Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Selelekela sa Karolo ea 1

Selelekela sa Karolo ea 1

Bibele e qala ka ho re bolella kamoo lintho li bopiloeng kateng. E boetse e re bolella lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng leholimong le lefatšeng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a bone lintho tse ntle tseo Jehova a li bopileng. Mo bolelle hore Molimo o entse motho e le ea phahametseng liphoofolo hobane motho eena o tseba ho bua, o tseba ho nahana le ho qapa lintho, o tseba ho bina, hape o tseba ho rapela. Mo thuse ho lemoha hore Jehova o matla ebile o bohlale le hore o rata popo eohle ea hae, ho akareletsa le rona.

KAROLONG ENA

THUTO EA 1

Molimo o Entse Leholimo le Lefatše

Bibele e re Molimo o bopile leholimo le lefatše. Empa na u ua tseba hore na Molimo o bopile lengeloi lefe pele a etsa batho le lintho tse ling kaofela?

THUTO EA 2

Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Molimo o bopile monna oa pele le mosali oa pele eaba o ba beha serapeng sa Edene. O ne a batla hore ba qale lelapa le ho etsa hore lefatše lohle e be paradeise.