Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 8

U ka Etsa Lipapiso Joang?

U ka Etsa Lipapiso Joang?

Matheu 13:34, 35

NTLHA-KHOLO: Natefisa litaba tseo u li buang ka ho etsa lipapiso tse bonolo le tseo bamameli ba hao ba tla li utloisisa le ho rua molemo ho tsona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha lipapiso tse bonolo. Joaloka Jesu, bua mantsoe a bonolo empa a hlalosa litaba tse tebileng. Qoba ho kenyelletsa lintho tse ngata tse tla thatafatsa papiso ea hao. Etsa bonnete ba hore ntho eo u etsang papiso ka eona e lumellana le taba eo u buang ka eona, e le hore u se ke oa ferekanya bamameli ka litaba tse sa tšoaneng.

  • Nahana ka lintho tse tla thusa bamameli ba hao. Khetha lipapiso tse buang ka lintho tseo bamameli ba hao ba ka li thabelang. Hlokomela hore lipapiso tseo li se ke tsa khopisa bamameli kapa tsa ba hlabisa lihlong.

  • E be tse hatisang ntlha ea sehlooho. Etsa hore lipapiso tsa hao e be tse buellang lintlha tsa sehlooho, eseng lintlha tsohle tse puong. Etsa hore bamameli ba se ke ba hopola feela papiso, empa ba hopole le hore na ba ithutile’ng ho eona.