Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

“Le tšoanetse hore ebe le mesuoe.” (Baheb. 5:12) Nahana feela! Jehova e leng Mosuoe ea hloahloa ka ho fetisisa o re re rute batho ba bang ka eena! Ke tlotla e kholo ho ruta batho ka Jehova, ebang ke ka lapeng, phuthehong, kapa tšimong. Re ka etsa seo joang?

Karabo re e fumana mantsoeng ao moapostola Pauluse a ileng a a ngolla Timothea, a reng: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Ka ho etsa sena u tla ipholosa ’me u pholose le ba u mamelang.” (1 Tim. 4:13, 16) Molaetsa ona o tla pholosa batho. Ka lebaka lena ke habohlokoa hore u tsoele pele u ntlafatsa tsela eo u balang ka eona le eo u rutang ka eona. Bukana ena e reretsoe ho u thusa ho etsa sona seo. A re ke re u amele hore na e tšoere’ng.

Temana e hlahang qalong ea khaolo ka ’ngoe e bua ka molao-motheo oa Bibele o hatisoang khaolong eo kapa mohlala oa taba eo ho buuoang ka eona khaolong eo

Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esa. 30:20) Le hoja bukana ena e tla u thusa ho chorisa bokhoni ba hao ha u bala le ha u ruta, u se ke oa lebala hore molaetsa ona o tsoa ho Jehova le hore ke eena ea hulang batho. (Joh. 6:44) Ka hona, mo kope hore a u fe moea o halalelang. Kamehla balla batho Lentsoe la Molimo. Isa thoriso ho Jehova eseng ho uena. Thusa bamameli ba hao hore ba rate Jehova ho tsoa botebong ba lipelo tsa bona.

Molimo o re memetse hore re rute batho molaetsa oa bohlokoa ka ho fetisisa. Re kholisehile hore joang kapa joang u tla atleha haeba u itšetleha ka “matla ao Molimo a fanang ka ’ona.”—1 Pet. 4:11.

Basebetsi-’moho le lona,

Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova