Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 63

Mongolo Leboteng

Mongolo Leboteng

Ha nako e ntse e ea, Belshatsare e ile ea e-ba morena e mocha oa Babylona. Bosiung bo bong, o ile a mema matona a hae a sekete hore a tle moketeng. A re bahlanka ba hae ba tlise lijana tsa khauta tseo Nebukadnezare a li nkileng tempeleng ea Jehova. Belshatsare le baeti ba hae ba noella lijaneng tseo ’me ba rorisa melimo ea bona. Eaba ka tšohanyetso ho hlaha letsoho le leholo ’me le qala ho ngola mantsoe a makatsang leboteng la kamore ea ho jela.

Belshatsare o ile a tšoha haholo. Eaba o bitsa maselamose ’me o re ho ’ona: ‘Motho ea ka ntlhalosetsang hore na mantsoe ana a bolela’ng, ke tla mo phahamisa boreneng ba Babylona.’ Maselamose ao a ’na a leka ka bonngoe ho hlalosa mantsoe ao, empa a hloleha. Eaba mofumahali o re: ‘Ho na le monna e mong ea bitsoang Daniele ea neng a atisa ho hlalosetsa Nebukadnezare lintho. A ka u hlalosetsa hore na mantsoe ana a bolela’ng.’

Kahoo, Daniele a tla ho morena. Belshatsare a re ho eena: ‘Ha u ka ntlhalosetsa hore na mantsoe ana a bolela’ng, ke tla u fa sefaha sa khauta ke be ke u phahamise boreneng ba Babylona.’ Daniele a re: ‘Ha ke batle limpho tsa hao, empa ke tla u bolella hore na mantsoe ana a bolela’ng. Ntate oa hao, Nebukadnezare, o ne a ikhohomosa ’me Jehova o ile a mo kokobetsa. U tseba se mo etsahaletseng, empa u ntse u sa hlomphe Jehova kaha u noella veine lijaneng tsa khauta tse nkiloeng ka tempeleng ea hae. Kahoo, Molimo o ngotse mantsoe ana: Mene, Mene, Tekel le Parsin. Mantsoe ana a bolela hore Bamede le Bapersia ba tl’o hapa Babylona ’me ha u sa tla hlola u e-ba morena.’

Ho ne ho sa bonahale eka ho na le motho ea ka hapang Babylona. Motse oo o ne o sirelelitsoe ka marako a maholo ebile o pota-potiloe ke noka e kholo. Empa hona bosiung boo, Bamede le Bapersia ba o hlasela. Morena Cyruse oa Persia o ile a khelosa metsi a noka e le hore masole a hae a fihle likeiting tsa motse ’me ha a fihla likeiting, a fumana li butsoe. Kahoo, masole a kena, eaba a hapa motse ’me a bolaea morena. Ka mor’a moo, Cyruse ea e-ba eena ea busang Babylona.

Le pele selemo se fela, Cyruse a re: ‘Jehova o ntaetse hore ke tsosolose tempele ea hae e Jerusalema. Motho leha e le ofe ea mo rapelang ea batlang ho ea e tsosolosa a ka tsamaea.’ Kahoo, feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse, Bajuda ba bangata ba ile ba khutlela Jerusalema lilemo tse 70 ka mor’a hore e felisoe. Eaba Cyruse o khutlisa lijana tsa khauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng. Na oa bona hore na Jehova o ile a sebelisa Cyruse joang ho thusa batho ba hae?

“O oele! Babylona e Moholo o oele, ’me o fetohile sebaka sa bolulo sa bademona.”—Tšenolo 18:2