Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 9

Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang

Ruta ka Lintho Tseo Batho ba ka li Bonang

Genese 15:5

NTLHA-KHOLO: E le hore bamameli ba tle ba hopole lintlha tsa bohlokoa ’me li ba hlakele, ruta ka lintho tseo ba ka li bonang.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Khetha lintho tse tla hlakisa ntlha ea hao. Bontša bamameli litšoantšo, limmapa, kapa lintho tse ling tse tla hlakisa lintlha tsa sehlooho, eseng lintlha tsohle tse puong. Ba thuse hore ba se ke ba hopola feela seo u ba bontšitseng sona, empa hore na ba ithutile’ng ho sona.

  • Etsa bonnete ba hore bamameli ba hao ba bona ntho eo u batlang ho ba bontša eona.