Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1914

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1914

MOLULA-QHOOA oa Senyesemane oa January 1, 1914 o re: “Re lumela hore lilemong tsohle tsa Kotulo, Selemo sena sa 1914 se tla re fa menyetla e mengata ea ho bolela ’Nete ho feta leha e le neng pele.” Selemo seo Liithuti Tsa Bibele li ’nileng tsa se lebella ka lilemo tse mashome, se ile sa qetella se fihlile, ’me li ne li sebetsa ka thata tšimong. Boikitlaetso ba tsona bo ile ba etsa hore batho ba limilione ba utloe litšepiso tsa Bibele. Leha ho le joalo, lefatše lona le ne le tšoarehile ka ntho e ’ngoe e fapaneng.

 Batho ba ba Mabifi Haholo Lefatšeng

Mathoasong a 1914, ho ile ha bolaoa banna, basali le bana ba bangata United States ka lebaka la literaeke tsa basebetsi tse mabifi ka ho fetisisa. Batho ba neng ba teraekile ba ile ba lelekoa matlong a merafo, ’me ba tlameha ho lula litenteng le malapa a bona. Ka la 20 April, ho ile ha qhoma ntoa ea lithunya motseng oa litente o haufi le Ludlow, Colorado. Litente tsa basebetsi ba merafong li ile tsa chesoa. Basebetsi ba halefileng ba ile ba iphetetsa ka ho bolaea bo-matjekelane ba bangata. Ho ile ha bitsoa sesole hore se tl’o laola boemo.

Maemo a ne a le mabe le ho feta Europe. Ka la 28 June, Moserbia e mong ea lilemo li 19 ea bitsoang Gavrilo Princip, o ile a akhela leshala le ileng la qhomisa Ntoa ea I ea Lefatše ha a betsa kulo e ileng ea bolaea Khosana Francis Ferdinand oa Austria. Ha selemo seo se fela, Ntoa ea I ea Lefatše, eo ka nako eo e neng e bitsoa Ntoa e Khōlō, e ne e loana hohle Europe.

Ho Khothalletsoa Mosebetsi oa Boboleli Likopanong

Har’a moferefere ona o ntseng o hloa mekoalaba, Liithuti Tsa Bibele li ne li khothatsana hore li bolele litaba tse molemo ka mafolofolo. Kopano ea pele ea batho ba Molimo Afrika Boroa e ile ea qala ka la 10 April. Palo ea ba bileng teng kopanong eo e ne e le 34. William W. Johnston o ile a re: “Ka sebele re ne re le ‘mohlatsoana.’ Re ile ra kolobetsa hoo e ka bang halofo [ea ba neng ba tlile] . . . Kopanong eo. Baralib’abo rōna ba robeli le barab’abo rōna ba robeli ba ile ba bontša boinehelo ba bona ka ho kolobetsoa ka tsela e laetsoeng ke Jesu.” Letsatsing la ho qetela la kopano, ba tlileng kopanong ba ile ba buisana ka hore na mosebetsi oa ho bolela o ka ntšetsoa pele ka tsela efe e molemo Afrika Boroa. Kajeno, bahoeletsi ba tšepahalang ba Afrika Boroa ba ka holimo ho 90 000, ke bopaki ba hore “mohlatsoana” oo o atlehile.

Ka la 28 June, 1914, e leng letsatsi leo Khosana Ferdinand a ileng a thunngoa ka lona, Liithuti Tsa Bibele li ne li bokane Clinton, Iowa, U.S.A. Kopanong eo, ka la 30 June, A. H. MacMillan o ile a re: “Haeba re batla ho amohela moputso oa rōna re lokela  ho lula re etsa thato ea Molimo ka mafolofolo, re ee tšimong neng le neng ha ho khoneha, re bolelle batho litaba tse molemo.”

“Photo-Drama” e Khahla ba Limilione

Baesekopo ea “Photo-Drama of Creation,” e akarelletsang lipuo tsa Bibele, ’mino le li-slide, e ile ea bontšoa batho ka lekhetlo la pele New York City ka la 11 January, 1914. Batho ba 5 000 ba ile ba e shebella ha e ne e bontšoa ka lekhetlo la pele, ’me ba bangata ba kōptjoa hore ba khutlele hae hobane ho ne ho tletse haholo.

Ho nkile lilemo tse peli “Photo-Drama of Creation” e ntse e hlophisoa, empa Molula-Qhooa oa Senyesemane o re “ka January e ne e se e le haufi le ho phethoa e le hore e bontšoe batho ka lekhetlo la pele.” Likhoeling tse tšeletseng tse qalang tsa 1914, barab’abo rōna ba ile ba ntlafatsa “Photo-Drama” ka litsela tse ’maloa. Ka mohlala, qalong ea baesekopo ena ba ile ba kenya video e khutšoanyane e hlahisang Charles Taze Russell a hlalosa hore na ke mang ea ikarabellang ho etsoeng ha “Photo-Drama.”

Ho na le nako eo ka eona “Photo-Drama” e ileng ea bonoa ke batho ba bangata ka ho fetisisa ha e bapaloa metseng e 80 ka nako e le ’ngoe. Ka July 1914, e ne e fihlile Great Britain, moo e ileng ea bontšoa matlong a tletseng batho Glasgow le London. Ka September e ile ea bontšoa Denmark, Finland, Jeremane, Sweden le Switzerland. Ka October, e ne e se e fihlile Australia le New Zealand. Selemong sa pele “Photo-Drama” e ne e bonoe ke batho ba fetang limilione tse robong.

“Photo-Drama” ka ’ngoe e ne e e-na le li-slide tse makholo, lirolo tse ngata tsa baesekopo le lirekoto tse ngata. Ho ne ho tura ho e etsa, ’me kamehla ho ne ho hlokahala hore e bapaloe ke bara le barali babo rōna ba nang le boiphihlelo. Ke ka lebaka lena “Photo-Drama” e feletseng e neng e bontšoa ka ho khetheha metseng e meholo. E le hore Liithuti Tsa Bibele li finyelle batho ba mahaeng, li ile tsa boela tsa etsa mefuta e meraro e khutsufalitsoeng ea “Photo-Drama.” O mong o bitsoang  “Eureka Drama Y,” e ne e le oa li-slide tse fifalitsoeng tse tsamaeang le lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng hammoho le ’mino. Mefuta e meng e leng “Eureka Drama X” le o mong o mokhutšoanyane le ho feta o bitsoang “Eureka Family Drama,” e ne e mameloa feela, e se na li-slide le baesekopo. Qetellong ea 1914 likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore “Eureka Drama” e lokolloe, batho ba United States ba fetang 70 000 ba ne ba se ba e bone le ho e mamela.

Barekisi ba Libuka le Baithaopi ba Bolela Litaba Tse Molemo

Le hoja mosebetsi oa ho bontša “Photo-Drama” o ne o le mocha ebile o le monate, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa elelloa hore mekhoa e meng ea ho bolela litaba tse molemo ke eona e tlang pele. Lengolo le tsoang ho Charles Taze Russell le eang ho barekisi bohle ba libuka bao hona joale ba bitsoang bo-pula-maliboho le ne le re: “Nakong ena ea Kotulo, ha ho mofuta o mong oa tšebeletso o behang litholoana ho feta bopula-maliboho. Ka lebaka lena, ha re khothalletse bo-pula-maliboho ho etsa  mosebetsi oa Photo-Drama . . . Bara le barali babo rōna ba bang, bao le bona ba tšepahalang ho Morena . . . ba ka etsa mosebetsi oa Photo-Drama.”

Ka January 1914, barekisi ba libuka ba ne ba le 850. Selemong seo, baevangeli bao ba chesehang ba ile ba aba libuka tsa Studies in the Scriptures tse fetang 700 000. Molula-Qhooa oa Senyesemane o ile oa re o “thahasella” bo-pula-maliboho haholo ’me oa khothalletsa barab’abo rōna hore ba “ba khothatse, hobane ka linako tse ling mosebetsi oa bona ha o bonolo.”

Liithuti tse ling Tsa Bibele li ile tsa aba lipampitšana ka lipuo tse ngata. Ka 1914, li ile tsa aba lipampitšana tse fetang limilione tse 47 tsa The Bible Students Monthly le tse ling!

Mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele o ne o tsebahala. Li ne li bolela phatlalatsa ’me ho sa batloe koleke libokeng tsa tsona. Moruti e mong oa Bokreste-’mōtoana o ile a re: “Ho e-s’o ee kae batho ba tla nahana hore ho batla koleke ke tlōlo ea molao; ebe re tla etsa joang? Moruti Russell oa re tlotlolla.”

Linako Tsa Balichaba Lia Fela

Liithuti Tsa Bibele li ne li lumela hore ‘linako tsa Lichaba’ tseo Luka 21:24, e buang ka tsona li tla fela hoo e ka bang ka la 1 October, 1914. Ha October e ntse e atamela, batho ba ne ba lebeletse nako eo ka matla. Liithuti tse ling Tsa Bibele li ne li bile li e-na le karete eo li tšoaeang matsatsi a setseng ho eona. Liithuti tse ngata li ne li lumela hore li tla ea leholimong letsatsing lona leo.

Hoseng ha la 2 October, 1914, Mor’abo rōna Russell o ile a kena holong ea ho jela ea Bethele ’me a etsa tsebiso ena: “Linako Tsa Lichaba li felile; nako ea marena a tsona e felile.” Ba bang ba neng ba le teng ba ile ba hopola mantsoe ao, a neng a thehiloe pineng ea 171 bukeng ea Hymns of the Millennial Dawn. Ho tloha ka 1879, Liithuti Tsa Bibele li ne li ntse li bina pina e reng “Linako tsa Lichaba lia fela,” empa mantsoe ao e ne e se e se ’nete, kaha ha e le hantle Linako tsa Lichaba kapa  “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li felile. (Luka 21:24) Ha nako e ntse e feta, lipineng tsa rōna ho ile ha etsoa phetoho ena ea bohlokoa.

Ba bang ba ne ba sebelisa karete ea “Be Thou Faithful Unto Death” eo ho eona ba neng ba tšoaea matsatsi a setseng, ho bontša hore ba ikemiselitse ho tšepahala ho fihlela qetellong

Ha selemo se fela, ’Muso oa Mesia o ne o hlonngoe leholimong, ’me Liithuti tse ling Tsa Bibele li ile tsa nahana hore mosebetsi oa tsona o phethiloe. Li ne li sa tsebe hore li haufi le ho lekoa le ho sefshoa. Temana ea selemo ea 1915 e ne e re, “Na le ka tseba ho noela senoelong seo ke tla noela ho sona?” ’me e thehiloe ho Matheu 20:22 Bibeleng ea Sesotho. “Senoelo” seo Jesu a neng a bua ka sona se ne se akarelletsa liteko tseo a neng a tla tobana le tsona ho fihlela a e-shoa. Liithuti Tsa Bibele li ne li le haufi le ho tobana le liteko tse tsoang ka hare le ka ntle ho phutheho. Tsela eo li neng li tla itšoara ka eona e ne e tla bontša hore na li tšepahala ho Jehova kapa che.