Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

2002-2014 ho Fihlela Hona Joale (Karolo ea 2)

2002-2014 ho Fihlela Hona Joale (Karolo ea 2)

Ho Thusa Batho ba sa Utloeng Litsebeng

Ho lekanngoa hore ho na le batho ba ka bang 3 000 ho ea ho ba 5 000 ba sa utloeng litsebeng Sierra Leone le ba makholo Guinea. Kaha ‘thato ea Jehova ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe,’ batho ba sa utloeng litsebeng ba ne ba tla “utloa” litaba tse molemo joang?—1 Tim. 2:4.

Michelle Washington, moromuoa oa Gileade ea ileng a fihla Sierra Leone ka 1998, o re: “’Na le monna oa ka Kevin re ile ra abeloa phuthehong eo ho neng ho e-na le batho ba bane ba sa utloeng litsebeng. Ke ne ke batla ho ba thusa kaha ke ne ke tseba Puo ea Matsoho ea Amerika. Ofisi ea lekala e ile ea nkōpa hore ke tolokele batho ba sa utloeng litsebeng libokeng le likopanong ’me liphutheho tse haufinyane li ile tsa tsebisoa ka tokisetso eo. Ofisi ea lekala e ile ea boela ea lokisetsa hore ho be le litlelase tsa puo ea matsoho bakeng sa bahoeletsi ba ratang ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng. Re ile ra qala ho batla batho ba sa utloeng  litsebeng ’me ra ithuta Bibele le bona. Ha batho ba bona boiteko ba rōna ba ho thusa batho bao, ba bangata ba ile ba thabela seo. Leha ho le joalo, hase bohle ba neng ba thabela mosebetsi oa rōna. Moruti oa batho ba sa utloeng litsebeng o ile a re bitsa ‘baprofeta oa bohata.’ O ile a lemosa batho ba moo hammoho le ba malapa a bona hore ba bapalle hōle le rōna. Ba bang ba ile ba bolelloa hore haeba ba ntse ba buisana le rōna ba ke ke ba hlola ba fumana thuso ea lichelete. Batho ba sa utloeng litsebeng ba ile ba aroha lihlopha tse peli: ba neng ba tšehetsa moruti ebile ba e-s’o kopane le rōna le ba kileng ba kopana le rōna ’me ba sa tšehetse moruti. Ba bang ho ba neng ba sa tšehetse moruti ba ile ba emela ’nete ’me ba tsoela pele ho fihlela ba kolobetsoa.”

Ka mohlala, Femi, o tsoetsoe a sa utloe litsebeng ’me o ne a sa tsebe puo ea matsoho hakaalo. O ne a sa tšepe motho—haholo-holo batho ba utloang—’me o ne a sa thaba a bile a ikutloa a sa ratoe. O ile a qala ho ithuta Bibele le barab’abo rōna ba sehlopha sa puo ea matsoho. Kapele feela o ile a ba teng libokeng tsa Bokreste a bile a ithuta puo ea matsoho. Femi o ile a tsoela pele hantle ho fihlela a kolobetsoa ’me hona joale o thabela ho ruta batho ba bang ba sa utloeng litsebeng ’nete.

Femi, (ka letsohong le letona) o bina pina ea ’Muso

Ka July 2010, sehlopha sa Puo ea Matsoho ea Amerika sa Freetown e ile ea e-ba phutheho. Ho boetse ho na le lihlopha tsa puo ea matsoho Bo le Conakry.

Ba Futsanehile Empa ba ‘Ruile Tumelong’

Bibele e re bolella hore boholo ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba futsanehile. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Molimo o khethile mafutsana mabapi le lefatše hore e be a ruileng tumelong . . . na ha ho joalo?” (Jak. 2:5) Ka lebaka la tumelo eo ba nang le eona ho Jehova, bahoeletsi ba Sierra Leone le Guinea ba fumane matšeliso le tšepo.

Tumelo e susumetsa malapa a mangata a futsanehileng a Lipaki a lulang libakeng tsa mahaeng hore a qete likhoeli  tse ngata a boloka chelete e le hore a be teng likopanong tsa setereke. Ba bang baa lema e le hore ba khone ho ba le chelete ea ho ea kopanong. Lihlopha tsa batho ba 20 ho ea ho ba 30 ba eang kopanong li petetsana ka literakeng tse nyenyane, li tsamaea leeto le ka nkang lihora tse 20 kapa ho feta, li khohlopeha, ho chesa ebile ho le marōle. Ba bang ba tsamaea leeto le lelelele ka maoto. Mor’abo rōna e mong o re: “Ha re ea kopanong re ile ra tsamaea ka maoto lik’hilomithara tse 80 tsa pele, re nkile lipanana tse ngata. Re ile ra li rekisa ha re ntse re tsamaea tseleng, re fokotsa moroalo le ho fumana chelete e lekaneng e le hore re ka qetella leeto ka teraka.”

Ba tsamaea ka teraka ho ea kopanong ea setereke

Tumelo e boetse e susumelitse bahoeletsi ba bangata ho hlōla teko ea ho fallela linaheng tse ruileng. Emmanuel Patton, ea fumaneng lengolo Sekolong sa Bibele sa  Barab’abo Rōna ba Masoha, o re: “Re na le tumelo ea hore Jehova o tla re hlokomela. Kaha re phela naheng e hlokang baboleli ba ’Muso, rea hlokomela hore tšebeletso ea rōna ke ea bohlokoa.” (Mat. 6:33) Hona joale Emmanuel o sebeletsa e le moholo ka phuthehong ’me eena le mosali oa hae Eunice ba ikitlaetsa ka matla ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Bo-ntate ba bang ba khetha ho se falle e le hore ba sireletse bonngoe le bomoea ba malapa a bona. Timothy Nyuma, ea kileng a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng ebile e le molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo, o re: “Nke ke ka amohela mosebetsi o tla etsa hore ke be hōle le lelapa la ka ka nako e telele. ’Na le mosali oa ka Florence re isitse bana ba rōna likolong tsa motseng mona ho  e-na le hore re ba ise likolong tse hōle e le hore ba hōlisoe ke batho ba bang.”

Ba bang ba bara le barali babo rōna ba bontšitse tumelo ka hore ba mamelle ho etsa mesebetsi ea Bokreste ho sa tsotellehe mathata a sa tšoaneng ao ba kopanang le ’ona. Kevin Washington, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Bahoeletsi ba bangata ba ba teng boboleling kamehla le ho hlokomela boikarabelo ba bona ba phutheho le hoja ba tobana le mathata a neng a ka etsa hore rōna re itulele hae kapa re lule re tenehile. Ka mohlala, ba bang ba tšoeroe ke mafu a sa foleng ’me ha ba khone ho fumana tlhokomelo ea bongaka le meriana habonolo joaloka libakeng tse ling. Ba bang ba etsa boiteko bo matla ba hore ba tsebe ho bala le ho ngola. Haeba ke ne nka nyatsa tsela eo mor’abo rōna a behileng puo ka eona, ke ne ke ipotsa: ‘Haeba ke ne ke sebetsa, ke kula haholo, ke sa bone hantle mahlong ebile ke se na liborele tsa mahlo, ke se na lingoliloeng tse ngata tsa ho etsa lipatlisiso ’me ke se na le motlakase, na ke ne nke ke ka beha puo ka tsela eo?’”

Ka litsela tsena le tse ling tse ngata, bara le barali babo rōna ba Sierra Leone le Guinea ba tlotlisa Jehova. Joaloka bo-mphato oa bona ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ipuella joaloka basebeletsi ba Molimo “ka ho mamella lintho tse ngata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka . . . joaloka ba futsanehileng empa [ba] ruisa ba bangata, joaloka ba se nang letho ’me leha ho le joalo [ba] e-na le lintho tsohle.”—2 Bakor. 6:4, 10.

Ho Tobana le Bokamoso ka Sebete

Lilemo tse fetang 90 tse fetileng, Alfred Joseph le Leonard Blackman ba ile ba re masimo a Sierra Leone “a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Lilemo tse ka bang 35 hamorao Manuel Diogo o ile a ngola a le Guinea, a re, “Batho ba bangata mona baa thahasella.” Kajeno bahlanka ba Jehova linaheng tsena tse peli ba kholisehile hore ho sa na le batho ba bangata ba tla amohela litaba tse molemo.

 Ka 2012, batho ba 3 479 Guinea ba ile ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste, e leng palo e menang ea bahoeletsi ba naheng eo ka makhetlo a mane le halofo. Ho na le bahoeletsi ba 2 030 Sierra Leone ’me batho ba 7 854 ba ile ba ba teng Sehopotsong, e leng palo e menang ea bahoeletsi ka makhetlo a ka bang a mane. E mong oa batho ba neng ba le teng Sehopotsong e ne e le morali’abo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng ea lilemo li 93, Winifred Remmie eo e leng khale a li bona. Eena le monna oa hae Lichfield, ba ile ba fihla Sierra Leone ka 1963. Ka mor’a lilemo tse 60 a le tšebeletsong ea nako e tletseng o ne a ntse a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng.  Winifred o ile a re: “Ke mang ea neng a ka nahana hore ka letsatsi le leng Sierra Leone e ne e tla tlala bara le barali babo rōna ba matla hakaale moeeng. Le hoja ke tsofetse, ke ntse ke batla ho kenya letsoho keketsehong ena e thabisang.” *

Lipaki Tsa Jehova tsa Sierra Leone le Guinea li ikutloa ka tsela eo Winifred a neng a ikutloa ka eona. Joaloka lifate tse khōlō tse noselitsoeng hantle, li ikemiselitse ho tsoela pele li beha litholoana e le hore li rorise Jehova. (Pes. 1:3) Ka matla ao Jehova a li fang ’ona li tla lula li phatlalatsa tšepo ea ’nete ea tokoloho—e leng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.

Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Collin Attick, Alfred Gunn, Tamba Josiah le Delroy Williamson

^ ser. 16 Winifred Remmie o ile a hlokahala ha tlaleho ena e ntse e ngoloa.