Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Ba re ke “Bible” Brown

William R. Brown

Ba re ke “Bible” Brown
  • O HLAHILE KA 1879

  • O KOLOBELITSOE KA 1908

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a li hula pele mosebetsing oa boboleli Afrika Bophirimela.

KA 1907, ha William a ntse a sebetsa Kanaleng ea Panama, o ile a iphumana a le har’a batho ba mametseng puo e neng e fanoa seterateng ke Isaiah Richards, eo e neng e le Seithuti sa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Puong ea hae, Richards o ile a sebelisa “Chart of the Ages,” ho hlalosa merero ea Molimo. William o ile a amohela ’nete ka potlako ’me a khutlela Jamaica ho ea ruta ’mè oa hae le khaitseli ea hae ’nete. Ka mor’a nako e itseng le bona e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele.

Mor’abo rōna Brown o ile a sebeletsa Panama City, naheng ea Panama. O ile a kopana le Evander J. Coward, eo e neng e le moemeli ea tsamaeang oa Liithuti Tsa Bibele ea neng a le letšolong la ho fana ka lipuo Panama. Mor’abo rōna Coward o ne a fana ka lipuo tse matla le tse thahasellisang, kahoo batho ba ne ba tla ka bongata ho tla mo mamela. Ha a lemoha hore William o chesehela ’nete, o ile a mo kōpa hore a tsamaee le eena ho ea bolela litaba tse molemo Trinidad.

 Lilemong tse leshome tse latelang, William o ile a hahlaula le naha ea West Indies, a bula maliboho a bile a matlafatsa lihlopha tse nyenyane. Ka 1920, o ile a nyala morali’abo rōna ea tšepahalang ea bitsoang Antonia. Matsatsi a mabeli ka mor’a lechato, William le Antonia ba ile ba ea ka sekepe sehlekehlekeng se senyenyane se bitsoang Montserrat seo e leng karolo ea Lihlekehleke Tsa Leeward, ba ne ba nkile “Photo-Drama of Creation”—e leng baesekopo e likarolo li ’nè ea li-slide tse thehiloeng Bibeleng. Ba ile ba boela ba paka le lihlekehlekeng tsa Barbados, Dominica le Grenada. Ba ile ba qalisa lenyalo la bona hamonate tšebeletsong ea Jehova.

Lilemo tse peli hamorao, William o ile a ngolla Joseph F. Rutherford, ea neng a etella pele mosebetsi oa batho ba Jehova ka nako eo, a re: “Ka thuso ea Jehova ke ile ka paka ka ho phethahetseng karolong e khōlō ea Lihlekehleke Tsa Caribbean ’me ke entse barutuoa ho tse ngata. Na ke lokela ho khutlela ho tsona hape?” Ka mor’a matsatsi a seng makae, Mor’abo rōna Rutherford o ile a araba a re: “E-ea Sierra Leone, Afrika Bophirimela, le mosali oa hao le ngoana.”

Nakong ea lilemo tse 27 tseo Mor’abo rōna Brown a ileng a sebeletsa le lelapa la hae Afrika Bophirimela, o ne a sa rate ho sebetsa ofising. O ne a rata ho ea tšimong. Kaha o ne a totobatsa molemo oa ho sebelisa Bibele, batho ba ne ba re ke “Bible” Brown.

Ka 1950, ha William Brown a le lilemo li 71, o ile a khutlela Jamaica le mosali oa hae ho ea bula maliboho. O ile a bula maliboho ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1967. O ne a hlile a rata bopula-maliboho e le kannete! O ne a bo nka e le tokelo e khōlō ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eona.