SIERRA LEONE LE GUINEA
1948-1990 ‘Ho Tlisa ba Bangata ho Lokeng’—Dan.12:3. (Karolo ea 3)
Ho Hlaseloa ke Mokhatlo oa Poro
Tlhaselo ea pele e ile ea hlaha motseng o haufi le Koindu moo ho neng ho lula banna ba neng ba ithuta Bibele ba bile ba e-ea libokeng kamehla. Joaloka banna ba bangata ba Makisi, banna bana e ne e le litho tsa mokhatlo oa sekhukhu o bitsoang Poro, oo litho tsa oona li keneng tloara! tšebelisanong le meea. James Mensah e leng moromuoa ea koetlisitsoeng sekolong sa Gileade sa Bibele eo hape a kileng a sebeletsa Sierra Leone o ile a re: “Moeta-pele oa Poro o ile a halefa hampe ha liithuti tsa Bibele li hana ho etsa meetlo ea bodemona. Eena hammoho le batšehetsi ba hae ba ile ba utsoetsa liithuti tsena tsa Bibele, ba shapa banna ba tsona, ba chesa matlo a tsona, ba li tlama ka liketane eaba ba li siea moo hore li bolaoe ke tlala. Morena oa sehlooho o ile a hlohlelletsa litho tsena tsa Poro ho etsa seo. Ho sa tsotellehe litlhaselo tsena liithuti tsa Bibele li ile tsa ema li tiile.”
Ha barab’abo rōna ba Koindu ba tlaleha taba ena mapoleseng, moeta-pele oa Poro, metsoalle ea hae le morena oa sehlooho ba ile ba tšoaroa, ba qosoa ’me ba khalemeloa ka matla eaba morena oa sehlooho o behelloa ka thōko ka nako e etsang selemo. Tlhōlo ena e ile ea tsebahala hohle motseng, ea etsa hore batho ba bangata ba be sebete ’me ba qale ho ea libokeng. Hamorao, morena oa sehlooho o ile a fetola maikutlo ’me a thahasella ’nete. Ha ho ne ho tšoeroe kopano ea potoloho motseng oa hae, o ile a amohela baeti ba neng ba tlile kopanong ’me a fana ka khomo e khōlō.
Baeta-pele ba bang ba Poro ba ile ba leka ho hlasela ka tsela e ’ngoe—ka mano ba “rera khathatso ka molao-taelo.” (Pes. 94:20) Bo-ralipolotiki bao e leng litho tsa Poro bona ba ile ba etsa tlhahiso ka Paramenteng ea hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibeloe. Charles Chappell o re: “Empa morena oa sehlooho o ile a ema le rōna, a bolella paramente hore o ’nile a ithuta le rōna ka lilemo tse peli. A re mokhatlo oa rōna ha o kene lipolotiking, o ruta sechaba ’me o etsa hore se hlomphe melao ea boitšoaro. Eaba o ba bolella hore o tšepa hore ka letsatsi le leng le eena e tla ba setho sa mokhatlo oa rōna. Setho se seng sa Paramente se kileng sa ithuta le rōna se ile sa mo tšehetsa eaba tlhahiso eo ha e amoheloe.”
Ba ne ba mo soma ba re: “E-re Molimo a u fepe!”
Batho ba ileng ba tlohela mekhatlo ea sekhukhu ba ile ba hanyetsoa haholo ke ba malapa a bona. Baholo-holo ba mohlankana e mong oa Koindu ea bitsoang Jonathan Sellu, e ne e le baprista ba juju. Le eena o ne a koetlisetsoa hore e be moprista. Ha a qala ho ithuta Bibele, o ile a tlohela ho etsa mahlabelo le meetlo ea bodemona. Lelapa labo le ile la mo hanyetsa ka matla, la mo ntša sekolong la ba la mo tima lijo ha a e-ea libokeng tsa Bokreste. Ba ne ba mo soma ba re: “E-re Molimo a u fepe!” Empa, Jonathan o ile a ema a tiile. Ha ho mohla a kileng a lapa. O ile a ithuta ho bala le ho ngola, ’me hamorao ea e-ba pula-maliboho ea kamehla. Jonathan o ile a thaba haholo ha ’mè oa hae a amohela ’nete.
Khōlo Likarolong Tse Ling Tsa Naha
Ka 1960, ho ile ha thehoa liphutheho le lihlopha tse ka thōko Bo, Freetown, Kissy, Koindu, Lunsar, Magburaka, Makeni, Moyamba, Port Loko, Waterloo le ka leboea sebakeng se bitsoang Kabala. Selemong seo bahoeletsi ba ile ba eketseha ho tloha ho 182 ho ea ho 282. Ho ile ha fihla bo-pula-maliboho ba bangata ba khethehileng ba tsoang Ghana le Nigeria ba il’o matlafatsa liphutheho tse ntseng li hōla.
Boholo ba bahoeletsi ba bacha e ne e le Makrio, a lulang Freetown le Makisi a lulang Eastern Province. Empa ha litaba tse molemo li ntse li namela libakeng tse ngata, merabe e meng e ile ea amohela ’nete. Merabe ena e ne e akarelletsa Makuranko, Malimba, Matemne a ka leboea, Mamende a ka boroa le merabe e meng.
Ka 1961, Phutheho ea Freetown East e ile ea nehela Holo ea eona ea ’Muso. Eaba Phutheho ea Koindu e nehela Holo ea ’Muso ea litene tsa mobu e neng e ka nka batho ba 300 ’me ha e sebelisoa e le Holo ea Kopano e buloa hore e nke ba 600. Kapele ka mor’a moo, baholo ba 40 ba ile ba ea Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso—e leng sa pele se ileng sa tšoareloa Sierra Leone. Ntho e ’ngoe e ileng ea etsahala selemong seo ke hore barab’abo rōna ba ile ba abela batho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.
Ho ne ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa batho ba hae. Ka la 28 July, 1962, International Bible Students Association, e leng mokhatlo o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova linaheng tse ngata, o ile oa ngolisoa ka molao ke ’muso oa Sierra Leone.
Mosebetsi oa Boboleli oa Qaleha Guinea
Joale a re bueng ka naha ea boahelani, e leng Guinea (eo pele e neng e bitsoa French Guinea). Pele ho 1958, barab’abo rōna ba seng bakae ba ile ba paka ha ba feta naheng ena, empa ba boholong likoloneng tsa Fora ba ne ba hanyetsa mosebetsi oa rōna. Leha ho le joalo, ka 1958 monyetla o ile oa hlaha eaba Guinea e tsoa tlas’a puso ea Fora ’me ea ipusa.
Hamorao selemong seo, Manuel Diogo, mor’abo rōna ea buang Sefora ea tsoang Dahomey (eo hona joale e leng Benin) ea neng a le lilemo li ka holimonyana ho 30, o ile a qala ho sebetsa morafong oa alominiamo Fria, e leng toropo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ka leboea ho motse-moholo Conakry. Kaha Manuel o ne a labalabela ho paka tšimong ena e ncha, o ile a ngolla lekala la Fora a kōpa lingoliloeng le thuso ea bo-pula-maliboho ba khethehileng. O ile a phetha lengolo la hae ka mantsoe ana: “Ke rapela hore Jehova a hlohonolofatse mosebetsi ona hobane ho na le batho ba bangata ba thahasellang mona.”
Lekala la Fora le ile la ngolla Manuel lengolo le khothatsang ’me la mo phehella hore a lule Guinea ka nako e telele kamoo a ka khonang. Ofisi ea lekala e ile ea boela ea romela pula-maliboho ea khethehileng hore e mo koetlisetse tšebeletso. Sena se ile sa thusa Manuel hore a atlehe ’me a paka ka cheseho Fria ho fihlela a hlokahala ka 1968.
Ha molebeli ea etelang makala ea bitsoang Wilfred Gooch a ne a etetse Conakry ka 1960, o ile a fumana barab’abo rōna ba babeli ba Maafrika ba bolela litaba tse molemo moo. Mor’abo rōna Gooch o ile a etsa tlhahiso ea hore Guinea e hlokomeloe ke lekala la Sierra Leone eseng la Fora. Phetoho ena e ile ea qala ka la 1 March, 1961. Ka mor’a khoeli ha thehoa phutheho ea pele Guinea, motse-moholong oa eona, e leng Conakry.
Leseli la ’Nete le Phunyeletsa Merung ea Lipula
Litaba tse molemo li ile tsa boela tsa namela karolong e ka boroa ea Guinea. Falla Gbondo, e leng Mokisi ea neng a lula Liberia, o ile a khutlela motseng oa habo oa Fodédou, o bohōle ba lik’hilomithara tse 13 ho tloha Guékédou. O ile a tla a nkile buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng Ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape. Falla o ne a sa tsebe ho bala, empa o ne a khona ho hlalosetsa batho ba habo litšoantšo tse bukeng eo. O re: “Buka ena e ile ea etsa hore ke bue le batho ba bangata. Ba ne ba e bitsa buka ea Adama le Eva.”
Falla o ile a khutlela Liberia, a kolobetsoa ’me qetellong ea e-ba pula-maliboho e khethehileng. O ne a ea Fodédou habeli ka khoeli, ho ea ithuta le sehlopha sa batho ba ka bang 30. Ka mor’a nako e seng kae o ile a sebetsa le Borbor Seysey, e leng pula-maliboho e khethehileng ea Mokisi e tsoang Liberia. Ba ile ba theha sehlopha se seng Guékédou. Lihlopha tseo ka bobeli e ile ea e-ba liphutheho.
Ha batho ba bangata ba Makisi e ntse e e-ba Lipaki, marena a ne a khahloa ke boitšoaro ba bona bo botle. Lipaki li ne li sebetsa ka thata, li tšepahala ’me li khothalletsa khotso metseng ea habo tsona. Kahoo, ha barab’abo rōna ba kōpa tumello ea ho haha Holo ea ’Muso Fodédou, ntle ho tikatiko marena a ile a ba fa setša se boholo ba lihekthere tse tharo. Kaho ea Holo eo ea ’Muso—e leng ea pele Guinea—e ile ea phethoa mathoasong a 1964.
Ho Qaleha Meferefere Conakry
Ka nako eo, ho ile ha qaleha meferefere Conakry. Meferefere ea lipolotiki e ile ea etsa hore ba boholong ’musong ba se ke ba tšepa batho ba tsoang linaheng tse ling. Baromuoa ba bane ha baa ka ba fuoa tumello ea ho lula Guinea kahoo ba khutlisetsoa ha habo bona. Barab’abo rōna ba babeli ba Ghana ba ile ba tšoaroa ’me ba qosoa ka bohata eaba ba koalloa chankaneng hoo e ka bang ka likhoeli tse peli.
Ka mor’a hore ba lokolloe, e mong oa bona e leng Emmanuel Awusu-Ansah, o ile a tšoaroa hape eaba o koalloa seleng eo maemo a eona a sa jeseng litheohelang. Ha a le moo seleng e litšila o ile a ngola a re: “Ke phela hantle moeeng, empa ke tšoeroe ke feberu e sa foleng. Leha ho le joalo, ke ntse ke khona ho paka. Khoeling e fetileng ke qetile lihora tse 67 tšimong ’me liithuti tsa ka tse peli li qalile ho bolela litaba tse molemo.” Seithuti se seng se ile sa amohela ’nete. Ka mor’a likhoeli tse hlano, Mor’abo rōna Awusu-Ansah o ile a lokolloa ’me a khutlisetsoa Sierra Leone. Ho ile ha sala mohoeletsi a le mong feela Conakry.
Ka 1969, ha meferefere ea lipolotiki e fokotseha, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba fihla Conakry. Ba ile ba fumana tumello ho ba boholong ’me ba haha Holo ea ’Muso. Ka mor’a nako e seng kae feela batho ba ka bang 30 ba thahasellang ba ne ba e-ba teng libokeng kamehla.
Qalong barab’abo rōna ba ne ba paka ka masene ba tšohile hore ba tla tšoaroa. Empa ha nako e ntse e ea ba ile ba e-ba sebete ’me ba eketsa tšebeletso ea bona. Selemong sa 1973, phutheho eo e nyenyane e ile ea aba lipampitšana tse 6 000. Hamorao, bahoeletsi ba ile ba qala ho aba limakasine liofising le mabenkeleng. Butle-butle, sechaba le ba boholong ’musong ba ile ba qala ho utloisisa mosebetsi oa rōna ’me ba o ananela. Ka la 15 December, 1993, mamello ea bara bao babo rōna le mosebetsi oa bona o thata e ile ea putsoa ka hore mokhatlo oa Christian Association of Jehovah’s Witnesses of Guinea o ngolisoe ka molao.