Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Linaha Tsa Amerika

Linaha Tsa Amerika
  • PALO EA LINAHA 57

  • PALO EA BAAHI 970 234 987

  • PALO EA BAHOELETSI 3 943 337

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 4 341 698

Ba Ile ba ba Mema ho Tla Lula le Bona

Banyalani ba bang ba Las Vegas, Nevada, bao e seng Lipaki, ba ne ba batla sebaka se khutsitseng seo ba ka lulang ho sona kahoo ba ile ba rekisa ntlo ea bona e le hore ba fallele Dominican Republic. Leha ho le joalo, ba ile ba tlameha ho tsoa ntlong eo matsatsi a leshome pele ho letsatsi leo sefofane sa bona se neng se lokela ho tsamaea ka lona. Baahelani ba bona bao e leng Lipaki Tsa Jehova ba ile ba re  ba tl’o lula le bona. Ha ba le moo, ba ile ba ea libokeng Holong ea ’Muso. Ha ho buuoa ka selemo sa 1914, ba ile ba hlolloa hobane ba ne ba tseba hore selemo seo ke sa bohlokoa historing ea lefatše. Hang ha banyalani bana ba fihla Dominican Republic, ba ile ba kōpa thuto ea Bibele ho Paki ea pele e ileng ea ba etela. Ka mor’a selemo le likhoeli tse peli, ba ile ba inehela ho Jehova ba ba ba kolobetsoa.

Ke Sona Seo a Neng a se Batla

Ka 2012, barab’abo rōna ba ile ba beha tafole ea lingoliloeng Pontšong ea Libuka ea Machaba e neng e tšoaretsoe Panama City, naheng ea Panama. Banana ba babeli ba sekolo ba ile ba tla tafoleng eo. Ngoanana e mong o ile a bolella morali’abo rōna ea neng a le tafoleng eo hore o ferekane haholo. Ngoanana enoa o ile a re ntate oa hae o lemaletse lithethefatsi ’me ha a tsebe hore na a etse joang. Morali’abo rōna o ile a mo bontša khaolo ea 23 bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, eo sehlooho sa eona se reng, “Nka Etsa’ng Haeba Motsoali oa ka a Lemaletse Lithethefatsi Kapa Joala?” Ngoanana eo o ile a hooa ka thabo a re: “Ke sona seo ke hlileng ke se batlang!” Banana bana ba ile ba haka morali’abo rōna eaba baa tsamaea empa ka mor’a hora ba khutla ho tla mo leboha hape. Matsatsing ao a mahlano, bahoeletsi ba ile ba tsamaisa libuka tse 1 046, limakasine tse 1 116 le libukana tse 449. Batho ba 56 ba ile ba siea liaterese tsa bona e le hore Lipaki li ka ba etela.

O Qetile Lilemo Tse ’nè a Paka a le Mong

Monna e mong ea bitsoang Fredy, ea buang Secabecar, o lula mahaeng lithabeng tsa Costa Rica. Lilemong tse  ’nè tse fetileng, Fredy o ne a sebetsa motse-moholo oa Costa Rica e leng San José moo a ileng a fumana buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Mohoeletsi ea neng a mo file lingoliloeng tsena o ile a mo bolella hore a khutlele hahabo ho ea bolela litaba tse molemo. O ile a fela a etsa joalo, a ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me a etsa liphetoho bophelong ba hae, tse kang ho ngolisa lenyalo la hae ka molao. Ka mor’a moo a etsa sohle se matleng a hae ho ruta Macabecar ’nete.

Fredy o ile a lokisetsa liithuti tsa hae tsa Bibele litlelase. E le hore a hlahlobe tsebo ea Bibele ea liithuti tsena, o ile a li arola ka lihlopha tse tšeletseng tseo ho tsona a neng a li ngolisa tlhahlobo ho latela bokhoni ba tsona. O ne a hlophisa liboka a bile a tšoara Sehopotso, a ngola limemo tse nang le molaetsa o reng: “Lipaki Tsa Jehova li u mema hore u tl’o ba le tsona Sehopotsong sa lefu la Kreste.” O entse sena a le mong ka lilemo tse ’nè! Nakong ena eohle o ne a ntse a rapela hore Jehova a romelle Lipaki tse tla mo thusa.

Haufinyane tjena thapelo ea Fredy e ile ea arabeloa. Lipaki tse ling li ile tsa nka leeto le boima ho ea moo a lulang teng ’me tsa hlolloa ha li bona sohle seo a se finyelletseng. Li ile tsa re: “Le hoja Fredy e se Paki e kolobelitsoeng, o phela joaloka Paki!” Ka mor’a likhoeli tse tharo feela, e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. E le hore a kolobetsoe, o ile a theoha lithabeng hore a tle kopanong ea hae ea pele a e-na le batho bao a ithutang Bibele le bona ba 19. Hona joale o hlophisitse lihlopha tse ling tse tharo tsa batho ba buang Secabecar metsaneng e meng e thōko le ho feta.

Costa Rica: Fredy, eo hona joale e leng pula-maliboho oa kamehla, o nka maeto a malelele ho ea khanna lithuto tsa Bibele

O Ile a Emela Tumelo ea Hae Sekolong

Ka letsatsi le leng Anna, ea kenang sekolo se phahameng United States, o ile a tlameha ho emela tumelo ea  hae har’a lithaka tsa hae tse ngata tse neng li halefisitsoe ke hore ha a lumele thuto ea Boraro-bo-bong. O re: “Ba ile ba nkopanela, empa ka khoba matšoafo hobane ke ne ke sa batle ho fa batho ba shebeletseng maikutlo a mabe ka Lipaki Tsa Jehova.” Bosiung boo o ile a rapela Jehova hore a mo fe sebete ’me a etsa lipatlisiso ka thuto ea Boraro-bo-bong. Letsatsing le latelang, Anna o ile a ea le Bibele sekolong. Bana ba tlelase ea hae ba ile ba mo pota-pota, ba bangata ba ntse ba mo tšeha ka ho phoqa. Leha ho le joalo, ka sebete o ile a ba phetlela mangolo a seng makae le ho a hlalosa. Qetellong ba neng ba mo phehisa ba ile ba felloa ke mantsoe. Mohanyetsi oa hae ea ka sehloohong, eo e neng e le prefect ea tlelase, o ile a re joale o se a hlompha Lipaki Tsa Jehova. Selemong seo sohle a ’na a botsa Anna lipotso mabapi le seo a se lumelang.

Lerapo la Seeta le Khaoha ka Nako e Nepahetseng

Moroetsana e mong oa Barbados o ne a ea kerekeng ka Sontaha hoseng ha lerapo la seeta sa hae le khaoha. O ile  a ea ntlong e haufi ho ea kōpa sepele hore a qhoaele seeta sa hae. E ne e le ntlo ea morali’abo rōna ea lulang le morali oa hae. Ha moroetsana eo a ntse a lokisa seeta, morali’abo rōna o ile a mo hlalosetsa hore na boprofeta ba Bibele bo phethahala joang hona joale. Eaba morali oa hae o mema moroetsana eo hore a ee libokeng le bona Holong ea ’Muso hona hoseng hoo. Kaha o ne a bona hore o se a siiloe ke nako, o ile a etsa qeto ea ho ea libokeng le bona. Ha liboka li ntse li tsoela pele, o ne a phetla mangolo ’ohle Bibeleng ea hae. Liboka li ile tsa mo khahla haholo. O ile a re o khathetse ke lerata la likupu le batho ba hoeletsang ka kerekeng ’me haesale a batla ho ithutela Bibele moo ho khutsitseng. O ile a amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang a ba a lumela ho ithuta Bibele. O ba teng libokeng tsohle ’me o kopanela ho tsona ka cheseho.

O Mong Feela ea ka mo Thibelang ho Bolela

Mohlankana e mong oa Guyana o re: “Ke rata ho pakela bana ba tlelase ea ka, empa ho na le moshemane a le mong ea sa rateng ha ke paka. Ka letsatsi le leng, o ile a nkharameletsa leboteng eaba o re, ‘U se ke be ua hlola u bua ka Bibele!’ Ke ile ka re ho eena, motho a le mong feela ea ka nthibelang ho bua ka Bibele ke Jehova. Ha ke ntse ke tsoela pele ho paka, o ile a tabola mokotlana oa ka, a nkotla ka feisi sefahlehong, eaba molomo oa ka oa taboha. Re ile ra bitsetsoa ofising ea mosuoe-hlooho, ’me a mpotsa hore na moshemane eo o nkotletse’ng. Ka re, ke ne ke bua ka Bibele eaba oa nkotla. Mosuoe-hlooho o ile a botsa hore na ke hobane’ng ha ke sa ka ka itoanela. Ke ile ka mo bolella hore ke ithutile hore Baroma 12:17 e re Bakreste ha baa lokela ho ‘busetsa bobe ka bobe.’ Ha mosuoe-hlooho a utloa seo, o ile a re ke tsamaee ’me a re o tla bona hore na o etsa’ng ka moshemane eo.”

Catamarca, Argentina