KHAOLO 4
Kenyeletsa Mangolo Hantle
Matheu 22:41-45
NTLHA-KHOLO: Pele u bala lengolo, etsa hore bamameli ba tsebe hore na lengolo leo le tl’o bua ka’ng.
KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?
-
Utloisisa hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo leo. Sebelisa lengolo ka leng ka tsela e tla thusa bamameli ba hao ho utloisisa ntlha ea sehlooho e temaneng eo.
-
Bolela hore taba tseo u li buang li tsoa Bibeleng. Ha u bua le batho ba lumelang hore Molimo o teng, hatisa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Sena se tla ba thusa hore ba bone hore ke eona eo re lokelang ho e tšepa.
-
Etsa hore bamameli ba utloe ba batla ho bala lengolo. Botsa potso e tla arajoa ke lengolo, bua ka bothata bo ka rarolloang ke lengolo kapa u bue ka taba e tla hlakisoa ke lengolo.