Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 20

Sephetho se Amang Pelo

Sephetho se Amang Pelo

Moeklesia 12:13, 14

NTLHA-KHOLO: Ha u lihela likhala, bua ka tsela e tla susumetsa bamameli ho sebelisa seo ba ithutileng sona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Sephetho sa hao se lokela ho lumellana le litaba tsa hao kaofela. Pheta lintlha tsa hao tsa sehlooho.

  • Susumetsa bamameli. Hlakisetsa bamameli hore na ba lokela ho etsa’ng le hore na ke hobane’ng ha ho etsa joalo e le habohlokoa. Bua ho tsoa pelong.

  • Etsa hore sephetho sa hao se be sekhutšoanyane ’me se tobe taba. Ha se nako ea ho qala ho bua ka lintlha tseo u sa buang ka tsona. Ka mantsoe a seng makae feela, siea bamameli ba ikemiselitse ho etsa seo ba ithutileng sona.