Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 14

Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho

Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho

Baheberu 8:1

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli hore ba tsamaisane le uena ha u ntse u fana puo, ba hlakisetse hore na ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea sehlooho e amana joang le puo kaofela.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Morero oa puo ke ofe? Sheba hore na puo ea hao e reretsoe ho bolella batho taba e itseng, ho ba kholisa, kapa ho ba khothalletsa ho etsa ntho e itseng, ebe u haha puo ea hao o nahanne ka seo. Etsa bonnete ba hore u totobatsa lintlha tsa sehlooho kaofela.

  • Hatisa ntlha ea sehlooho. Nako le nako pheta mantsoe a sehlooho.

  • Etsa hore lintlha tsa sehlooho li hlake. Khetha lintlha tsa sehlooho tse buellang sehlooho se seholo le tseo u ka khonang ho li buella nakong eo u e fuoeng. U se ke oa buella lintlha tse ngata tsa sehlooho. Hlakisa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea sehlooho, khefutsa ho se hokae ha u fetela ntlheng e latelang, u be u etse hore lintlha tsa hao li lumellane.