Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 7

Bua Litaba Tse Nepahetseng

Bua Litaba Tse Nepahetseng

Luka 1:3

NTLHA-KHOLO: Qotsa libuka tseo batho ba li tšepang ho thusa bamameli ba hao ho etsa qeto e nepahetseng.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Sheba libuka tseo batho ba li tšepang. Seo u se buang se lokela ho thehoa Lentsoeng la Molimo, ha ho khoneha le bale. Haeba u bua ka taba ea saense, u qotsa se builoeng litabeng, mecheng e meng ea litaba, kapa u bua ka taba e etsahaletseng motho e mong, batlisisa hore na taba eo e ka tšeptjoa le hore na e sa le joalo.

  • Sebelisa lintho tseo u li qotsitseng hantle. Hlalosa mangolo ka tsela e lumellanang le seo ho buuoang ka sona, e lumellanang le molaetsa oa Bibele le e lumellanang le lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Ha u qotsa libuka tse ngotsoeng ke batho ba bang, u se ke oa fetola seo mongoli a se ngotseng le sepheo seo a ngotseng ka sona.

  • Hlalosa mabaka. Ha u qeta ho bala lengolo kapa u qeta ho qotsa buka e itseng, ka bohlale botsa lipotso kapa u etse papiso e tla thusa bamameli hore ba etse qeto e nepahetseng.