Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Beche e ne e le Phasepoto ea Bona

Beche e ne e le Phasepoto ea Bona

“KA 1987 batho ba fetang 1 000 ba ile ba ea Kopanong ea Setereke ea ‘Tšepa Jehova’ e neng e tšoaretsoe toropong ea Guékédou, Guinea. Kaha sebaka seo kopano e neng e tla tšoareloa ho sona se ne se le pel’a moeli oa Sierra Leone le Liberia, batho ba bangata ba tsoang linaheng tsena ba ile ba etsa qeto ea hore ba tla tloha malapeng a bona letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, ba ne ba se na liphasepoto. Kahoo, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba buisana le ba boholong lelibohong ’me ba lumellana. Ho ne ho hlokahala ntho e le ’ngoe feela—beche! Ha mapolesa a sebetsang lelibohong a bona libeche tse tšehla a ne a re ba fete.”—Everett Berry, moromuoa oa mehleng.

Barab’abo rōna ba ne ba ja hammoho kopanong ena