Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 6

Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo

Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo

Johanne 10:33-36

NTLHA-KHOLO: U se ke oa bala lengolo feela e be ha u le hlalose. Etsa bonnete ba hore bamameli ba hao baa utloa hore na lengolo leo le amana joang le taba eo u buang ka eona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha mantsoe a bohlokoa. Ha u qeta ho bala temana, bua ka mantsoe ao ka ho toba a hatisang ntlha ea hao ea sehlooho. Pheta mantsoe ao, kapa u botse potso e tla etsa hore bamameli ba lemohe hore na mantsoe a bohlokoa ke afe.

  • Hatisa ntlha ea sehlooho. Haeba u hlakiselitse bamameli hore na ke hobane’ng ha u bala lengolo, ba hlalosetse hore na mantsoe a sehlooho a temaneng eo a tšehetsa mabaka ao joang.

  • Toba taba. Tlohela ho bua lintho tse sa amaneng le taba. Kaha u se u ntse u tseba hore na bamameli ba hao ba tseba’ng, khetha hore na u tla hatisa lintlha life e le hore taba eo u buang ka eona e tle e hlake.