Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 1)

1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 1)

Baromuoa ba Tsoang Gileade Baa Fihla

Ka June 1947, Charles Fitzpatrick, George Richardson le Hubert Gresham, ba tsoang Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ba ile ba fihla Freetown. Bara bana babo rōna e bile bona ba pele har’a baromuoa ba bangata ba ileng ba fihla Freetown.

Baromuoa bao ba ile ba hlokomela hore bahoeletsi ba Freetown ba chesehela ho paka empa ho hlokahala ba koetlisetsoe ho ba mesuoe e nang le bokhoni. (Mat. 28:20) Kahoo, baromuoa ba ile ba qala ho ba ruta ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ba ile ba ba bontša boitsebiso ba morao-rao bo mabapi le liboka tsa phutheho le kamoo mokhatlo oa Molimo o hlophisitsoeng kateng. Ho ile ha tšoaroa seboka sa phatlalatsa Wilberforce Memorial Hall. Batho ba 450 ba ile ba tla sebokeng seo ’me baromuoa ba thaba haholo. Hamorao, ba ile ba etsa hore beke le beke ho be le Letsatsi la Limakasine. Koetliso ena e ile ea matlafatsa phutheho ’me ea rala motheo o motle bakeng sa keketseho e neng e tla ba teng nakong e tlang.

Ka eona nako eo, ho ne ho le thata hore baromuoa ba tloaele boemo ba moo ba leholimo. Ka 1948 ofisi ea lekala e ile ea re: “Maemo a leholimo a Sierra Leone aa hlobaetsa. Pula ea litloebelele e lula e na ka likhoeli tse tšeletseng tsa selemo. Ka linako tse ling ho feta libeke tse peli e sa emise. Nakong eo lipula li sa neng, ho chesa haholo ebile ho mongobo.” Batho ba pele ba Europe ba ileng ba fihla Sierra Leone ba e bitsa lebitla la makhooa. Maloetse a kang malaria, yellow fever le a mang a libakeng tse chesang a atile. Baromuoa ba ile ba kula ka bonngoe eaba ba tlameha ho tsamaea.

 Hoa utloahala hore ebe bahoeletsi ba ile ba nyahamisoa ke maemo ana. Empa ha baa ka ba tela. Selemong sa 1947 ho ea ho sa 1952, bahoeletsi ba ile ba eketseha ho tloha ho 38 ho ea ho 73. Bo-pula-maliboho ba ile ba sebetsa ka thata ho theha phutheho e ncha Waterloo, e leng toropo e pel’a Freetown. Ho ile ha thehoa lihlopha tse ncha tsa ho ithuta Bibele Kissy le Wellington, tseo ka bobeli li leng ka ntle ho toropo ea Freetown. Ho ne ho bonahala hore mosebetsi o tla eketseha Sierra Leone. Empa ke eng e neng e tla etsa hore o eketsehe?

Ketelo e Matlafatsang

Ka November 1952, monna e mong e molelele a bile a le mosesanyane ea lilemo li ka holimo ho 30, o ile a fihla toropong ena e phetheselang ea Freetown ka sekepe a tsoa Amerika. Monna eo e ne e le Milton G. Henschel ea tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki ’me o ile a re: “Ke ile ka makala ha ke bona toropo e tsoetseng pele e hloekile ho feta tse ngata lefatšeng. . . . E e-na le literata tse ntle, mabenkele a phetheselang, likoloi tse ncha le batho ba bangata ba fetang ka tsela.”

Mor’abo rōna Henschel o ile a tsamaea ka maoto ha a ea lehaeng la baromuoa la Freetown, le neng le le haufi le Sefate sa K’hothone se tsebahalang. Ke hona moo a ileng a bolella barab’abo rōna hore Sierra Leone e ne e tla fumana thuso e eketsehileng. Ka Sontaha se latelang, batho ba 253 ba ile ba bokana Wilberforce Memorial Hall ho tla mamela ha a etsa litsebiso tse thabisang tsa hore, Sierra Leone e tla ba le ofisi ea lekala, molebeli oa potoloho le likopano tsa potoloho; ho thehoe phutheho e ncha Kissy; ’me mosebetsi oa boboleli o atolosetsoe liprofinseng tse ling. Bamameli ba ne ba thabile hoo ba sa tsebeng hore ba iketse’ng!

Mor’abo rōna Henschel o ile a re: “Ba ne ba lula ba re  kusheh, e leng lentsoe le bolelang ‘re thabile haholo!’ Barab’abo rōna ba ne ba thabile haholo. Ba ile ba tloha holong ka lihlopha ho se ho le lefifi, . . . ba bang ba bile ba bina.”

William Nushy, e leng moromuoa ea sa tsoa fihla, o ile a khethoa hore a okamele ofisi ea lekala. Pele o ne a sebetsa lik’hasinong tsa United States. Ka mor’a hore e be Mokreste, o ile a tlohela mosebetsi oo ’me a khomarela melao-motheo e lokileng ka tieo—e leng se ileng sa etsa hore a ratoe haholo le ho hlomphuoa ke bahoeletsi ba Sierra Leone.