Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SIERRA LEONE LE GUINEA

Ntho e Molemo ho Feta Litaemane

Tamba Josiah

Ntho e Molemo ho Feta Litaemane
  • O HLAHILE KA 1948

  • O KOLOBELITSOE KA 1972

  • PALE EA BOPHELO BA HAE O ne a sebetsa morafong oa taemane pele a ithuta ’nete. Hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala la Sierra Leone.

KA 1970 ke ile ka sebeletsa k’hamphani ea morafo ea Mabrithani e Tongo Fields, e leng sebaka se ka leboea ho Kenema se ruileng ka taemane. Ha ke ne ke sa sebetse ke ne ke batlana le litaemane. Ha ke li fumane, ke ne ke apara hantle ebe ke ea Kenema ke il’o rekisa mahakoe ao le ho ba le nako e monate.

Ka 1972, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me ka qala ho ithuta Bibele. Likhoeli tse hlano hamorao ke ile ka tšoanelehela kolobetso. Kaha ke ne ke se ke se na matsatsi, ke ile ka kōpa mosebetsi-’moho le ’na hore a sebetse chifi ea ka e le hore nka ea kopanong ea setereke ke il’o kolobetsoa. O ile a lumela empa a re o tla etsa seo haeba feela nka mo fa mokholo oa ka oa beke. Ke ile ka lumellana le seo a neng a se batla hobane ho kolobetsoa ha ka e ne e le habohlokoa ho feta chelete. Ha ke khutla kopanong o ile a re ke se ke ka hlola ke mo patala hobane ho sebeletsa Molimo ke ntho e lokileng. Likhoeli  tse tšeletseng hamorao, ke ile ka tlohela mosebetsi o neng o mpatala chelete e ngata e le hore ke ipolokele matlotlo leholimong, ka hore ke be pula-maliboho ea khethehileng.—Mat. 6:19, 20.

Ka lilemo tse 18, ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng ’me ka ba molebeli oa potoloho likarolong tse fapa-fapaneng tsa naha. Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka nyala Christiana, ea ileng a ntšehetsa ka botšepehi ’me re ile ra hlohonolofatsoa ka morali oa rōna Lynette.

Nkile ka labalabela ho fumana litaemane tsa sebele empa ke fumane ntho e molemo le ho feta—maruo a moea

Nakong ea ntoa ea lehae Sierra Leone, ’na le Christiana re ile ra bula maliboho motseng oa Bo, oo le oona o leng sebakeng se nang le morafo o moholo oa taemane. Ha re le mona re ile ra fumana “litaemane” tse ngata tsa moea—e leng barutuoa ba ’nete ba Bakreste. Lilemong tse ’nè, phutheho e ile ea hōla ka liphesente tse 60. Hona joale Bo e na le liphutheho tse tharo tse ntseng li tsoela pele li hōla.

Ka 2002, ke ile ka mengoa hore ke be setho sa Komiti ea Lekala ea Sierra Leone. ’Na le Christiana re lula haufi le Bethele. Ke ea mosebetsing Bethele letsatsi le letsatsi ha Christiana eena a sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng. Lynette o sebeletsa Bethele ’me o sehlopheng sa bafetoleli sa puo ea Sekrio.

Nkile ka labalabela ho fumana litaemane tsa sebele empa ke fumane ntho e molemo le ho feta—maruo a moea. Ke ile ka boela ka rafa “litaemane” tse 18 tsa moea, kapa barutuoa ba ’nete ba Bakreste. Ruri Jehova o ntlhohonolofalitse ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng.