KHAOLO EA 2
Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
1, 2. Ke’ng e etsang hore Bibele e be mpho ea bohlokoa?
U IKUTLOA joang ha motsoalle oa hao a u fa mpho? Oa e thabela ebile u thabela le hore ebe motsoalle oa hao o ile a nahana ka uena, ebe oa mo leboha.
2 Bibele ke mpho e tsoang ho Molimo. E re bolella lintho tseo re neng re ke ke ra li fumana kae kapa kae. Ka mohlala, e re bolella hore Molimo o bopile leholimo, lefatše, monna oa pele le mosali oa pele. E re fa likeletso tse ka re thusang ha re e-na le mathata. Bibele e re bolella hore na Molimo o tla phetha morero oa hae joang oa ho lokisa lefatše. Ha ho na buka e bohlokoa joaloka Bibele.
3. U tla ithuta eng ha u ntse u bala Bibele?
3 Ha u ntse u bala Bibele, u tla ithuta hore Molimo o batla hore u be motsoalle oa hae. Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka eena, setsoalle sa hao le eena se tla tiea le ho feta.
4. Ke’ng eo u e ratang ka Bibele?
4 Bibele e fetoletsoe ka lipuo tse fetang 3 200 ’me ho se ho hatisitsoe tse libilione. Batho ba libilione lefatšeng ka bophara ba ka khona ho bala Bibele ka puo ea bona. Beke le beke, batho ba fetang milione ba fumana Bibele. Kannete, ha ho buka e tšoanang le Bibele.
5. Bibele e re kholisa joang hore e tsoa ho Molimo?
5 Bibele e “bululetsoe ke Molimo.” (Bala 2 Timothea 3:16.) Empa batho ba bang ha ba lumele hore Bibele e tsoa ho Molimo hobane ba re e ngotsoe ke batho. Leha ho le joalo, Bibele eona e re: “Batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa [kapa ba tataisoa] ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Ho tšoana le ha ntate-moholo a re e mong oa litloholo tsa hae a ngole lengolo a bile a mo bolella hore na a ngole eng lengolong leo. Ha e le hantle, lengolo leo ke la ntate-moholo, eseng setloholo sa hae. Ka tsela e tšoanang, mongoli oa Bibele ke Molimo, eseng banna bao a ba sebelisitseng ho e ngola. Molimo o ile a ba tataisa hore ba ngole maikutlo a hae. Ha e le hantle, Bibele ke “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13; sheba tlhaloso ea bobeli lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.
BIBELE E NEPAHETSE
6, 7. Na Bibele ea itoantša?
6 Bibele e ngotsoe ka lilemo tse fetang 1 600. Bangoli ba *
eona ba phetse ka linako tse sa tšoaneng. Ba bang ba ne ba rutehile, ha ba bang bona ba sa ruteha. Ka mohlala, e mong e ne e le ngaka. Ba bang e ne e le lihoai, batšoasi ba litlhapi, balisa, baprofeta, baahloli le marena. Le hoja Bibele e ngotsoe ke batho ba fapaneng, ea lumellana. Ha ho mohla e itoantšang.7 Likhaolo tse qalang tsa Bibele li re bolella kamoo mathata a qalileng kateng lefatšeng, ’me likhaolo tse qetellang li re bolella kamoo Molimo a tla a rarolla kateng ha a etsa lefatše paradeise. Bibele ea bontša hore kamehla morero oa Molimo oa phethahala.
8. Fana ka mehlala e bontšang hore Bibele e nepahetse litabeng tsa lithuto tsa mahlale.
8 Bibele ha se buka ea lithuto tsa mahlale, empa hohle moo e buang ka tsona teng e nepahetse. Taba ena ha e makatse kaha ke buka e tsoang ho Molimo. Ka mohlala, bukeng ea Levitike ho na le litaelo tseo Molimo a neng a li file Baiseraele ho thibela ho ata ha mafu a tšoaetsanoang. Litaelo tsena li ngotsoe nako e telele pele batho ba tseba hore na likokoana-hloko li baka mafu joang. Bibele e boetse e bua ’nete ha e re lefatše le leketlile holim’a lefeela. (Jobo 26:7) Hape batho ba ne ba lumela hore lefatše le sepapetloa. Empa Bibele eona e ile ea re ke selikalikoe ’me e ne e nepile.—Esaia 40:22.
9. Ho tšepahala ha bangoli ba Bibele ho bontša’ng?
9 Hohle moo Bibele e buang ka litaba tsa histori e nepahetse. Empa libuka tse ngata tsa histori ha li tlalehe lintho ka nepo, kaha bangoli ba tsona ha ba tšepahale. Ka mohlala, ka linako tse ling ha ba tlalehe ha linaha tsa habo bona li hlotsoe ntoeng. Empa bangoli ba Bibele bona ba Numere 20:2-12) Ho tšepahala ha bangoli ba Bibele ho bontša ka ho hlaka hore Bibele e tsoa ho Molimo le hore re ka e tšepa.
ile ba tlaleha lintho ka nepo leha Iseraele e hlotsoe. Ba ile ba tlaleha le liphoso tsa bona. Ka mohlala, bukeng ea Numere, Moshe o tlalehile phoso e tebileng eo a ileng a e etsa le kamoo Molimo a ileng a mo khalemela ka lebaka la eona. (BUKA E NANG LE LIKELETSO TSA BOHLOKOA
10. Ke hobane’ng ha keletso ea Bibele e re tsoela molemo mehleng ena?
10 Bibele e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho.’ (2 Timothea 3:16) Keletso ea Bibele e re tsoela molemo mehleng ena. Kaha Jehova ke eena ea re bopileng, o utloisisa tsela eo re nahanang le ho ikutloa ka eona. O re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng ’me o batla hore re thabe. O tseba lintho tse molemo le tse kotsi ho rona.
11, 12. (a) Likeletso tsa Jesu tse hlahang ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho 7 li ka re thusa joang? (b) Bibele e boetse e re fa keletso tse ka re thusang joang?
11 Matheu khaolo ea 5 ho ea ho 7 e na le likeletso tseo Jesu a ileng a fana ka tsona tse tla re thusa ho thaba, ho sebelisana hantle le ba bang, ho re bontša hore na re rapele joang le hore na re ikutloe joang ka chelete. Le hoja a fane ka keletso ena lilemo tse ngata tse fetileng, e ntse e re tsoela molemo le mehleng ena.
12 Bibele e boetse e re fa likeletso tse ka re thusang ho sebetsa ka thata le ho phelisana ka khotso le ba bang. Hape likeletso tseo lia re bontša hore na re ka etsa’ng hore malapa a rona a thabe. Likeletso tsa Bibele lia re thusa ho sa tsotellehe hore na re bo-mang, re lula hokae kapa re na Esaia 48:17; sheba tlhaloso ea boraro lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.
le mathata a mofuta ofe.—BalaU KA TŠEPA BOPROFETA BA BIBELE
13. Esaia o ile a profeta hore ho ne ho tla etsahala’ng ka motse oa Babylona?
13 Lintho tse ngata tse profetiloeng ka Bibeleng li se li phethahetse. Ka mohlala, Esaia o ile a profeta hore Babylona e ne e tla timetsoa. (Esaia 13:19) O ile a bolela ka ho hlaka hore na motse oo o ne o tla timetsoa joang. Motse oo o ne o e-na le liheke tse kholo ebile o pota-potiloe ke noka. Empa Esaia o ile a bolela esale pele hore masole a neng a tla hlasela Babylona a ne a tla pshesa noka eo, a be a fumane liheke li butsoe. A ne a tla hapa motse oo a sa loana le ho loana. Esaia o ile a ba a profeta hore monna ea bitsoang Cyruse o ne a tla hlola Babylona.—Bala Esaia 44:27–45:2; sheba tlhaloso ea bone lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.
14, 15. Boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala joang?
14 Lilemo tse makholo a mabeli ka mor’a hore boprofeta boo bo ngoloe, Babylona e ile ea hlaseloa. Lebotho le hlaselang le ne le eteletsoe pele ke mang? Feela joalokaha ho ne ho profetiloe, le ne le eteletsoe pele ke Morena Cyruse oa Persia. Lintho tse ling tsohle tse neng li profetiloe le tsona li ile tsa phethahala.
15 Bosiung boo Bababylona ba ileng ba hlaseloa ka bona, ba ne ba entse mokete. Ba ne ba ikutloa ba sireletsehile kaha ba ne ba pota-potiloe ke marako a maholohali le noka. Cyruse le lebotho la hae ba ile ba cheka foro ka ntle ho motse e le ho khelosa metsi a noka. Metsi a ile a fokotseha hoo lebotho la Persia le ileng la khona ho tšela le tsamaea ka maoto. Empa lebotho lee le ne le tla kena
joang ha e le moo motse o ne o pota-potiloe ke marako? Feela joalokaha ho ne ho profetiloe, liheke tsa motse li ne li siiloe li butsoe, kahoo lebotho leo la hapa motse le sa loane le ho loana.16. (a) Esaia o ile a profeta eng ka Babylona? (b) Ke’ng e pakang hore boprofeta boo bo ile ba phethahala?
Esaia 13:20) Boprofeta boo bo ile ba phethahala. Ho na le sebaka ka boroa ho motse oa Baghdad naheng ea Iraq, moo Babylona e neng e le hona teng. Sebaka seo se setse e le lithako feela. Le kajeno ha ho na motho ea lulang moo. Jehova o ile a timetsa Babylona kapa a e fiela “ka lefielo la pheliso.”—Esaia 14:22, 23. *
16 Esaia o ile a profeta hore ha ho na batho ba neng ba tla hlola ba lula Babylona. O ile a re: “E ke ke ea hlola e e-ba le baahi, kapa e be teng molokong o mong ka mor’a o mong.” (17. Ke eng e re kholisang hore Molimo o tla phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae?
17 Taba ea hore boprofeta bo bongata ba Bibele bo se bo phethahetse, e bontša hore re ka tšepa lintho tseo Bibele e li buang ka bokamoso. Re ka kholiseha hore Jehova o tla Numere 23:19.) Ha e le hantle, re na le tšepo ea “bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—Tite 1:2. *
phethahatsa tšepiso ea hae ea ho etsa lefatše paradeise. (BalaBIBELE E KA FETOLA BOPHELO BA HAO
18. Pauluse o ile a re’ng ka “lentsoe la Molimo?”
18 Re se re ithutile hore ha ho na buka e tšoanang le Bibele. Ea lumellana ebile ea nepa hohle moo e buang ka litaba tsa lithuto tsa mahlale kapa tsa histori. E boetse e fana ka likeletso tse molemo ’me e tlalehile le boprofeta bo bongata bo seng bo phethahetse. Empa Bibele ha e felle moo. Moapostola Pauluse o ile a re: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” O ne a bolela’ng?—Bala Baheberu 4:12.
19, 20. (a) Bibele e ka u thusa joang hore u itsebe hantle? (b) U ka etsa’ng ho bontša hore u ananela Bibele?
19 Bibele e ka fetola bophelo ba hao. E ka u thusa hore u itsebe hantle. Ka linako tse ling re ka ’na ra re re rata Molimo. Empa eare ha re ntse re ithuta Bibele, ra hlokomela hore re lokela ho bontša hore re rata Molimo ka ho mamela litaelo tsa hae, eseng ka ho bua feela hore rea mo rata.
20 Bibele ke buka e tsoang ho Molimo. O batla hore u e bale, u ithute eona u be u e rate. Ananela mpho ena, ’me u tsoele pele ho ithuta eona. Ha u etsa joalo, u tla tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a bopile batho. Khaolong e latelang, re tla ithuta haholoanyane ka morero ona.
^ ser. 6 Batho ba bang ba re Bibele ea itoantša, empa ha ba bue ’nete. Sheba khaolo ea 7 bukeng ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 16 Haeba u batla ho ithuta haholoanyane ka boprofeta ba Bibele, u ka bala bukana ea Buka ea Batho Bohle leqepheng la 27-29, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 17 Ho timetsoa ha Babylona ke o mong feela oa mehlala ea boprofeta bo ka Bibeleng bo seng bo phethahetse. U ka bala boprofeta bo bong bo mabapi le Jesu Kreste tlhalosong ea bohlano lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.