefapano ha ba rapela ke borapeli ba litšoantšo.—Ezek. 14:6.

28. Batho ba Jehova ba ne ba le maemong afe ka mor’a ho tsoa Babilona e Moholo?

28 TŠEPISO EA BOBELI. Batho ba Molimo ba khutlela borapeling ba ’nete. Ha Bakreste ba ’nete ba tsoa Babilona e Moholo, ba ile ba boela ba rapela Jehova ka tsela eo a e amohelang feela joalokaha ba ne ba etsa pele. Jehova o ile a qetella a ba hlohonolofalitse ’me ba fumana lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba be le setsoalle se matla le eena. Ba ne ba sa haelloe ke letho. (Bala Ezekiele 34:13, 14.) Joalokaha re tla bona Khaolong ea 19 ea buka ena, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae ka ho ba fa matletse-tletse a lijo tse ba thusang hore ba lule ba mo rata.—Ezek. 11:17.

29. Ho ile ha e-ba le phetoho efe mosebetsing oa ho ruta batho Bibele ka 1919?

29 TŠEPISO EA BORARO. Ho nyeheloa mahlabelo hape aletareng ea Jehova. Mehleng ea baapostola Bakreste ba ne ba se ba sa lokela ho etsa mahlabelo ka liphoofolo empa ba ne ba lokela ho fana ka mahlabelo a bohlokoa ka ho fetisisa e leng lintho tseo ba li buang ho rorisa Jehova le ho bolella ba bang ka eena. (Baheb. 13:15) Ka lilemo tse makholo ha bahlanka ba Molimo ba ntse ba le Babilona e Moholo mahlabelo a joalo a ne a sa etsoe. Leha ho le joalo, ha bahlanka ba Molimo ba se ba ntse ba tl’o lokolloa Babilona e Moholo, ba ne ba se ba ntse ba etsa mahlabelo a joalo ho rorisa Jehova. Ba ne ba phathahane ka mosebetsi oa ho ruta batho ka Molimo le ho mo rorisa libokeng ba thabile. Ho tloha ka 1919, haesale “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” a sebetsa ka thata ho hlophisa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele le ho bontša bohlokoa ba ho o etsa. (Mat. 24:45-47) Batho ba bangata ba ile ba qala ho sebeletsa Jehova le ho ruta batho ba bang ka eena.

30. Jesu o ile a etsa’ng e le hore linku tsa hae li fumane balisa ba nepahetseng?

30 TŠEPISO EA BONE. Balisa ba khopo ba ne ba tla tlosoa. Kreste o ile a lopolla batho ba Molimo matsohong a balisa ba malumeli a Bokreste ba bohata ba sa tšepahaleng le ba ichebileng bobona. Ka phuthehong ea Kreste, balisa ba neng ba etsisa balisa bao ba bohata ba ile ba tlosoa maemong a bona a bolisa. (Ezek. 20:38) Kaha Jesu ke Molisa ea Molemo, o ile a etsa bonnete ba hore linku tsa hae li hlokometsoe hantle. Ka 1919 o ile a khetha mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale. Sehlopha seo se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ile sa hlokomela batho ba Molimo hantle ka hore se li hule pele tabeng ea ho ba fa lijo tse tsoang ho Molimo. Ha nako e ntse e e-ea, baholo ba ile ba koetlisoa e le hore le bona ba khone ho hlokomela ‘mohlape oo Molimo a ba fileng oona.’ (1 Pet. 5:1, 2) Mantsoe a hlahang ho Ezekiele 34:15, 16 ao Jehova a ileng a susumelletsa Ezekiele hore a a ngole, a sebelisoa hangata ho hopotsa balisa ba Bakreste mohlala oo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba o behileng oa ho hlokomela linku tsa Molimo.

31. Jehova o ile a phethahatsa boprofeta bo ho Ezekiele 11:19 joang?

31 TŠEPISO EA BOHLANO. Barapeli ba Jehova ba ne ba tla momahana. Ka lilemo tse makholo, malumeli a Bokreste ba bohata a khephohile hore e be likhechana tse ngata tsa likereke tse bongata bo thibang letsatsi tse sa momahanang ebile li sa utloane. Empa Jehova eena o entse mohlolo ka batho ba hae ka mor’a hore a ba tsosolose. Tšepiso ea hae eo a e fetisitseng ka Ezekiele e reng: “Ke tla ba momahanya” e phethahetse ka tsela e makatsang. (Ezek. 11:19) Balateli ba Kreste lefatšeng lohle ba holetse libakeng tse sa tšoaneng, ba tsoa malumeling le litsong tse fapaneng ebile ha ba tšoane le ka maemo a lichelete. Empa kaofela ha bona ba rutoa lithuto tse tšoanang ebile ba etsa mosebetsi o tšoanang ka tsela e tšoanang. Bosiu ba ho qetela Jesu a le lefatšeng, o ile a rapella hore barutuoa ba hae ba momahane. (Bala Johanne 17:11, 20-23.) Jehova o arabetse thapelo eo ka tsela e kholo haholo mehleng ena.

32. U ikutloa joang ka hore ebe boprofeta bo buang ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete boa phethahala? (Sheba le lebokose le reng “Boprofeta ba ho Isoa Botlamuoeng le ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete.”)

32 Na ha u thabe hore ebe u phela nakong ee e monate eo ka eona Jehova a tsosolositseng borapeli ba ’nete? Re bona boprofeta ba Ezekiele bo phethahala karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea borapeli ba rona mehleng ena. Re ka kholiseha hore hona joale Jehova o amohela batho ba hae feela joalokaha a ile a profeta a sebelisa Ezekiele ha a ne a re: “Ke tla le amohela.” (Ezek. 20:41) Batho ba Jehova ba lokolohile ka mor’a ho qeta lilemo tse makholo ba le botlamuoeng Babilona e Moholo. Na oa elelloa hore na u fumane monyetla o ikhethang hakaakang oa ho ba karolo ea batho baa ba momahaneng, ba hlokometsoeng hantle ebile ba rorisa Jehova lefatšeng lohle? Leha ho le joalo, tse ling tsa lintho tseo Ezekiele a li profetileng ka ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete ke hona li tla phethahala ka tsela e kholo le ho feta.

“E Tšoana le Serapa sa Edene”

33-35. (a) Boprofeta bo ho Ezekiele 36:35 bo ne bo tla ama Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng joang? (b) Boprofeta boo bo ama batho ba Jehova joang mehleng ee? (Sheba le lebokose le reng “Nako ea Hore ho Nchafatsoe Lintho Tsohle.”)

33 Joalokaha re bone, ‘nako ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle’ e qalile ha Jesu e e-ba Morena ka 1914 ’me puso ea marena a leloko la Davida e tsosolosoa. (Ezek. 37:24) Ka mor’a moo, Jehova o ile a fa Kreste matla a hore a tsosolose borapeli ba ’nete ka mor’a hore batho ba Jehova ba qete lilemo tse makholo ba le botlamuoeng Babilona e Moholo. Empa na joale e se e le phetho ka mosebetsi oa Kreste oa ho tsosolosa borapeli ba ’nete? Ho hang! Ka moso mosebetsi oo o tla tsoela pele ka tsela e kholo le ho feta ’me boprofeta ba Ezekiele bo re fa lintlha tse thabisang ka oona.

34 Mohlala, nahana ka mantsoe ana ao Molimo a ileng a a bua a reng: “Batho ba tla re: ‘Naha e neng e omeletse ebile e se na letho e se e tšoana le serapa sa Edene.’” (Ezek. 36:35) Tšepiso eo e ne e tla ama Ezekiele le batho bao a neng a le botlamuoeng le bona joang? Ho hlakile hore ba ne ba sa lebella hore naha ea habo bona e tla fetoha serapa sa Edene ebe batho ba qetella ba ferekane ba nahana hore ke eona Edene eo Jehova a neng a e lemme ka boeena. (Gen. 2:8) Empa e tlameha ebe ba ne ba utloisisa hore Jehova o ne a re naha ea bona e tla ba ntle e be e behe litholoana tse ngata.

35 Tšepiso eo e re ama joang mehleng ee? Ha rea lebella hore lefatše lena le senyehileng le fetohe paradeise hona joale le ntse le busoa ke Satane Diabolose. Empa rea utloisisa hore tšepiso eo e phethahala ho batho ba Jehova mehleng ena. Re le bahlanka ba Jehova, re phela nakong eo ka eona ho tsosolositsoeng borapeli ba ’nete. Ka lebaka leo, re sebeletsa Jehova ka mafolofolo ’ohle ebile re beha mosebetsi oa Jehova pele bophelong ba rona. Kaha re na le setsoalle se matla le Jehova, ho tšoana leha eka re phela paradeiseng e ntseng e ntlafala le ho feta. Leha ho le joalo, tšepiso ee ea Jehova e tla phethahala joang nakong e tlang?

36, 37. Ke litšepiso life tse tla phethahala Paradeiseng ka moso?

36 Ka mor’a ntoa e kholo ea Armagedone, Jesu o tla tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho tsosolosa ’me mosebetsi oo o tla akareletsa le ho lokisa lefatše. Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete o tla tataisa batho hore ba etse hore lefatše lohle le tšoane le serapa sa Edene, ba le etse paradeise feela joalokaha Jehova a ne a rerile ho tloha qalong. (Luka 23:43) Ka nako eo, batho bohle ba tla phela ka khotso ebile ba tla hlokomela lefatše. Hohle moo ba leng teng ba tla lula ba sireletsehile ho se na letho le ba tšosang. Nahana feela hore na ho tla ba joang ha tšepiso ena e phethahala: “Ke tla etsa selekane sa khotso le tsona. Ke tla tlosa liphoofolo tse kotsi tse hlaha e le hore [linku tsa ka] li lule li sireletsehile naheng li be li robale merung.”—Ezek. 34:25.

37 Nahana feela u se u khona ho ea kae kapa kae moo u ratang lefatšeng u sa tšoha letho! Ka nako eo, liphoofolo li ke ke tsa u ntša kotsi. Ho tla be ho se na letho le ka u amohang khotso. U tla khona ho tsamaea u le mong u kenelle ka hare-hare merung e teteaneng, u bone botle ba eona u be u robale hona moo u sireletsehile, u tsohe u ntse u phetse hantle ho se na letho le u ntšitseng kotsi.

Nahana u se u phela moo ho sireletsehileng hoo u ka bang oa ‘robala merung’ (Sheba serapa sa 36 le 37)

38. Taba ea hore tšepiso e hlahang ho Ezekiele 28:26 e tl’o phethahala e etsa hore u ikutloe joang?

38 Tšepiso e ’ngoe e tla phethahala ke ena: “Ba tla lula ba sireletsehile ho eona, ba hahe matlo ba be ba leme lirapa tsa morara. Ba tla phela ka khotso ha ke ahlola lichaba tse ba potolohileng tse ba somang. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.” (Ezek. 28:26) Ka mor’a hore Jehova a felise lira tsohle tsa hae, re tla phela ka khotso re sireletsehile lefatšeng lohle. Ha re ntse re hlokomela lefatše, re tla khona le ho itlhokomela le ba malapa a rona, re hahe matlo a matle ’me re lule ho ’ona re be re leme le lirapa tsa morara.

39. Ke bopaki bofe bo ka u kholisang hore litšepiso tse hlahang lengolong la Ezekiele tse buang ka Paradeise li tla phethahala?

39 Na u utloa litšepiso tsee e le litoro feela? Haeba ho joalo, hopola lintho tsohle tseo u li boneng nakong ena ea ha ho ‘nchafatsoa lintho tsohle.’ Ho sa tsotellehe hore na Satane o re hanyetsa ka matla hakae, Jesu o fuoe matla a ho tsosolosa borapeli ba ’nete nakong ena e thata ka ho fetisisa. Bona ke bopaki bo matla ba hore litšepiso tsohle tseo Molimo a ileng a re Ezekiele a li bolele li tla phethahala.

a Boholo ba Bajuda ba botlamuoeng ba ne ba lula hojana le Babilona. Ka mohlala, Ezekiele o ne a lula le Bajuda ba bang pel’a noka ea Kebare. (Ezek. 3:15) Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-na le Bajuda ba bang ba fokolang ba neng ba lula motseng oa Babilona. Ba bang ba bona e ne e le “ba leloko la borena le la bahlomphehi.”—Dan. 1:3, 6; 2 Mar. 24:15.

b Ka mohlala, ha rea kholiseha hore na har’a Bakreste ba ileng ba tsoa bolumeling ba bohata lilemong tsa bo-1500 ke bafe bao e neng e le batlotsuoa.