Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 10

Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe

Ho Feto-fetoha ha Molumo oa Lentsoe

Liproverbia 8:4, 7

NTLHA-KHOLO: Fetisa lintlha tse amang maikutlo a batho ka ho fetola molumo oa lentsoe, lebelo, ho phahama le ho teba ha lentsoe.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Feto-fetola molumo oa lentsoe. Phahamisa lentsoe ha u batla ho hatisa lintlha tsa sehlooho le ho ama lipelo tsa bamameli. U ka etsa se tšoanang le ha u bala likahlolo tse ka Bibeleng. Fokotsa molumo ha u batla hore bamameli ba lebelle ho utloa ka taba e itseng le ha u bua ka ntho e tšosang.

  • Laola ho phahama le ho teba ha lentsoe la hao. Tiisa lentsoe ha u hatisa bohlokoa ba taba, ha u bua ka boholo ba ntho kapa bolelele ba sebaka. Tebisa lentsoe hape ha u bua ka taba e bohloko.

  • Laola lebelo. E-ba sehlahlo ha u bua ka taba e thabisang. Ha u fihla lintlheng tsa bohlokoa, theola lebelo.