THUTO EA 19
Likotlo Tse Tharo Tse Qalang
Baiseraele ba ile ba qobelloa hore ba sebetse ka thata e le makhoba. Jehova o ile a roma Moshe le Arone ho Faro, a re ba re ho eena: ‘Tlohela sechaba sa ka hore se tsamaee se il’o ntšebeletsa lefeelleng.’ Faro a araba ka boikhohomoso a re: ‘Ha ke na taba hore na Jehova o re’ng. Nke ke ka lokolla Baiseraele.’ Eaba Faro o ba sebelisa ka thata le ho feta. Jehova o ne a sa rate seo a se etsang. Na oa tseba hore na o ile a etsa’ng? O ile a tlisetsa Baegepeta Likotlo Tse Leshome. Eaba Jehova o re ho Moshe: ‘Faro ha aa ’mamele. Hoseng o tl’o ea Nokeng ea Nile. E-ea u mo bolelle hore kaha ha a batle ho lokolla batho ba ka, metsi a Noka ea Nile a tla fetoha mali.’ Eaba Moshe le Arone ba ea ho Faro. Arone a otla metsi a Noka ea Nile ka molamu, eaba a fetoha mali Faro a ntse a shebile. Metsi a Noka ea Nile a qala ho nkha ’me litlhapi tsa shoa le batho ba hloka metsi ao ba a noang. Empa Faro a ’na a hana ho lokolla Baiseraele.
Ka mor’a matsatsi a supileng, Jehova a re Moshe a khutlele ho Faro, a re ho eena: ‘Haeba u sa tlohelle batho ba ka hore ba tsamaee, naha eohle ea Egepeta e tla tlala linqanqane.’ Eaba Arone o phahamisa molamu oa hae ’me linqanqana tsa tlala hohle. Tsa kena ka matlung, libetheng le ka lijaneng. E le tsona feela hohle mona! Faro a re Moshe a kope Jehova hore a tlose linqanqana tseo. A tšepisa hore o tla lokolla Baiseraele. Kahoo, Jehova a felisa kotlo eo ’me Baegepeta ba bokella linqanqane tse shoeleng, ba li etsa liqubu tse ngata. Naha ea qala ho nkha. Empa Faro a boela a hana ho lokolla Baiseraele.
Jehova a re ho Moshe: ‘E-re Arone a otle fatše ka molamu oa hae ’me mobu o tla fetoha menoang e lomang habohloko.’ Hang-hang menoang ea tlala hohle. Eaba Baegepeta ba bang ba re ho Faro: ‘Kotlo ena e tsoa ho Molimo.’ Empa Faro ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba tsamaee.
“Ke tla etsa hore ba tsebe letsoho la ka le matla a ka, ’me ba tla lokela ho tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”—Jeremia 16:21