Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 12

Mofuthu le ho Nahanela

Mofuthu le ho Nahanela

1 Bathesalonika 2:7, 8

NTLHA-KHOLO: Bua ka tsela e bontšang hore u nahanela batho le hore oa ba tsotella.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Nahana ka bamameli ba hao. Ha u lokisetsa nahana ka mathata ao ba tobaneng le ’ona. Ikenye lieteng tsa bona.

  • Khetha mantsoe hantle. Sepheo sa hao e lokela ho ba ho khothatsa, ho imolla le ho tsosa bamameli molota. Qoba mantsoe a ka ’nang a ba khopisa, hape u se ke oa bua hampe ka batho bao eseng Lipaki kapa oa hobosa bolumeli ba bona.

  • Bontša hore u tsotella bamameli. Tsela eo u buang ka eona le eo u etsang lintho ka eona e lokela ho bontša hore u tsotella bamameli ba hao. Lula u le sefahleho se elileng ’me u bososele khafetsa.