Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 15

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Ha Josefa a ntse a le teronkong, morena oa Egepeta ea bitsoang Faro, o ile a lora litoro tseo ho neng ho se motho ea ka li hlalosang. Mohlanka e mong oa Faro a mo bolella hore Josefa a ka khona ho hlalosa litoro tseo. Eaba Faro o re Josefa a bitsoe hang-hang.

Faro a mo botsa, a re: ‘Na u ka khona ho hlalosa litoro tsa ka?’ Josefa a re ho Faro: ‘Egepeta e tla ba le lijo tse ngata ka lilemo tse supileng ’me ka mor’a moo ho be le tlala ka lilemo tse ling tse supileng. Khetha motho ea bohlale hore a bokelle lijo e le hore sechaba sa hao se se ke sa bolaoa ke tlala.’ Faro a re: ‘Ke khetha uena! U tla ba motho ea phahameng haholo mona Egepeta!’ Josefa o tsebile joang hore na litoro tsa Faro li bolela’ng? O ne a thusitsoe ke Jehova.

Josefa o ile a qeta lilemo tse supileng tse latelang a ntse a bokella lijo. Ka mor’a moo, ha e-ba le tlala hohle, feela joalokaha a buile. Batho ba tsoang libakeng tse ling ba ne ba tla ho tla reka lijo ho eena. Jakobo, ntate oa Josefa, o ne a utloetse hore ho na le lijo Egepeta, eaba o roma bara ba hae ba leshome hore ba il’o li reka.

Bara ba Jakobo ba ile ba ea ho Josefa ’me hang-hang a bona hore ke banab’abo. Empa bona ba ne ba sa tsebe hore ke Josefa. Ba mo khumamela, feela joalokaha Josefa a ne a lorile ha a sa le monyenyane. Josefa o ne a batla ho bona hore na banab’abo ba ntse ba le pelo e mpe kapa che. Eaba o re ho bona: ‘Le lihloela. Le batla ho bona hore na naha ea rona e fokola hokae.’ Ba re: ‘Che! Re tsoa Kanana ebile re bana ba motho. Ha re felletse re 12. Ngoan’abo rona e mong o shoele, athe e monyenyane o setse hae le Ntate oa rona.’ Josefa a re ho bona: ‘Ha ke le kholoe. Tloong le eena ke mo bone.’ Kahoo, ba khutlela hae ho ntate oa bona.

Ha lijo tseo li fela, Jakobo a boela a roma bara ba hae Egepeta. Lekhetlong lena ba tsamaea le Benjamine, ngoan’abo bona e monyenyane. E le ho ba leka, Josefa a pata lebekere la hae la silevera ka mokotleng oa Benjamine ’me a re banab’abo ba le utsoitse. Ba ile ba tšoha ha bahlanka ba Josefa ba fumana lebekere leo ka mokotleng oa Benjamine. Ba kopa Josefa hore a mpe a fe bona kotlo ho e-na le ho e fa Benjamine.

Joale Josefa a bona hore banab’abo ba fetohile. O ne a se a sa khone ho itšoara. A qala ho lla haholo ’me a re: ‘Ke ’na Josefa, ngoan’abo lona. Na ntate o ntse a phela?’ Banab’abo ba makala haholo. A re ho bona: ‘Le se ke la utloa bohloko ka seo le nkentseng sona. Molimo o ntlisitse mona hore ke khone ho le thusa. Joale potlakang ’me le tle le ntate.’

Ba khutlela hae, ba bolella ntate oa bona sohle se etsahetseng ’me ba ea le eena Egepeta. Ka mor’a lilemo tse ngata, Josefa le ntate oa hae ba boela ba kopana.

“Haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.”—Matheu 6:15