Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 16

E-ba ea Khothatsang

E-ba ea Khothatsang

Jobo 16:5

NTLHA-KHOLO: Bua haholo ka lintho tse khothatsang le tse matlafatsang tumelo ea bamameli.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Tšepa bamameli ba hao. Kholiseha hore bara le barali beno ba batla ho thabisa Jehova. Le haeba u lokela ho ba khalemela, qala pele ka ho ba babatse moo ho loketseng.

  • U se ke oa bua haholo ka litaba tse bohloko. Bua feela ka litaba tse bohloko ha u batla ho hlakisa ntlha e itseng. Bua haholo ka lintho tse khothatsang.

  • Theha lintlha tsa hao Lentsoeng la Molimo. Totobatsa seo Jehova a se etselitseng batho, seo a ntseng a se etsa, le seo a tla ba etsetsa sona nakong e tlang. Siea bamameli ba hao ba khothetse ebile ba e-na le tšepo.