Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 93

Jesu o Khutlela Leholimong

Jesu o Khutlela Leholimong

Jesu o ile a kopana le barutuoa ba hae Galilea. Eaba o ba fa taelo ea bohlokoa, a re: ‘E-eang ’me le etse batho barutuoa lefatšeng lohle. Le ba rute lintho tsohle tseo ke le rutileng tsona, le ba kolobetse.’ A ba tšepisa a re: ‘Hopolang, ke na le lona kamehla.’

Matsatsi a 40 ka mor’a hore a tsosoe bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae ba makholo Galilea le Jerusalema. O ile a ba ruta lithuto tsa bohlokoa a ba a etsa mehlolo e mengata. Eaba o kopana le baapostola ba hae Thabeng ea Mehloaare ka lekhetlo la ho qetela.

Jesu o ne a ile a re ho bona: ‘Le se ke la tloha Jerusalema. Le lule le lebeletse seo Ntate a se tšepisitseng.’ Baapostola ha baa ka ba utloisisa hore na o ne a re’ng. Kahoo, ba mo botsa ba re: ‘Na joale u se u tl’o ba Morena oa Iseraele?’ Jesu a ba araba a re: ‘Nako ea hore Jehova a nketse Morena ha e-s’o fihle. Haufinyane le tla amohela matla a moea o halalelang ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, Judea le Samaria le ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.’

Joale Jesu a nyolohela leholimong, eaba leru lea mo koahela. Barutuoa ba hae ne ba ntse ba mo shebile.

Eaba barutuoa ba tloha Thabeng ea Mehloaare ba khutlela Jerusalema. Kamehla ba ne ba kopana kamoreng e ka holimo ’me ba rapela. Ba ne ba emetse hore Jesu a tle a ba fe litaelo tse eketsehileng.

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14