Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 18

Taba e Ruta Bamameli

Taba e Ruta Bamameli

1 Bakorinthe 9:19-23

NTLHA-KHOLO: Thusa bamameli ho nahana. Etsa hore ho be le taba ea bohlokoa eo ba ithutileng eona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Nahana ka lintho tseo bamameli ba seng ba ntse ba li tseba. Ba thuse hore ba nahanisise ka taba eo u buang ka eona, ho e-na le ho pheta feela lintho tseo ba seng ba ntse ba li tseba.

  • Batlisisa ’me u nahanisise ka taba eo u tl’o bua ka eona. Ha u buella lintlha tsa bohlokoa, qoba ho sebelisa mantsoe a sa tloaelehang kapa ho hlalosa ntlha ea hao ka ho bua ka litaba tsa morao-rao. Nahanisisa kamoo taba eo u buang ka eona e nyallanang kateng le lintlha tseo u batlang ho e tšehetsa ka tsona.

  • Bontša kamoo taba eo u buang ka eona e ka ba tsoelang molemo kateng. Hlalosa kamoo Bibele e ka ba tsoelang molemo kateng bophelong ba letsatsi le letsatsi. Bua ka lintho tse tobileng, mekhoa le liketso tseo bamameli ba li tsebang.