Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 13

Hlakisa Bohlokoa ba Taba

Hlakisa Bohlokoa ba Taba

Liproverbia 3:21

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli hore ba utloisise hore na taba eo u buang ka eona e ba ama joang, u be u ba hlalosetse hore na ba lokela ho etsa’ng ka seo ba ithutang sona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Nahana ka bamameli ba hao. Nahana hore na ke hobane’ng ha bamameli ba lokela ho utloa taba ena le hore na ba ka thusoa ke’ng ka ho khetheha.

  • Nako le nako hlalosetsa bamameli hore na ba lokela ho etsa’ng. Li tloha feela e mong le e mong ea mametseng o lokela hore, ‘Taba ena e tla nthusa.’ Hlakisa hore na ntlha ka ’ngoe ea sehlooho e ka sebetsa joang. Toba taba.