Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 2

U ka Qoqa le Batho Joang?

U ka Qoqa le Batho Joang?

2 Bakorinthe 2:17

NTLHA-KHOLO: Bua ka tsela e etsang hore bamameli ba hao ba bone hore na u ikutloa joang ka bona le ka taba eo u buang ka eona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Rapela Jehova hore a u thuse ha u lokisetsa. Mo kope hore a u thuse hore u se ke oa lula u tšohile empa u tsepamise kelello molaetseng oo u buang ka oona. Khetha lintlha tse ka sehloohong tseo u batlang ho bua ka tsona. Bua ka mantsoe a hao; qoba ho pheta feela se ngotsoeng fatše.

  • Ameha ka bamameli ba hao. Nahana hore na ke hobane’ng ha bamameli ba hao ba lokela ho utloa molaetsa oo. Bua ka lintho tse ba amang. Lintho tseo u li etsang le tsela eo u bonahalang ka eona sefahlehong li lokela ho bontša batho hore u amehile ka bona ebile u na le botsoalle.

  • Sheba bamameli ba hao. Lula u shebile bamameli ha u ntse u bua. Ha u ruta, iphe nako ea ho sheba momameli a le mong ka nako ho e-na le ho ba habanya feela ka mahlo.